Bana ba Matsoalong
Ha shoalane e tšoara u bona bana ba likete ba tsamaea ba sa roala lieta litseleng tsa Uganda leboea. Ba tloha metseng ea habo bona e libakeng tse ka thōko pele ho fifala ba ea metseng e meholoanyane, e kang Gulu, Kitgum le Lira. Ha ba fihla moo, baa phasalla ba bang ba ea mehahong e itseng, ba bang ba ea liteisheneng tsa libese, ha ba bang bona ba ea lirapeng tsa boikhathollo le mabaleng. Ha letsatsi le chaba, u ba bona hape litseleng, ba khutlela mahae. Ke hobane’ng ha ba etsa ntho ee e sa tloaelehang?
BATHO ba bang ba re ba sebetsa bosiu. Empa bacha bana ha ba sebetse bosiu. Ba tloha mahae pele shoalane e tšoara hobane ka mor’a shoalane, mahae abo bona a libakeng tse ka thōko e ba sebaka se kotsi.
Likhukhuni li qetile lilemo tse ka bang 20 li hlasela metse e libakeng tseo tse ka thōko ’me li koetela bana. Selemo le selemo li utsoa bashemane le banana ba makholo malapeng abo bona li ntan’o ipata ka morung o teteaneng. Hangata bana ba koeteloa bosiu ebe marabele ao a ba etsa masole, a ba jarisa lithōtō a be a ba qobelle ho kopanela liphate le ’ona. Haeba bana ba koetetsoeng ba sa batle ho etsa seo ho thoeng ba se etse, baholehi ba bona ba ka ’na ba ba poma linko kapa melomo. Ba khaoletsoang ba leka ho baleha ba bolaoa ka tsela e sehlōhō hoo re ke keng ra e hlalosa.
Ho na le bana ba bang ba banyenyane bao bokhukhuni bo ba entseng hampe. Bacha ba Sierra Leone ba khaohileng litho e ne e sa le masea a ithutang ho tsamaea ha banna ba nkileng mekhoepha ea lithipa ba fihla ba ba khaola matsoho le maoto. Bashemane le banana ba Afghanistan ba bapala ka liqhomane tse shebahalang joaloka ka lirurubele ebe ba khaoha menoana ba be ba tsoe mahlo ha “lirurubele tseo tsa papali” tse mebala-bala li phatloha.
Bacha ba bang ba angoang ke liketso tsa bokhukhuni bona ba etsahalloa ke taba e fapaneng. Ka mohlala, ho batho ba 168 ba ileng ba bolaoa tlhaselong ea bokhukhuni Oklahoma City, U.S.A., ka 1995, ba 19 e ne e le bana, ba bang ba bona ba bile ba ntse ba kenya maleiri. Bomo e ile ea bolaea bana bao ka ho panya ha leihlo, feela joalokaha moea o matla o tima kerese e ntseng e paitsa. Ketso eo ea bokhukhuni e ile ea ba amoha tokelo ea ho ba bana, ea ho bapala le ho tšeha le ea ho sikoa ke bo-’mè le bo-ntate ba bona.
Liketsahalo tsena ke tsa morao tjena, empa moloko oa batho o ’nile oa hlaseloa ka liketso tse mabifi tsa bokhukhuni ka makholo a lilemo, joalokaha re tla bona.
[Lebokose le leqepheng la 3]
BA ITOKISELLETSA LEFU LA NGOANA OA BONA
“Hoseng hona, ha ke tsoha mor’a ka ea lilemo li 11, o ile a botsa a re, ‘Na tsatsing lee likhukhuni li se li hlasetse?’” Ao ke mantsoe a ngotsoeng ke mongoli David Grossman ha a bua ka liketso tse mabifi tse etsahalang naheng ea habo. O ile a tsoela pele a re: “Mora oa ka o tšohile.”
Lilemong tsa morao tjena, litlhaselo tsa bokhukhuni li bolaile bana ba bangata hoo batsoali ba bang ba itokiselletsang boemo ba ha bana ba bona ba ka bolaoa litlhaselong tseo. Grossman o ile a ngola, a re: “Ha ke sa tla lebala baratani ba bang ba bacha ba kileng ba mpolella seo ba rerang ho se etsa. Ba ne ba rera ho nyalana le ho ba le bana ba bararo. Bana ba bararo, eseng ba babeli. E le hore haeba e mong a shoa, ho ’ne ho be le ba babeli ba setseng.”
Ha baa ka ba bolela hore na ba tla etsa’ng ha ho ka shoa bana ba babeli—kapa ba shoa ka boraro ba bona.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lintlha tse qotsitsoeng mona li nkiloe bukeng ea Death as a Way of Life, e ngotsoeng ke David Grossman.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
© Sven Torfinn/ Panos Pictures