Ho Tobana le Tšokelo ea Bokhukhuni
BOFELONG ba lilemo tsa bo-1980, bokhukhuni bo ile ba bonahala bo fokotseha. Leha ho le joalo, ho hlahile mofuta o mocha oa bokhukhuni. Tšokelo ea kajeno ea bokhukhuni e hlaha haholo-holo ho batho ba chesehang ka ho feteletseng ba iketselitseng mecha ea ho iphumanela chelete—ka ho rekisa lithethefatsi ntle ho molao, likhoebo tsa praefete, ho rua ha batho ka bomong, mekhatlo e thusang ba hlokang le ka ho tšehetsoa ka lichelete sebakeng seo ba leng ho sona. ’Me ba tsoela pele ho ba sehlōhō le ho feta.
Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha e-ba le keketseho ea liketso tse se nang kelello tsa bokhukhuni. Mohaho oa World Trade Center, New York City, o ile oa phatloloa ka bomo, ha shoa batho ba tšeletseng ’me ba 1 000 ba tsoa likotsi. Sehlotšoana sa borapeli ba bokhelohi se ile sa lokolla khase ea sarin e thethefatsang methapo ea kutlo tseleng e tsamaeang ka tlas’a lefatše Tokyo, ha shoa batho ba 12 ’me ba fetang 5 000 ba tsoa likotsi. Sekhukhuni se ile sa liha mohaho oa ’muso o Oklahoma City ka bomo e neng e chehiloe terakeng, ha shoa batho ba 168 ’me ba makholo ba tsoa likotsi. Joalokaha chate e leqepheng la 12 le la 13 e bontša, liketso tse fapa-fapaneng tsa likhukhuni li ’nile tsa tsoela pele ho tla fihlela joale.
Ka kakaretso, ho bonahala likhukhuni li se li se na boithibo joalokaha ho ne ho le joalo pele. Motho ea fumanoeng a le molato oa ho qhomisa bomo mohahong oa ’muso o Oklahoma City ka 1995 o ile a qotsoa moo a reng o batla “ho bolaea batho ba bangata” e le hore a tsebe ho fumana tlhokomelo eo a e batlang. Moeta-pele oa sehlopha se neng se ikarabella ho qhomisoeng ha bomo ka 1993 World Trade Center, New York City, o ne a batla ho lihela mohaho o mong holim’a o mong, a bolaee motho e mong le e mong ea mehahong eo ka bobeli.
Ntho e ’ngoe e ncha ke khetho ea libetsa eo likhukhuni li nang le eona. Louis R. Mizell, e monyenyane, eo e leng setsebi litabeng tsa bokhukhuni, o itse: “Re phela mehleng ea khalefo e ke keng ea lekanngoa le ea pokello ea libetsa e ka lebisang timelong: tsa nyutlelie, tsa k’hemik’hale le tsa likokoana-hloko.” Ba chesehang ka ho feteletseng ba batlang ho sisinya maikutlo a batho haholoanyane ba fetohela libetseng tse bolaeang haholoanyane tse hlahisitsoeng ke theknoloji.
Ho Hlasela ka K’homphieutha
Se ’nileng sa bitsoa bokhukhuni ka tšebeliso ea k’homphieutha se akarelletsa ho sebelisa theknoloji ea morao-rao, e kang lik’homphieutha. Sebetsa se seng ke vaerase ea k’homphieutha, e jang boitsebiso kapa e tsitsipanyang tsamaiso ea eona. Ho boetse ho na le “libetsa tsa mahlale a saense” tse ferekanyang lik’homphieutha ka ho li qobella hore li etse ntho eo li ke keng tsa khona ho e etsa, ka tsela eo li sitoe ho sebetsa hantle. Kaha moruo le tšireletseho ea lichaba li ntse li eketsa ho itšetleha haholo ka boitsebiso bo k’homphieutheng, ba bangata ba nka hore sechaba se pepesehetse haholoanyane litlhaselo tse joalo tsa likhukhuni. ’Me le hoja boholo ba mabotho a ntoa bo e-na le lik’homphieutha bakeng sa ho neheletsana melaetsa esita le nakong ea ntoa ea nyutlelie, litšebeletso tsa sechaba—matla a motlakase, lipalangoang le limmaraka tsa khoebo—li ka ’na tsa pepesehela ho hlaseloa haholoanyane.
Lilemong tsa moraonyana, haeba sekhukhuni se ne se batla ho tima motlakase sebakeng se itseng, mohlomong re etse mohlala ka Berlin, se ne se ka batla mosebetsi k’hamphaning ea motlakase e le hore se tsebe ho senya tsamaiso ea oona. Empa morao tjena ba bang ba re ho ka khoneha hore motho ea koetliselitsoeng ho senya boitsebiso ba k’homphieutha a time motlakase oa motse o itseng a ntse a iketlile ha hae, motseng o hōle-hōle karolong e ka nģ’ane ea lefatše.
Haufinyane tjena, setsebi se seng sa ho senya se tsoang Sweden, se ile sa hlasela tsamaiso ea lik’homphieutha Florida ’me sa emisa tsamaiso ea litšebeletso tsa tšohanyetso hora kaofela, sa khina litšebeletso tsa sepolesa, tsa litima-mollo le tsa liambulense.
Frank J. Cilluffo, motsamaisi oa Lenaneo le Loantšang Tšenyo ea Boitsebiso ba Lik’homphieutha la Center for Strategic and International Studies (CSIS) o itse: “Ha e le hantle, re ithehetse motse o akaretsang lefatše lohle o se nang lefapha la sepolesa.” ’Me Robert Kupperman, moeletsi ea ka holimo-limo oa CSIS, ka 1997 o ile a bolela hore haeba likhukhuni li khetha ho sebelisa mekhoa e phahameng ea theknoloji, “hajoale ha ho na lekala la ’muso le ka sebetsanang le liphello tsa tlhaselo ea tsona.”
Bahlahlobisisi ba bang ba lumela hore likhukhuni tse sebetsang ka k’homphieutha li na le lithulusi tsa theknoloji tse khonang ho hlōla lithibelo leha e le life tseo ba lekala la tšireletso ba li qapang. George Tenet, motsamaisi oa U.S. Central Intelligence Agency, o itse: “Sera se tsebang ho kenya vaerase e nepahetseng kapa se khonang ho fumana mohala o nepahetseng o fetisang boitsebiso se ka baka tšenyo e khōlō.”
Bokhukhuni ka Lik’hemik’hale le Likokoana-hloko
Ho boetse ho amehiloe ka tšebeliso ea lik’hemik’hale haesitana le libetsa tsa likokoana-hloko. Lefatše le ne le tšohile mathoasong a 1995 ha le utloa ka tlhaselo ea bokhukhuni ea khase e chefo e ileng ea behoa tseleng e tsamaeang ka tlas’a lefatše Tokyo. Molato oa ketso eo o ile oa behoa sehlotšoaneng sa bokhelohi se phatlalatsang hore lefatše lena le tlil’o felisoa.
Brad Roberts oa Setsi sa Tlhahlobo ea Tšireletseho o re: “Bokhukhuni bo fetohile. Bokhukhuni bo tloaelehileng bo ne bo hloka hore mekha ea lipolotiki e inehele. Empa hona joale, lihlopha tse ling li re pakane ea tsona ke ho bolaea batho ba bangata. Seo se etsa hore libetsa tsa likokoana-hloko li ipiletse.” Na ho thata ho fumana libetsa tse joalo? Makasine ea Scientific American e re: “Motho a ka hōlisa libaktheria tse libilione ntle le ho intša kotsi ka thepa e sa rarahanang e kang ntho e tšelang tomoso ea joala le likokoana-hloko tse sejong se nang le protheine, maske e sireletsang monkong oa khase le seaparo sa ho ikoahela sa polasetiki.” Hang ha likokoana-hloko tseo li lokisitsoe, ho li aba ho bonolo. Bahlaseluoa ba ke ke ba tseba le hore sebetsa seo se se se ntse se hlasela ho fihlela letsatsi kapa a mabeli hamorao. ’Me ka nako eo ba lemohang ka eona, e ka ’na ea be e se e le morao haholo.
Ho boleloa hore koatsi ke eona e ratoang haholo bakeng sa ho sebelisoa e le sebetsa sa kokoana-hloko. Boloetse bona bo fumane lebitso leo lentsoeng la Segerike le bolelang mashala—e le ha ho buuoa ka khoo e ntšo e bang teng lisong tse hlahang letlalong la batho ba ileng ba kopana le liphoofolo tse nang le koatsi. Ba lebotho la tšireletso ba amehile haholo ka tšoaetso ea matšoafo e bakoang ke ho hema hlobo ea koatsi. Batho ba nang le tšoaetso ea koatsi ba kotsing e khōloanyane ea hore ba ka shoa.
Ke hobane’ng ha koatsi e le sebetsa sa kokoana-hloko se sebetsang hakaale? Hobane baktheria ea eona e hōla habonolo ’me ho thata ho e loantša. Ho tla nka matsatsi a ’maloa pele bahlaseluoa ba e-ba le letšoao la pele, ho ikutloa eka motho o tšoaroa ke ntaramane hammoho le mokhathala. Ka mor’a moo e ba ho khohlola le mahlaba a fokolang ka sefubeng. Joale ho latela bothata ba ho hema ka thata haholo, ho tepella maikutlo ka ho tebileng, ebe ho latela lefu lihoranyana hamorao.
Na Libetsa Tsa Nyutlelie li Matsohong a Likhukhuni?
Ka mor’a hore Soviet Union e oe, ba bang ba ile ba ipotsa hore na sebetsa se utsoitsoeng sa nyutlelie se ke ke sa rekisoa ka mokunyata na. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li na le pelaelo ea hore sena se tla ke se etsahale. Robert Kupperman, ea qotsitsoeng pejana, o bolela hore “ha ho na bopaki ba hore sehlopha leha e le sefe sa bokhukhuni se kile sa leka ho fumana sebetsa sa nyutlelie.”
Seo ho amehiloeng ka sona haholo ke mphato oa bomo ea nyutlelie ea kubutileng hlooho empa a bolaea—e leng sebetsa se ntšang mahlaseli a kotsi. Sona ha se phatlohe. Ha ho be le molumo oa ho phatloha kapa tšenyo e bakoang ke mocheso. Ho e-na le hoo, se ntša mahlaseli a senyang lisele ka bonngoe. Lisele tsa moko oa masapo ke tsona haholo-holo tse hlaselehang habonolo. Ho shoa ha tsona ho hlahisa letoto la matšoao a akarelletsang ho tsoa mali haholo le ho putlama ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Ho fapana le libetsa tsa lik’hemik’hale, tseo hang ha li kopana le oksijene le mongobo li fokotsehang matla, sebetsa se ntšang mahlaseli a kotsi se ka tsoela pele ho baka tšenyo ka lilemo-lemo.
Kotsi e ileng ea etsahala Goiânia, motse o moholo o ka boroa bo hare Brazil, e bontša hore na mahlaseli ao a ka ba kotsi hakae. Ka 1987, monna ea neng a sa tsebe letho o ile a bula lekotikoti la loto le neng le hokeletsoe thepeng ea lintho tse amanang le meriana tse neng li se li lahliloe. Lekotikoti leo le ne le e-na le cesium-137. A hloletsoe ke khanya e ’mala o moputsoa ea lejoe leo, o ile a bontša metsoalle ea hae seo a se fumaneng. Pele beke e fela, bahlaseluoa ba pele ba ile ba qala ho tla tleliniking. Ho ile ha hlahlojoa batho ba likete ho bona hore na ha ba na matšoao a tšoaetso. Baahi ba ka bang lekholo ba ile ba kula. Ba 50 ba ile ba kena sepetlele, ba bane ba shoa. Mohopolo oa hore na ho ka be ho etsahetse eng haeba cesium eo e ne e qhalakantsoe ka boomo, e tsitsipanya ’mele oa litsebi tse khahlanong le bokhukhuni.
Phello e Khathatsang Matla
Ho shoa ha batho ba bangata ke phello e totobetseng ea bokhukhuni. Empa ho na le liphello tse ling tse pharaletseng. Bokhukhuni bo ka senya kapa ba liehisa mehato ea ho tlisa khotso libakeng tse nang le moferefere lefatšeng. Bo qholotsa ntoa, boa e lelefatsa kapa boa e tiisa, ’me bo eketsa letoto la liketso tse mabifi.
Bokhukhuni bo ka boela ba ama moruo oa naha. Mebuso e ’nile ea tlameha ho qeta nako e ngata haholo hammoho le lichelete tse ngata ho bo loantša. Ka mohlala, United States feela, ho ne ho beheletsoe ka thōkō chelete e tla sebelisoa ke lefapha le khahlanong le bokhukhuni e ka holimo ho liranta tse limilione tse likete li 70 selemong sa 2000.
Ebang rea elelloa kapa che, bokhukhuni bo re ama kaofela. Bo ama tsela eo re tsamaeang ka eona le khetho eo re e etsang ha re nka leeto. Bo qobella linaha lefatšeng lohle hore li sebelise chelete e ngata ea lekhetho ho sireletsa batho ba phahameng sechabeng, mehaho e nang le thepa ea bohlokoa hammoho le baahi.
Kahoo, potso ea sala, Na ho na le tharollo e feletseng bothateng boo ba bokhukhuni? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
Bokhukhuni bo Etsoang ka Lebaka la Tikoloho le Lintho Tse Phelang ho Eona
Koranta ea Oregonian e tlaleha hore mofuta o mocha oa bokhukhuni o sebelisa “ho chesa mehaho, ho qhomisa libomo le tšenyo ka lebaka la ho pholosa tikoloho le lintho tse phelang ho eona.” Liketso tsena tse senyang li ’nile tsa bitsoa bokhukhuni bo etsoang ka lebaka la tikoloho le lintho tse phelang ho eona. Bonyane ke liketso tse khōlō tse ka bang lekholo tsa mofuta ona tse etsahetseng ka bophirimela United States ho tloha ka 1980, e leng ho bakileng tšenyehelo ea chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse 328,7. Tlōlo ea molao e joalo e reretsoe hore e sitise ho rengoa ha lifate, ho sebelisa libaka tsa lehoatata bakeng sa boithabiso kapa ho rua liphoofolo bakeng sa boea, lijo kapa ho etsa liphuputso.
Liketso tsena li nkoa e le tsa bokhukhuni hobane li akarelletsa pefo e reretsoeng ho fetola boitšoaro ba batho le mekhatlo e itseng, kapa ho fetola maano a itseng a sechaba. Likhukhuni tsa tikoloho le lintho tse phelang ho eona li ferekanya babatlisisi ka ho hlasela libaka tse ka thōko, hangata e le bosiu ’me ho sale ho se na mohlala leha e le ofe haese lintho tse cheleng feela. Ho fihlela morao tjena, tlōlo ea molao e etsoang lebitsong la ho sireletsa tikoloho e ne e sa ame batho ba sebaka hakaalo ’me e sa hape thahasello e khōlō. Empa lilemong tsa morao tjena libaka tse hlaseloang li eketsehile haholo. Moemeli ea khethehileng James N. Damitio, ’matlisisi ea nang le phihlelo oa U.S. Forest Service, o itse: “Sepheo sa batho bana ke ho lebisa tlhokomelo linthong tseo ba li etsang e le hore ho ka ba le phetoho. ’Me haeba ba nka hore ha ba fuoe tlhokomelo eo ba e batlang, ba leka ho hong.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bokhukhuni le Phatlalatso ea Litaba
Moqolotsi oa litaba ea ileng a tšoaroa ke likhukhuni ka lilemo tse ka bang supa Lebanon, Terry Anderson, o re: “Ho hapa thahasello ea sechaba e ’nile ea e-ba sepheo se ka sehloohong le sebetsa sa likhukhuni khahlanong le batho ba se nang molato e le hore li ka phethahatsa morero oa tsona oa lipolotiki kapa ho baka moferefere feela. Ho tlaleha ka ho koeteloa ha batho ba lipolotiki, ho bolaoa ha motho ea itseng kapa ho qhomisoa ha bomo ke tlhōlo ea pele ho likhukhuni. Ntle le hore ho hapuoe thahasello ea lefatše, liketso tsena tse mabifi e ba tsa lefeela.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
1. Ho phatloha ha bomo ea motho ea batlang ho ipolaea hammoho le ba bang Jerusalema, Iseraele
2. Likhukhuni tse khahlanong le morabe o itseng li qhomisa bomo bankeng e ’ngoe Colombo, Sri Lanka
3. Bomo e chehiloeng ka koloing ea phatloha Nairobi, Kenya
4. Lelapa la bahlaseluoa ba bomo e ileng ea phatloha Moscow, Russia
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Heidi Levine/Sipa Press
A. Lokuhapuarachchi/Sipa Press
AP Photo/Sayyid Azim
Izvestia/Sipa Press