Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/06 maq. 7-9
  • Khotso Lefatšeng Qetellong!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso Lefatšeng Qetellong!
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liketso Tse Mabifi ha li re Rarollele Mathata
  • Lebaka Leo re Lokelang ho Tšepa Molimo ka Lona
  • Khotso ea ka ho sa Feleng Lefatšeng!
  • Bokhukhuni—Bo Haufi le ho Fela!
    Tsoha!—2001
  • Botšosi—Karabo ke Efe?
    Tsoha!—1987
  • Botšosi bo ama bo-mang?
    Tsoha!—1987
  • Botšosi—Bo Susumetsoa ke Eng Hona Hobane’ng?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 6/06 maq. 7-9

Khotso Lefatšeng Qetellong!

BATHO ba bang ba lumela hore liketso tse mabifi ke tsona feela tse tla tlisa bolokolohi lipolotiking le bohloeki bolumeling—ba lumela hore ke ka likhoka feela ho ka felisoang babusi bao batho ba sa ba batleng. Mebuso e meng le eona e sebelisa tšabo ho boloka botsitso le ho etsa hore bafo ba eona ba laolehe. Empa haeba ke ’nete hore bokhukhuni bo atleha ho fetola maemo pusong le sechabeng, ho lokela ho be le khotso, nala le botsitso. Ha nako e ntse e ea, liketso tse mabifi le tšabo li lokela ho ea ka thekō. Na seo re se bone se etsahala?

’Nete ke hore bokhukhuni ha bo hlomphe bophelo ebile bo baka tšollo ea mali le liketso tse ling tse sehlōhō. Kaha batho ba utloa bohloko, ba atisa ho iphetetsa, e leng se etsang hore ba hatelloe le ho feta, ’me seo le sona se etsa hore ba boele ba batle ho iphetetsa.

Liketso Tse Mabifi ha li re Rarollele Mathata

Batho ba lekile ka lilemo tse likete ho itharollela mathata a lipolotiki, a bolumeli le a kahisano. Empa boiteko bohle ba bona bo hlōlehile. Ho joalokaha Bibele e re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Jesu o ile a re: “Bohlale bo netefatsoa ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ha re atolosa taba ena, melao-motheo ena ea Bibele e fana ka maikutlo a hore ba tšepileng bokhukhuni ba tšepile lelea. Bokhukhuni ha boa tlisa tokoloho le thabo, empa ho e-na le hoo bo tlisitse lefu, masoabi le tšenyo. Liphello tse mpe tsa bona tse neng li atile lekholong la bo20 la lilemo li se li ntse li qala ho aparela lekholo lena la bo21 la lilemo. Ba bangata ba re bokhukhuni ha bo rarolle mathata, empa ke bothata ka bobona.

“Letsatsi le letsatsi ke lakatsa eka ho ke ke ha e-ba le ea mong oa ba lelapa kapa metsoalle ea shoang . . . Mohlomong re batla mohlolo.” Ao ke mantsoe a ngotsoeng ke moroetsana e mong eo naha ea habo e ruthuthiloeng ke likhukhuni ka liketso tse mabifi. Mantsoe a hae a bontša qeto eo ba bangata ba seng ba e fihletse ea hore: Ha e le batho bona ha ba na tharollo ea mathata a ba hlahelang. Ke ’Mōpi oa batho feela ea ka rarollang mathata a teng lefatšeng kajeno, ho akarelletsa ba bokhukhuni. Empa ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Molimo?

Lebaka Leo re Lokelang ho Tšepa Molimo ka Lona

Lebaka le leng ke hore kaha ke ’Mōpi, Jehova o re file bophelo ’me o batla hore re bo thabele re phela ka khotso ’me re khotsofetse. Esaia, moprofeta oa Molimo o ile a susumelletseha ho ngola: “Joale, Jehova, u Ntat’a rōna. Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.” (Esaia 64:8) Jehova ke Ntate oa moloko oa batho, ’me o nka batho ba lichaba tsohle e le ba bohlokoa. Hase phoso ea hae hore ebe ho na le ho hloka toka le lehloeo tse bakang liketso tsa bokhukhuni. Morena Solomone ea bohlale o kile a re: “Molimo oa ’nete o ile a etsa moloko oa batho o lokile, empa ke oona o batlileng mano a mangata.” (Moeklesia 7:29) Sesosa se ka sehloohong sa bokhukhuni ke bokhopo ba batho le tšusumetso ea bademona, eseng ho hlōleha ha Molimo ntlheng e itseng.—Baefese 6:11, 12.

Lebaka le leng leo re ka tšepang Jehova ka lona ke la hore kaha ke eena ea bōpileng batho, o utloisisa mathata a batho ho feta motho leha e le ofe e mong, ’me o tseba le mokhoa oa ho a rarolla. Bibele e totobatsa ’nete ena ho Liproverbia 3:19: “Jehova o ile a theha lefatše ka bohlale. A tiisa maholimo ka temoho.” Monna e mong oa boholo-holo o ile a ngola a e-na le tšepo e feletseng ho Molimo, a re: “Thuso ea ka e tla tsoa hokae? Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše.”—Pesaleme ea 121:1, 2.

Lebaka la boraro leo re lokelang ho tšepa Molimo ka lona ke la hore: O na le matla a ho emisa liketso tse mabifi tsa tšollo ea mali. Mehleng ea Noe “lefatše le ne le tletse pefo.” (Genese 6:11) Molimo o ile a le ahlola hang-hang ’me a le timetsa ka ho feletseng: “[Molimo ha aa] ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše la boholo-holo . . . ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.”—2 Petrose 2:5.

Bibele e re bolella seo re lokelang ho ithuta sona Moroallong oo oa mehleng ea Noe: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” (2 Petrose 2:9) Molimo o khona ho khetholla batho ba hlileng ba batlang ho phela hamolemo ho batho ba sulafaletsang ba bang bophelo. Ba sulafaletsang ba bang bophelo o ba boloketse “timetso ea batho ba se nang bomolimo.” Empa ba lakatsang ho phela ka khotso, o ba lokisetsa lefatše le lecha leo ho loka ho tla aha ho lona.—2 Petrose 3:7, 13.

Khotso ea ka ho sa Feleng Lefatšeng!

Bangoli ba Bibele ba sebelisitse lentsoe “lefatše” khafetsa ha ba bua ka batho. Ka mohlala, Genese 11:1, e re “lefatše lohle” le ne le e-na le puo e le ’ngoe, ha e bua ka batho ba mehleng eo. Moapostola Petrose o ne a buella ntlheng eo ha a ngola ka “lefatše le lecha.” Jehova Molimo o tla ntlafatsa mokhoa oo batho ba phelang ka oona e le hore ho loka le toka li tle li nkele liketso tse mabifi le lehloeo sebaka ’me li “ahe” ka ho sa feleng naheng eo. Boprofeteng bo tlalehiloeng ho Mikea 4:3, Bibele e re: “Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba tse ngata, ’me a lokise litaba lichabeng tse matla tse hōle haholo. Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”

Ha boprofeta boo bo phethahala, bophelo bo tl’o ba joang? Mikea 4:4 e re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” Paradeiseng eo ea lefatšeng, ha ho motho ea tla phela a tšohile hore likhukhuni li tloha li hlasela. Na u ka tšepa tšepiso eo? E, “kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”—Mikea 4:4.

Kahoo, ha likhukhuni li ntse li tsoela pele ho etsa litšoso le lichaba li tlakaselisoa ke liketso tse mabifi, tharollo ho ba ratang khotso ke hore ba itšepele Jehova. Ha ho bothata boo a ke keng a bo rarolla. O tla felisa bobe, bohloko esita le lefu. Bibele e re: “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” (Esaia 25:8) Haufinyane ho tla rena khotso linaheng tseo ba bangata ba li ratang, tseo hona joale li aparetsoeng ke bohloko le tšabo ka lebaka la bokhukhuni. Batho ba hloka ka tieo khotso eo Molimo “ea ke keng a bua leshano,” a e tšepisitseng.—Tite 1:2; Baheberu 6:17, 18.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

TSELA E ’NGOE E SEBETSANG HO FAPANA LE LIKULO LE LIQHOMANE

Lintlha tse latelang li buuoe ke batho bao pele ba neng ba lumela hore liketso tse mabifi ke tsona tse tlang ho fetola maemo a lipolotiki.

◼ “Ha ke bala libuka tsa histori, ke ile ka hlokomela hore esale ho tloha khale marena le ba boholong ba hatella mafutsana. Ka lemoha mahlomola a batho ba kojoana li mahetleng. Ka nahana kamoo bobe bona bo ka felisoang kateng, eaba ke etsa qeto ea hore re lokela ho loana ka lithunya.”—Ramon.a

◼ “Ke ile ka nka lihlomo ka ea ntoeng. Sepheo sa ka e ne e le ho loantša ba boholong le ho theha tsamaiso e neng e tla etsa hore batho bohle lefatšeng ba lekane.”—Lucian.

◼ “Ho tloha ke sa le monyenyane, ke ne ke khathatsehile ka ho hloka toka. Ke ne ke khathatsehile ka bofuma, tlōlo ea molao, ho hlokeha ha thuto le ho haella ha tlhokomelo ea bongaka. Ke ne ke lumela hore libetsa li tla etsa hore batho bohle ba fumane thuto, tlhokomelo ea bophelo bo botle ’meleng, matlo le mosebetsi. Ke ne ke bile ke lumela hore motho e mong le e mong ea sa batleng ho itšoara hantle le ho hlompha baahelani o lokela ho fuoa kotlo.”—Peter.

◼ “’Na le monna oa ka re ne re le litho tsa mokhatlo oa sekhukhu o neng o khothalletsa batho ho ba marabele, ba sebelisa mabifi. Re ne re tšepile ho theha puso e tla tlisetsa batho boiketlo le khutso e be e etse hore batho bohle ba lekane. Re ne re nahana hore ho ketola ’muso ke hona feela ho ka etsang hore naha ea habo rōna e be le toka.”—Lourdes.

Batho bana ba ne ba sebelisa likhoka ba leka ho thusa ba mahlomoleng. Empa ha ba ntse ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba hlokomela hore Lentsoe la Molimo le tšepisa tsela e ’ngoe e molemo ho feta eo. Bibele ho Jakobo 1:20 e re: “Khalefo ea motho ha e hlahise ho loka ha Molimo.” Bibele ea Sesotho eona e re: “Khalefo ea motho ha e phethe ho loka ha Molimo.”

Ke puso ea Molimo feela e ka fetolang maemo a batho. Boprofeta ba Bibele, bo kang bo ho Matheu khaolo ea 24 le 2 Timothea 3:1-5, bo bontša hore puso ea Molimo e haufi le ho etsa seo. Re u khothalletsa hore u ithute linnete tsena ka hore u ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela