Ho Mamela Temoso ho Ile ha Etsa Phapang
E NE e le ka Laboraro la la 24 August, 2005—letsatsi le tloaelehileng le chesang, le nang le moea o mongobo New Orleans, Louisiana, U.S.A. Alan le lelapa la hae ba ile ba tloha lapeng ba leba Beaumont, Texas, lik’hilomithara tse fetang tse 300 ho ea ka bophirimela, ho ea qeta matsatsi a ’maloa teng. Ba ne ba nkile liaparo tse lekaneng matsatsi a mahlano. Alan oa hlalosa: “Re ne re sa tsebe letho ka Leholiotsoana Katrina, leo ka nako eo le neng le qaleha ka bochabela ho Florida. Leha ho le joalo, bosiung ba Labohlano ho ile ha hlaka hore New Orleans e ne e tl’o otloa ke leholiotsoana le kotsi ka ho fetisisa.”
Ka Sontaha sa la 28 August, ho ne ho hlakile hore sefefo se matla se bitsoang Katrina e ne e tl’o ba leholiotsoana le matlahali. Ramotse oa New Orleans o ile a ntša litaelo tse tlamang bohle tsa hore ba balehe motseng. Ka lebaka la seo, likoloi tse likete li ile tsa tsamaea butle ho leba leboea le bophirimela, ’me mebila e meholo e ile ea subuhlellana makoloi. Batho ba likete ba se nang likoloi ba ile ba balehela mehahong e sireletsehileng, ba bang ba balehela lebaleng le leholo la lipapali le bitsoang Superdome. Ba bang ba ile ba etsa qeto ea hore ba ke ke ba baleha ’me ba itulela malapeng a bona.
‘Nakong e Tlang ke Tla ba oa Pele oa ho Baleha!’
Joe, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke e mong oa ba ileng ba itulela. O ne a kholisehile hore o tla pholoha leholiotsoana leo a ntse a le hona ha hae. O ile a ipolella hore nakong e fetileng tšenyo e neng e bakiloe ke maholiotsoana e ne e sa ka ea e-ba mpe ka tsela eo ba boholong ba neng ba hakantse ka eona. O re: “Ke ile ka nahana hore ke tla pholoha. Maikutlo ao a ile a fetoha kapele hakaakang! Meea e matla le pula li ile tsa fihla ka sekhahla se tšabehang. Ka ho panya ha leihlo marulelo a ntlo ea ka a ile a ea. Joale metsi a ile a qala ho nyoloha ka lebelo le tšosang—ka mor’a lihora tse tharo a ne a se a le bophahamong ba limithara tse tharo! A ne a phahama ka lebelo hoo ke ileng ka tlameha ho nyolohela mokatong oa bobeli. Ke ne ke tšohile haholo hobane moea o ne o puputla ka matla ’me ho bonahala eka mabota a tla oa. Siling e ile ea oa. Joale ke ne ke lohotha matsapa a ho pholoha.
“Ke ile ka nahana ho itahlela metsing a neng a loebehlana. Empa ho ne ho e-na le maqhubu a mabe ka ntle. Moea o ne o puputla hoo metsi a neng a entse lekoeba literateng. Ke ile ka tseba hore ha nka ka itahlela, nka ’na ka khangoa ke metsi.”
Qetellong sekepe se ile sa fihla sa pholosa Joe ’me sa mo beha borokhong. Ho ne ho phaphametse litopo le mantle hohle tlas’a borokho boo. O ile a robala bosiu bo le bong ka buting ea koloi. Joale o ile a tloha ka helikopthara ’me a palama bese ho ea New Orleans Civic Center. O re: “Batho ba ile ba ntšoara hantle haholo moo. Ho na le nako eo ke neng ke batla ke kopane hlooho. Se neng se luma feela ka hloohong ea ka e ne e le ho re, ‘Ebe ke tla fumana metsi a mang a nooang hokae?’”
Ha a se a nahana ka se etsahetseng, Joe oa hlokomela hore tlokotsi ena eo a bileng le eona a ka be a e qobile. O re: “Monna ha a bone habeli. Nakong e tlang ha ho thoe ‘iu!’ ke tla ba oa pele oa ho baleha!”
O Hlokomolohile Temoso, a Tšabela Sefateng
Motse oa Biloxi le oa Gulfport, e lebōpong la leoatle Mississippi, e ile ea senyeha hampe ’me batho ba shoa. Ho latela The New York times ea la 31 August, 2005, Vincent Creel, mookameli oa lefapha la litaba tse amanang le sechaba Biloxi, o ile a re: “Batho ba bangata ba ile ba hlokomoloha litaelo tsa hore ba balehe hobane bona, kapa matlo a bona, ba ile ba pholoha Leholiotsoana Camille [ka 1969].” Ho ne ho nkoa hore Camille e tlile ka matla ho feta Katrina, empa joalokaha Creel a bontša, Katrina ‘e tlile e hohotse metsi ka sekhahla hoo e neng eka ke tsunami.’
Moahi e mong ea ileng a khetha ho hlokomoloha temoso, e bile Inell ea phetseng bophelo bohle ba hae Biloxi. O re: “E ne e le khale re pholoha lifefo tse matla ka lilemo. Kahoo, ha kea ka ka isa taba ea Katrina hloohong ho le hokaalo.” Ka mor’a hore Inell, ’m’ae matsale ea lilemo li 88, mora oa hae, morali oa hae le mokhoenyana ba phuthehe hammoho—le lintja tse peli le likatse tse tharo—ba ile ba etsa qeto ea ho itulela ntlong ea bona e neng e hahiloe hantle. Joale sefefo se matla se ile sa fihla Biloxi hoo e ka bang ka hora ea leshome hoseng ka la 29 August. Inell oa hopola: “Ke ile ka bona metsi a kena butle ka kamoreng e ’ngoe ea ho robala e karolong e ka morao ea ntlo. Joale a ile a qala ho kena hohle. Re ile ra etsa qeto ea ho nyolohela kamoreng e ka holimo pel’a marulelo bakeng sa tšireletso. Empa metsi ha aa ka a khaotsa. Re ile ra tlameha ho tsoa ka kamoreng eo moo re tšabang hore re se tšohe re qabelleha ka moo. Empa re ne re tla ea hokae?
“Mora oa ka o ile a tlameha ho phunya lesoba sefeng e sireletsang e le hore re tsebe ho tsoa le teng re sesa. Joale re ile ra itšoarelletsa marulelong e le hore re lule re phaphametse. Ba bararo ba rōna re ile ra ea karolong e ka letsohong le letona ea ntlo, ’me morali oa ka o ile a ea ka ho le letšehali. Ke ile ka bona sefate se seholo haufinyane. ’Na le ’mè matsale le mora re ile ra sesa ra ea sefateng seo ra fihla ra ingaparela ka sona. Joale ke ile ka utloa morali oa ka a hoeletsa, “’Mè! ’Mè!” Mokhoenyana oa ka, eo e neng e le eena oa ho qetela ho tsoa ka kamoreng eane e ka holimo, o ile a sesa ho ea mo pholosa. Bobeli ba bona ba ile ba khona ho kena seketsoaneng se neng se pakiloe lebaleng la ntlo se neng se phaphametse haufi le ntlo. Ba ile ba nkōpa ka tieo hore ke kene seketsoaneng seo. Ke ne ke sa batle ho ipeha kotsing kaha ke ne ke bona metsi ao a neng a loebehlana. Ke ne ke ikutloa ke sireletsehile sefateng moo, ’me ke ne ke sa tl’o se tlohela.
“Moo ke neng ke le hona teng, ke ne ke khona ho bona hantle metsi a phallang ho theosa le seterata le ho potoloha ntlo. Ke ile ka qala ho nahanisisa ka boemo ba ka ’me ka ikoahlaea hore ebe ha kea ka ka mamela temoso ea hore re balehe.
“Qetellong metsi a ile a qala ho kokobela, ’me ra qetella re le ka seketsoaneng kaofela ha rōna! Koloi ea mollo e ile ea fihla ea re nka ho re isa sepetlele. Ruri re ne re thabetse hore ebe re ntse re phela!”
Litokisetso Tsa Lipaki Tsa ho Baleha Sebakeng se Kotsi
Libaka tse Gulf Coast li ne li angoe ke Katrina habohloko, hoo mahae a likete a neng a senyehile ho tloha ka bochabela Louisiana ho ea fihla Alabama. Empa maholiotsoana ha a qale ho puputla libaka tsena tsa United States. Ka hona, ka lilemo Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa lula e le malala-a-laotsoe ka litokisetso tsa ho baleha sebakeng se kotsi. Selemo le selemo, liphutheho tse 21 tsa Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa New Orleans li ikhopotsa ka litokisetso tsa ho baleha sebakeng se kotsi maemong a tšohanyetso. Ka hona, Lipaki tse ngata sebakeng seo li ne li tseba hore na li lokela ho nka mehato efe nakong ea boemo ba tšohanyetso. Litokisetso tsee li ile tsa sebetsa joang nakong ea Leholiotsoana Katrina?
Hang ha ba boholong ba phatlalatsa hore ho hlokahala hore batho ba balehe, baholo phuthehong ka ’ngoe ba ile ba ikopanya le litho tsa phutheho ho li khothalletsa hore li tlohe motseng. Tse ngata li ile tsa khona ho iketsetsa litokisetso tsa ho tloha le malapa le metsoalle. Ho ile ha lokisetsoa lipalangoang tse khethehileng le thuso bakeng sa ba hōlileng le ba kulang. John, eo e leng setho sa komiti ea Lipaki ea liphallelo nakong ea tlokotsi, o ile a re: “Ka sebele ke lumela hore bophelo ba ba bangata bo pholositsoe ke ho latela tokisetso ena.” Ka hona, boholo ba Lipaki Tsa Jehova bo ile ba khona ho baleha motseng pele sefefo seo se matla se fihla. E le ho fana ka thuso e hlokahalang ka potlako libakeng tse amehileng, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States e ile ea theha likomiti tsa liphallelo nakong ea boemo ba tšohanyetso.
Ho Batla Lipaki Lebaleng la Lipapali la Astrodome
Baphaphathehi ba 16 000 bao boholo ba bona ba neng ba e-tsoa Louisiana, ba ne ba fumana lijo, metsi le bolulo lebaleng la lipapali la Astrodome le Houston, Texas. Komiti ea liphallelo ea Lipaki e Houston e ile ea utloela hore ho ne ho e-na le Lipaki tse ling ka har’a letšoele leo le leholo. Empa e ne e tla li fumana joang?
Hoseng ha Labohlano la la 2 September, baholo ba Lipaki ba ile ba fihla Astrodome ho tla batla barab’abo bona ba tlohileng mahabona. Ba ile ba hlolloa ha lebaleng lena le leholo la lipapali, ba bona likete tse neng li tletse hohle tsa banna, basali, bacha, bana hammoho le masea. Lebala la bolo ea maoto le ne le tletse libethe tse phuthoang tse likete, hammoho le baphaphathehi ba letetseng tharollo ea mathata a bona ba sa fele pelo. Ho ne ho e-na le mokoloko o molelele oa ba hlokang thuso ea lingaka, ’me ba tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ne ba matha ho isa bakuli liambulenseng.
Samuele, eo e neng e le e mong oa baholo ba neng ba batla Lipaki tse ling o ile a re: “Ke ile ka ikutloa eka ke kampong ea baphaphathehi.” Ebe ba ne ba tla fumana Lipaki tse ’maloa ka har’a matšoele aa joang? Baholo ba ile ba qala ba nyolosa le ho theosa liphasejeng ba nkile liboto tse khōlō tse reng Lipaki li itlhahise. Ka mor’a ho qeta lihora tse tharo ba sa atlehe, ba ile ba hlokomela hore ho hlokahala mokhoa o mong o tla sebetsa. Ba ile ba kōpa ba Sefapano se Sekhubelu hore ba etse tsebiso ka libuela-hōle: “Bohle bao e leng Lipaki Tsa Jehova tse kolobelitsoeng ba kōptjoa hore ba itlhahise tselaneng e ka bochabela mokatong o ka tlaase.”
Qetellong, Lipaki li ile tsa hlaha butle-butle ka lifahleho tse tletseng pososelo. Samuel oa hlalosa: “Li ne li sekisitse meokho ea thabo. Li ile tsa re shakarela tsa re haka le ho re tšoara ka matsoho. Li ne li tšaba ho re tlohela esere ra lahlehelana ka har’a letšoele.” Ka Labohlano le ka Moqebelo, ho ile ha fumanoa Lipaki tse 24 ’me tsa isoa setsing sa liphallelo sa Lipaki.
Boholo ba tsona li ne li se na letho le tšoarehang haese feela liaparo tse tšoehlang tse ’meleng. Paki e ’ngoe e ne e nkile lebokose le lenyenyane, le lekanang le lebokose la lieta. Le ne le tšetse lipampiri tsa bohlokoa—e le sohle seo e khonneng ho se pholosa sefefong seo se senyang.
Lebaleng la lipapali la Astrodome, batho ba bangata ba ile ba hlokomela hore baholo ba neng ba tlile moo e ne e le basebeletsi ba Lipaki Tsa Jehova ’me ba ile ba ea ho bona, ba kōpa Libibele le lingoliloeng tsa Bibele. Ba ile ba kōpa Libibele tse fetang 220. Lipaki li ile tsa boela tsa fa batho Tsoha! ea August 8, 2005, e nang le lihlooho tse buang ka likoluoa tsa tlhaho.
Ba Bang ba Khutlela Malapeng a Bona
E mong ea pholohileng sefefong seo se matla ke motlalehi oa litaba ea nang le boiphihlelo ebile e le mookameli oa seteishene sa thelevishene sa New Orleans. Ka lebaka leo, o ne a bone tšenyo e ngata e ’nileng ea etsahala nakong e fetileng. O ile a khutlela ha hae Jefferson Parish, Louisiana, ho ea pholosa e ’ngoe ea thepa ea hae. O re: “Ke ile ka haroha letsoalo. Tšenyo e ne e bile e feletseng. Thelevisheneng re ne re ile ra bona ha likhohola li tlōla limōtōmōtō tse hahetsoeng ho thibela meroallo ’me likanale li thiboloha. Empa meea e matla le eona e ile ea baka tšenyo e khōlō. Mohaho oo ke neng ke lula ho oona o ne o senyehile hampe. Ho ne ho e-na le hlobo, lintho li bolile ’me ho nkha phu! E ne e le seputa feela. Ruri ho ne ho tšabeha. Empa bonyane re ntse re phela.”
Alan ea boletsoeng qalong, qetellong o ile a khutlela ha hae Metairie, motse-toropo o ka bophirimela ho New Orleans. Sefefo seo se ne se ripitlile hohle. O re: “Ho ne ho sithabetsa maikutlo haholo ho bona seo, ho ne ho nyarosa. E ne eka bomo ea athomo e lahletsoe motseng. Ha ho tšoane le ha motho a utloa se etsahetseng litabeng kapa a se bona thelevisheneng. Ha u se u tsamaea kapa u khanna motseng oa heno ’me u bona tšenyo le thipitlo sebakeng se seholo joalo, e-ba taba e ’ngoe e fapaneng hōle. Ha ho bonolo ho e amohela.
Ka mohlala, letsuka la teng e ne eka la nama e bolileng, ho nkha ntho e shoeleng. Likhoebo tse ngata li ne li senyehile ka ho feletseng kapa li hohotsoe ke metsi. K’honeng e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho eme mapolesa le masole. E ne eka ke lebaleng la ntoa.”
Thuso e ’Ngoe ea Liphallelo
Ba boholong motseng, naheng le pusong ba ile ba etsa litokisetso tsa liphallelo. Mokhatlo o ka sehloohong oa ’muso o ileng oa thusa e ne e le oa FEMA (Federal Emergency Management Agency). Mekhatlo e meng e ile ea fana ka thuso ho ba likete ba amehileng. Lijo tse ngata, liaparo le metsi li ile tsa isoa ka literaka libakeng tseo sefefo se neng se puputlile haholo ho tsona. Ka potlako FEMA e ne e qalile ho ngola licheke le ho fana ka lithuso tse ling tsa lichelete e le ho thusa batho hore ba be le seo ba phelang ka sona matsatsinyana kapa libekenyana ka mor’a moo. Ho sa le joalo, Lipaki Tsa Jehova tsona li ne li etsa’ng?
Ho Lekola Tšenyo le ho Lokisa
Hang ka mor’a sefefo seo se matla, Lipaki li ile tsa hlophisa lihlopha tse hlahlobang hore li ee libakeng tse senyehileng ’me li fumane hore na ke malapa a makae a Lipaki le Liholo Tsa ’Muso tse senyehileng kapa tse ripitliloeng. Li ne li tla etsa mosebetsi oo o moholo joang? Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se Brooklyn, New York, se ile sa fana ka tumello ea hore ho thehoe likomiti tsa liphallelo tlas’a tataiso ea Komiti ea Lekala ea United States. Ka mor’a moo, Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka tse tsoang likarolong tse ngata tsa United States li ile tsa mengoa hore li qale ho haha bocha.a Li finyelletse eng?
Ka la 17 February, 2006, sehlopha sa liphallelo sa Long Beach, Mississippi, se ile sa tlaleha hore mahaeng a 632 a Lipaki a neng a senyehile sebakeng seo, ho se ho lokisitsoe a 531 ’me a 101 a ntse a tlameha ho lokisoa. Lipaki li boetse li thusitse baahelani bao e seng Lipaki. Marulelo a Liholo Tsa ’Muso tse 17 a ne a senyehile hampe, ’me bohareng ba February, ho ne ho se ho ruletsoe bocha Liholo tse 16 tsa tsona. Ho thoe’ng ka komiti ea Baton Rouge, Louisiana?
Sehlopha sena se hlokomela sebaka sa Louisiana, seo e leng sona se puputliloeng haholo ke Leholiotsoana Katrina. Mahaeng a 2 700 a Lipaki a hlokang ho lokisoa sebakeng seo, a 1 119 a ne a se a lokisitsoe bohareng ba February, ka hona, ho ne ho sa na le mosebetsi o moholo o tobaneng le komiti eo ea liphallelo. Le teng, baahelani le malapa a neng a hloka haholo a ile a thusoa. Liholo Tsa ’Muso tse 50 li ne li senyehile hampe. Ka February, ho ne ho se ho lokisitsoe tse 25. Texas teng sehlopha sa Houston se ne se tlameha ho lokisa mahae a 871 a sentsoeng ke Leholiotsoana Rita ka September. Ka la 20 February, ho ne ho se ho lokisitsoe mahae a 830.
Seo Batho ba Ithutileng Sona ka Katrina
Ba likete ba ileng ba fumanoa ke Katrina ba ithutile thuto e ba thusitseng ho hlokomela hore ho mamela temoso ke ntho ea bohlokoa haholo. Ka sebele, ba bangata ba ka pheta mantsoe a Joe ea qotsitsoeng qalong, ha a ne a re: “Nakong e tlang ha ho thoe ‘iu!’ ke tla ba oa pele oa ho baleha!”
Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho fana ka thuso ho ba amehileng sebakeng sa Gulf. (Bagalata 6:10) Leha ho le joalo, mosebetsi oa tsona hase feela oa ho fana ka liphallelo. Ho e-na le hoo, mosebetsi o ka sehloohong oa Lipaki Tsa Jehova—o etsoang linaheng tse 235 lefatšeng ka bophara—ke oa ho fana ka temoso ea bohlokoa le ho feta ea sefefo se seng se tlang. Bibele e bolela esale pele hore haufinyane Molimo o tla felisa tsamaiso ena ea lintho e sa tšabeng Molimo, a hloekise lefatše la rōna le ho le khutlisetsa boemong boo a neng a rerile hore le be ho bona. Haeba u rata ho tseba hore na Bibele e ruta eng ka nako ena ea kahlolo, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse hlahang leqepheng la 5 la makasine ena.—Mareka 13:10; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 14:6, 7; 16:14-16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka li entsoe ka lihlopha tsa baithaopi ba Lipaki Tsa Jehova ba nang le tsebo e pharaletseng ea ho haha le ho nchafatsa Liholo Tsa ’Muso. Ho na le lihlopha tse ka bang 100 tsa tsona United States hammoho le tse ling tse ngata lefatšeng ka bophara.
[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
Khubu ea Leholiotsoana Katrina ha le shebiloe ka sathelaete
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
NOAA
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
New Orleans e neng e aparetsoe ke likhohola
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/David J. Phillip
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Leholiotsoana Katrina le sentse mehaho ’me la bolaea ba bangata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Ben Sklar
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Lebala la lipapali la Astrodome le Houston, Texas, le ile la fana ka bolulo ho batho ba ka bang 16 000 ba neng ba balehile mahaeng a bona
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Baholo ba Bakreste ba batla Lipaki har’a batho ba balehileng mahaeng a bona
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Lipaki li ile tsa thaba haholo ha matlo a tsona a lokisoa
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Baithaopi ba lokisa marulelo a senyehileng hampe
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Baithaopi ba ile ba fana ka lijo
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Alan