Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/06 maq. 24-27
  • Silika—“Morena oa Masela”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Silika—“Morena oa Masela”
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sephiri sa Tlhahiso ea Silika
  • Baohli ba Sebetsang ka Lenyele
  • Kamoo Lesela la Silika le Etsoang
  • Tepo ea Sekho
    Tsoha!—2008
  • Ho Nka Malebela ho Likho
    Tsoha!—1992
  • Tepo ea Sekho e Hlollang!
    Tsoha!—2014
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 6/06 maq. 24-27

Silika—“Morena oa Masela”

KA MONGOLI OA TSOHA! JAPANE

TSE ling tsa liaparo tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng—ho akarelletsa kimono ea Majapane, sari ea Maindia le hanbok ea Makorea—li na le ntho eo li tšoanang ka eona. Ka tloaelo li entsoe ka silika, lesela le benyang le ’nileng la bitsoa morena oa masela. Ho tloha lapeng la borena nakong e fetileng ho fihlela ho bafo mehleng ea kajeno, batho lefatšeng ka bophara ba ’nile ba haptjoa ke botle bo hlollang ba silika. Empa pele e ne e sa fumanehe hohle joaloka hona joale.

Mehleng ea boholo-holo, silika e ne e hlahisoa Chaena feela. Ho ne ho se naha e ’ngoe e tsebang ho e hlahisa, ’me motho leha e le ofe Chaena ea neng a ka phunya lekunutu la tšoele ea silika, o ne a ka nkoa e le lehlabaphio ’me a bolaoa. Ha ho makatse ke hona hore silika e ile ea bitsa chelete e ngata haholo kaha e ne e hlahisoa feela ke Chaena. Ka mohlala, nakong eo ’Muso oa Roma o neng o busa lichaba tse ling, silika e ne e nkoa e le ea bohlokoahali.

Qetellong Persia e ile ea laola silika eohle e tsoang Chaena. Leha ho le joalo, theko ea eona e ne e ntse e phahame ’me boiteko ba bahoebi ba ho pota Persia ka thōko ha boa ka ba atleha. Joale Moemphera Justinian oa Byzantium o ile a loha leano. Hoo e ka bang ka 550 C.E., o ile a roma baitlami ba babeli ba banna Chaena ho ea phetha thomo ea lekunutu. Ba ile ba khutla ka mor’a lilemo tse peli. Ka har’a lirotang tsa bona ho ne ho patiloe letlotlo leo e leng khale le letetsoe—mahe a tšoele ea silika. Sephiri se ne se utulotsoe. Silika ha ea ka ea hlola e hlahisoa ke naha e le ’ngoe feela.

Sephiri sa Tlhahiso ea Silika

Silika e hlahisoa ke tšoele ea silika, kapa pōpane ea eona. Ho na le mefuta e makholo ea tšoele ea silika, empa lebitso la saense la tšoele e hlahisang silika ea boleng bo holimo ke Bombyx mori. Ho hlokahala tšoele e ngata ho etsa lesela la silika, e leng ho entseng hore bahoebi ba rue tšoele. Lelapa la Shoichi Kawaharada, le lulang Seterekeng sa Gunma, Japane, ke le leng har’a malapa a ka bang 2 000 naheng eo a ntseng a etsa mosebetsi ona o thata. Ntlo ea hae e mekato e ’meli, e hahiloeng ka morero ona oa ho rua tšoele ea silika, e haufi le leralla le okametseng moru oa lifate tsa ’murubei (1).

Tšoele e tšehali ea silika e behela mahe a ka bang 500, ao le le leng la ’ona le ka bang boholo la hloohoana ea phini (2). Ka mor’a matsatsi a ka bang 20, mahe ao aa qhotsoa. Tšoele e nyenyane e qhotsitsoeng e batla ho lula e ja nako ena kaofela. Bosiu le motšehare, e ja makhasi a ’murubei—’me e ja ’ona feela (3, 4). Matsatsing a ka bang 18 feela, tšoele eo ea silika e tla be e hōlile ka makhetlo a imenneng ha 70 ho feta ha e qeta ho qhotsoa ’me e tla be e sotse letlalo ka makhetlo a mane.

Monghali Kawaharada o ruile tšoele ea silika e ka bang 120 000 polasing ea hae. Nakong eo e jang e etsa lerata le kang la pula e nang ka marotholi a matenya a oelang holim’a makhasi. Nakong eo tšoele ea silika e seng e hōlile, boima ba eona bo tla be bo feta ba ha e qeta ho qhotsoa ka makhetlo a 10 000! Joale e se e loketse ho ohla khoele ho etsa kojoana ea eona.

Baohli ba Sebetsang ka Lenyele

Ha tšoele ea silika e se e hōlile, ’mele oa eona o qala ho khanya ho bontša hore joale e loketse ho qala ho ohla. Ha tšoele e se e qala ho hloka botsitso ’me e qala ho batla moo e ka ho ohlelang kojoana ea eona teng, joale ke nako ea hore e kenngoe ka mabokoseng a nang le likamorenyana tse ngata tse sa koalehang. Ke hona moo e ntšetsang tepo ea eona e ntle, e tšoeu (5), e ithatela ka silika.

Ena ke nako e phathahanyang Monghali Kawaharada haholo, kaha tšoele eo palo ea eona e leng 120 000 kaofela, e qala ho ohla hoo e ka bang ka nako e le ’ngoe. Mabokose ao a mangata-ngata a kolokisoa ka kamoreng e ka holimo e pholileng, mokatong oa bobeli moo moea o kenang hamonate (6).

Khabareng, ho etsahala phetoho e hlollang ’meleng oa tšoele. Makhasi a ’murubei a seng a thuisitsoe a fetoha mofuta o itseng oa protheine e bokellanang litšoeleseng tse peli tse lekanang le ’mele oa tšoele ka bolelele. Ha protheine ena e qhatsoa ke litšoelesa tsena, e tsoa e koahetsoe ke ntho e namathelang. Pele e tsoa le lesobaneng le haufi le molomo oa tšoele, litepo tse peli tsa protheine ena lia manamana kaha lia namathela. Ha li hahloa ke moea, joale tepo ena ea silika e mokelikeli e tiea le ho feta ho etsa khoele e le ’ngoe e tiileng.

Hang ha tšoele e qala ho ntša silika, ha e khaotse ho fihlela e qeta ho ithatela ka eona. E ohla ka lebelo la lisenthimithara tse 30 ho ea ho tse 40 ka motsotso, e ntse e bilikisa hlooho. Mohloli o mong oa boitsebiso o hakanya hore nakong eo kojoana e qetoang, tšoele e tla be e bilikisitse hlooho makhetlo a ka bang 150 000. Ka mor’a hore e ohle ka matsatsi a mabeli le masiu a teng, tšoele ea silika e tla be e hlahisitse khoele e bolelele ba limithara tse 1 500. Boo ke bolelele bo ka phetang mohaho o molelele-lelele ka makhetlo a mane!

Ka beke feela, Monghali Kawaharada o tla be a bokeletse likojoana tse 120 000, tseo a li romelang libakeng tse etsang masela. Ho etsa kimono, ho hlokahala likojoana tse 9 000 ’me bakeng sa thae ho hlokahala tse 140, athe sek’hafo sona se ka hloka tse fetang 100.

Kamoo Lesela la Silika le Etsoang

Mosebetsi oa ho harolla kojoana ea silika, e hareloa toloking oa qala. Mosebetsi oo o qalile joang? Ho na le litšōmo le likhopolo-taba tse ngata. E ’ngoe ke e reng Hsi Ling-Shi, mosali oa Moemphera oa Chaena, o ile a hlokomela hore kojoana ea tšoele e tsoang sefateng sa ’murubei e oetse ka koping ea hae ea tee. Moo a lekang ho e ntša, o ile a bona ho haroloha khoele e bonojoana ea silika. Sena se ile sa qala mosebetsi oa ho e harolla, oo kajeno o etsoang ka mechine.

E le hore kojoana ena e rekoe, pōpane e ka har’a eona e lokela ho bolaoa pele e ka qhotsa. Ho sebelisoa mocheso ho phetha mosebetsi ona o sehlōhō. Likojoana tse seng boemong bo botle lia ntšoa ’me tse setseng ke tse seng li ka sebetsoa. Pele ho tsohle, likojoana tsena li kenngoa ka metsing a chesang kapa ka mouoaneng e le hore li phutholohe. Joale ntlha ea khoele e hareloa borasheng (7). Ho itšetlehile ka hore na ho batloa khoele e tenya hakae, ho ka kopanngoa likhoele tse peli kapa ho feta tsa likojoana tsena ho etsa khoele e le ’ngoe e ohliloeng. Khoele eo ea oma ha e ntse e hareloa toloking. Khoele eo ea silika e hareloa hape toloking e khōloanyane ho etsa rolo e boholo le boima bo batloang (8, 9).

E ka ’na eaba u ’nile ua utloa lesela la silika le le boreletsana le bile le le bonojoana hoo u ’nileng ua batla ho pholla sefahleho sa hao ka lona. Ke eng e etsang hore boleng ba lona bo ikhethe? Lebaka le leng ke tsela eo ho tlosoang protheine ela e khomarelang. Silika e sa ntšoang protheine eo e khomarelang ea hoasha ’me ho thata ho e daea. Lesela la jujete le na le ho hoasha ho itseng hobane protheine eo ha ea tsoa kaofela.

Lebaka la bobeli ke hore na khoele ha e ohloa e sotheha hakae. Lesela la Sejapane la habutai le bonojoana, le boreletsana. Likhoele tsa lona haeba li sothiloe, ke hanyenyane feela. Ka lehlakoreng le leng, lesela la kerempelina lona le tiile ebile ha le boreleli. Likhoele tsa lona li ile tsa sotheha haholo.

Mosebetsi o mong oa bohlokoa ke oa ho le daea. Ho bonolo ho daea silika. Protheine e ho eona e etsa hore dae e kenelle hantle leseleng, ’mala o loee ’me o se ke oa tsoa habonolo. Ho phaella moo, ho fapana le masela a mang a maiketsetso, silika eona e na le liathomo tse sa tšoaneng, ho bolelang hore dae leha e le efe e tla ntša ’mala o motle. Silika e ka dauoa e sa le khoele e ohliloeng pele e lohelloa foreiming ea ho loha (10) kapa ea dauoa e se e le lesela. Mofuteng o tummeng oa yuzen oa ho daea li-kimono, ho torouoa lipaterone ebe li dauoa ka letsoho ka mor’a hore silika e lohuoe.

Le hoja hona joale silika e hlahisoa ke linaha tse kang Chaena le India, baqapi ba lifeshene ba Fora le ba Italy ba ntse ba ipetsa pele lefatšeng ka lifeshene tsa silika. Kajeno ho sebelisoa masela a entsoeng ka lintho tsa maiketsetso a sa bitseng chelete e ngata, a kang la rayon le la nylon ho etsa liaparo. Leha ho le joalo, silika eona e ntse e se na thaka. Mookameli oa Musiamo oa Silika o Yokohama, Japane, o re: “Esita le hona joale ha ho se ho tsoetsoe pele haholo saenseng, silika e ntse e ke ke ea etsisoa ka lintho tsa maiketsetso. Re tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho qala ka hore na molek’hule ea eona e entsoe joang ho fihlela le tseleng eo e hahehileng ka eona. Empa re sitoa ho e etsisa. Sena ke se bitsa sephiri sa silika.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

BOLENG BA Silika

E thata: Khoele ea silika e tiile joaloka boseka.

E ea benya: Silika e na le ho benya ho hotle ho kang ha perela. Sena se etsoa ke liprotheine tsa silika tse lohellaneng tse bonaletsang joaloka khalase e hlahisang mebala e sa tšoaneng khanyeng.

E bonojoana letlalong: Li-amino acid tse etsang silika li bonojoana letlalong. Ho boleloa hore silika e sireletsa motho mafung a sa tšoaneng a letlalo. Litlolo tse ling li entsoe ka phofshoana ea silika.

E monya mongobo: Li-amino acid le masobana a leseleng la silika a monya le ho ntšetsa ka ntle boholo ba mofufutso, motho a sale a omme a bile a pholile hamonate ha ho chesa.

Ha e tšoare mocheso: Silika ha e che habonolo ’me ha e ntše khase e chefo haeba e cha.

Ea sireletsa: Silika e monya mahlaseli a kotsi a letsatsi ’me ka hona e sireletsa letlalo.

Ha e qhome litlhase: Kaha silika e na le liathomo tse sa tšoaneng, hape e monya mongobo, hase habonolo e qhomang litlhase joaloka masela a mang.

HO HLOKOMELA Silika

Ho e hlatsoa: Ka tloaelo ho molemo ho isa liphahlo tsa silika dry-clean. Haeba u e hlatsoa lapeng, sebelisa sesepa se seng matla haholo ka metsi a foofo (a likhato tse ka bang 30 tsa Celsius). E-ba hlokolosi, u se ke ua e suha ’me u se ke ua e tlhotla. E anehe hore e ome.

Ho e aena: E porese. Leka ho e aena ho leba moo likhoele tsa eona li lebileng teng mochesong o ka etsang likhato tse 130 tsa Celsius. Sebelisa mouoane o fokolang feela oa aene, kapa ho hang u se ke oa o sebelisa.

Ho ntša matheba: Hang ha seaparo sa silika se qaphaletsoa ke ho itseng, se hlanolele ’me u se behe holim’a lelapi le ommeng. U se ke ua phumola letheba empa u le phaphathe ka lelapi le mongobo. Joale ebe u isa seaparo dry-clean.

Ho e beha: Qoba sebaka se lesoe, hlokomela tšoele ’me u qobe khanya. Sebelisa ntho e fanyehang liaparo e koahetsoeng ka seponche, ho seng joalo, e behe e mennoe mameno a seng makae feela.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Likojoana tsa silika

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 26]

Photos 7-9: Matsuida Machi, Annaka City, Gunma Prefecture, Japan; 10 and close-up pattern: Kiryu City, Gunma Prefecture, Japan

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela