Ho Nka Malebela ho Likho
NA U tlōlela morao ha u bona sekho? Esita le haeba ho joalo ho ba bang ba rōna mohlomong re ile ra tsota, le hoja re sa rate, moetso o motle oa tepo ea sekho. Hape ba bang ba rōna re utloile hore tepo ke boqapi bo tsotehang. Empa ho thoe’ng ka ntho eo tepo e entsoeng ka eona—silika?
Bo-rasaense le lienjinere li ’nile tsa makatsoa ke silika e lahisoang ke likho tse ling, liboko tsa silika, le lintsintsi. Christopher Viney, mothusi oa moprofesa oa bioengineering ’me e le enjinere ea metallurgy Univesithing ea Washington, U.S.A., o ile a etsa phuputso e khethehileng ka sekho se etsang silika ka ho e phikolosa. Ho latela koranta ea Toronto, Canada, The Globe and Mail, o ile a fumana hore e ’ngoe ea mefuta e mehlano ea silika eo sekho sena se e etsang e matla ho feta steel—ha e le hantle, e tiile ka makhetlo a leshome ho feta Kevlar, fiber e matla e iketselitsoeng e sebelisoang bakeng sa liaparo tse thibelang kulo ea sethunya, ’mele ea likepe, le likoloi tsa ntoa!
Bo-rasaense ba Lebotho la U.S. ba tsebile ho etsa metsoako e tšoanang le ea fibroin, proteini eo silika ena e entsoeng ka eona. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba fumana hore hase feela metsoako ea silika e ikarabellang bakeng sa litšoaneleho tsa eona tse makatsang; hape ke tsela eo ka eona sekho se phikolosang motsoako ona. Moo ho etsoang silika ea sekho, silika e ba boemong ba mokeli-keli o kang kristale. Likaroloana tsa eona li latellana ho etsa letoto le lelelele le bitsoang polymers, le nang le matla a maholo a hore e se ke ea taboha. Leha ho le joalo, Viney o ikutloa a kholisehile hore ka lisebelisoa tse khethehileng tsa ho etsa fiber, qetellong bo-rasaense ba tla ithuta ho etsisa ketso ena ka ho tšoanang.
Viney o bolelletse The Globe and Mail: “Likho li sa ntse li re phahametse,” empa o ile a phaella, “Ke mang ea tsebang? Mohlomong re ka ntlafatsa ho li feta.” Mohlomong ho ka etsahala; mohlomong ho ke ke. Leha ho le joalo, tlotla bakeng sa moqapi oa pele e tla ’ne e ee ho eo e leng Mohloli o le mong feela—Ea bōpileng lintho tsohle, Jehova.—Tšenolo 4:11.