Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/13 leq. 16
  • Pono e Lerootho ea Sekho se Qhomang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pono e Lerootho ea Sekho se Qhomang
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tepo ea Sekho e Hlollang!
    Tsoha!—2014
  • Ho Nka Malebela ho Likho
    Tsoha!—1992
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2013
  • Re ka Ithuta Eng Ka Pōpo ea Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 3/13 leq. 16

NA E ENTSOE?

Pono e Lerootho ea Sekho se Qhomang

SEKHO se qhomang se na le pono e ikhethang e se thusang ho lekanya hantle bohōle ba sebaka seo se lokelang ho qhomela ho sona. Se etsa see joang?

Ak’u nahane: E le hore se lekanye bohōle ba sebaka sa ntho e itseng, sekho sena se sebelisa karolo e ikhethang ea mahlo a sona a maholo, a nang le retina e nang le likarolo tse ’nè. Le hoja ’mala o motala o bonahala ka ho hlaka karolong e ’ngoe, karolong e ’ngoe teng o bonahala o le lerootho. Ha setšoantšo se sa bonahale ka ho hlaka karolong eo, sena se bolela hore ntho eo sekho sena se e bonang e haufinyane haholo le sona. Mokhoa ona o thusa sekho ho lekanya hantle sebaka seo se lokelang ho qhomela ho sona, e le hore se tšoare phofu ea sona.

Bafuputsi ba batla ho etsisa mokhoa ona oo sekho se qhomang se o sebelisang e le hore ba etse lik’hamera tsa 3-D le liroboto tse ka khonang ho lekanya bohōle ba ntho e itseng. Ho latela mocha oa litaba oa Inthanete o bitsoang ScienceNOW, mokhoa oa pono oa sekho se qhomang “ke mohlala o hlollang oa kamoo kokoanyana e boholo ba halofo ea senthimithara, eo boko ba eona bo leng bonyenyane le ho feta ba ntsintsi, e khonang ho bokella le ho sebelisa boitsebiso bo rarahaneng.”

U nahana’ng ka see? Na pono e lerootho ea sekho se qhomang e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela