Re ka Ithuta Eng Ka Pōpo ea Molimo?
MAEBA a fumana tsela ea ’ona ka ho sebelisa lihlotšoana tsa matla a hohelang a li supisang tsela a ka lihloohong le melaleng ea ’ona. Litlhapi tse ling li hlahisa motlakase. Mefuta e mengata ea linonyana e ntša letsoai le lengata haholo la metsi a leoatle ao li a noang. Litlhapi tse ling tse nang le likhaketlana li na le mekotjana e ka tlalang metsi ha li qoela kapa ea tlala moea hore li tle li tsebe ho phaphamala hape.
E, hore na oa ho hlokomela kapa che, ha motho a sebelisa sesupa-tsela, a fehla motlakase, a qapa sekepe se tsamaeang ka tlas’a metsi, kapa a monya letsoai metsing a leoatle, ha e le hantle o mpa feela a etsisa pōpo ea Molimo.
Ka sebele, pōpo ea Molimo e na le lintho tse ngata tse rutang ho motho hoo ka linako tse ling e bitsoang “buka ea tlhaho.” Ka mohlala, bionics ke lekala le leng la tsa mahlale le inehetseng tšebetsong ea sebele ea litsamaiso tse fumanoang pōpong. Tsena li akarelletsa mapheo a lifofane a nang le litšobotsi tse kang tsa a linonyana, likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse bopehileng joaloka li-dolphin, le libopeho tse khethehileng tse entsoeng joaloka masapo a motho. Empa na tsebo ea mahlale ke sona phetho seo “buka ea tlhaho” e fanang ka sona?
Che, ka linako tse ling e fana ka lithuto tse sebetsang tsa boitšoaro ba tlhaho. Ka mohlala, ha e bua ka bohlale ba tlhaho ba bohloa bakeng sa mahlaha-hlaha, buka ea Bibele ea Liproverbia ea eletsa: “Hela sekhoba! E-ea ho bohloa, u qamake mekhoa ea bona, u tle u hlalefe. Ha bo na molisa, leha e le mohlahlobi, kapa morena; leha ho le joalo, bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula, bo ipokellela lijo ha ho kotuloa.”—Liproverbia 6:6-8.
Leha ho le joalo, ethology, thuto ea mahlale e bolelang hore e fumana lithuto tse itseng ka mokhoa oo liphoofolo li itšoarang ka oona, e na le mefokolo ea eona. Tsela eo motho a itšoarang ka eona e ke ke ea beoa ka ho toba boemong bo tšoanang le ba liphoofolo. Liphapang tse ka eloang hloko, tse kang puo le mokhoa oa ho nahana o rarahaneng haholoanyane le o se nang moeli ho motho, li tlameha ho nahanoa. Joalokaha mohlalefi e mong a beile tjena: “Ha re litšoene tse makhethenyana feela tjee.” Likelello tsa rōna “li re etsa hore re fapane ka litšoaneleho libopehong tse ling tsohle tsa bophelo.”
Ho feta moo, ho na le lipotso tse ling tseo boithuto bo haufi-ufi ka pōpo feela bo ke keng ba li arabela. Tsena li akarelletsa: Na bophelo bo na le morero? Na Molimo o teng, haeba joalo, na oa re tsotella? Joale a re boneng hore na lipotso tse joalo li ka arabeloa.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]
Pōpo E Bile le Eona Pele: Tšepe e sebelisoang ho batla lintho tse tebileng metsing
Bo-’mankhane ba hlomelletsoe ka mokhoa o itseng o tšoanang le oa tšepe ena, o ba nolofaletsang ho fumana le ho latela metsamao ea lintho tseo ba li jang ka ho romela melumo le ho hlalohanya melumo e khutlelang ho bona. Empa mofuta o mong oa tšoèlè (dogbane tiger) o na le matla a ho hasa melaetsa ea maqhubu a molumo a tšoanang le a sera sa oona hore se se ke sa a utloisisa. Ha a fumana melaetsa, ’mankhane, ka baka la ho hloka nako e lekaneng ea ho hlalohanya hore na ke tšitiso kapa che, ka hloko o qoba tšoèlè eo.
Moprofesa James Fullard, oa univesithi ea Toronto, Canada, o ile a hlalosa ho hlolloa ha hae, ka hore: “Ntho e makatsang ke boitsebiso bo bongata bo hlakileng bo tsoelang pele le liqeto tse tebileng tsa bohlale ba kelelllo tse sebelisoang ke bo-’mankhane le litšoèlè, li sebelisa palo e fokolang haholo ea methapo ea hlooho. Li bontša tekanyo ea ho baballa le tsoelo-pele e rarahaneng tse neng li ka laba-labeloa ke litsebi tse sebelisang bohlale tsa ntoa ea moeeng.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
Pōpo E Bile le Eona Pele: Tšepe e Sebelisetsoang ho Qoela
Qalong ea lekholo la bo16 la lilemo, Leonardo da Vinci ho thoe o ile a qapa ntho e sebelisetsoang ho qoela. Empa sekho se bitsoang Argyroneta aquatica se ne se se se ntse se entse mokhoa oa ho phefumoloha se le ka tlas’a metsi. Joalokaha Andrée Tétry a hlalosa bukeng ea hae Les outils chez les êtres vivants (Lisebelisoa tse Sebelisoang ke Lintho tse Phelang), sekho sena se “lula melatsoaneng e phallang butle har’a limela tse metseng kahare ho metsi ’me se rokahanya har’a tsona ntloana e ntle, e tšoeroeng feela sebakeng ke litepo tse ngata. Ha se khutlela kaholimo ho metsi. . . . Sekho ka potlako e khōlō, se fumana lipululoana tsa moea ka boea bo thibelang metsi bo mpeng ea sona. . . . Sekho se boetse se khutlela tlaase ’me se ntšetsa lipululoana tsa moea ka tlas’a ntloana eo e rarahaneng ea litepo tse bonojoana. Lipululoana joale li phahamela holimo ho ea ipōpa-popa ka ntloaneng.” Ka maeto a phetoa-phetoang, sekho se bokella moea o lekaneng ho o sebelisa letsatsi se le ka tlas’a ‘tšepe’ eo se iketselitseng eona, moo se jelang ntho eo se e tšoasitseng bosiu. Ka sena, Tétry oa phaella: “Kahoo, lintho tse sebelisoang ke motho ha a qoela, li lumellana hantle le mekhoa e khethehileng ka ho fetisisa e bonoang tlhahong.”