Bacha Baa Botsa . . .
Ke Lokela ho Etsa’ng ka Bophelo ba Ka?
“Qalong, ke ne ke sa tšoenyeha ka bokamoso. Empa ha ke se ke le haufi le ho qeta sekolong, ke ile ka hlokomela hore ha ke tloha moo, ke il’o phela lefatšeng la sebele, le hlokang hore batho ba sebetse. ’Me ba kene likolotong.”—Alex, 17.
NA HA u sa le ngoana, u kile ua nahana ka seo mohlomong u tlang ho ba sona ha u se u hōlile? Hona joale u nahana’ng ka takatso eo? Na ha u tsebe hantle hore na u tla etsa’ng ho iphelisa ha u se u le moholo? Haeba ho joalo, ha u mong. Buka e reng Career Coaching Your Kids, e re: “Ho etsa qeto ea mosebetsi oo motho a batlang ho o etsa ke e ’ngoe ea lintho tse thata tseo bacha ba lokelang ho khetha ho tsona.”
Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba hona joale ha u nahane le hanyenyane feela ka taba ea mosebetsi oo u batlang ho u etsa. Mohlomong ka kelellong ea hao ho luma boithabiso. Ha ho letho le phoso ka ho ithabisa, kaha Bibele e re u “thabele bophelo ha u sa le mocha!” (Moeklesia 11:9, Contemporary English Version) Leha ho le joalo, ena ke nako e loketseng ea hore u qale ho nahana ka seo u tlang ho se etsa ka bophelo ba hao. Liproverbia 14:15 e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” U ka nahana ka mehato ea hao joang?
“Tseba Moo U Eang Teng”
Nka hore u lokisetsa ho nka leeto la lik’hilomithara tse ngata hōle le hae. Mohlomong u ne u tla qala ka ho sheba ’mapa ho bona hore na tsela e hantle ke efe. Hoa tšoana le ha u rera bokamoso. Mohlankana e mong ea bitsoang Michael ea sebeletsang ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, o re: “Ho na le lintho tse ngata tseo u ka khethang ho tsona.” U hloaea joang seo u lokelang ho se khetha linthong tseo tse ngata? Michael o re: “Ho itšetlehile ka lipakane tsa hao.”
Nka hore pakane ea hao ke sebaka seo u batlang ho ea ho sona. U ke ke ua fihla ho sona haeba u itsamaela feela u se na morero. Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, ho ka ba molemo ha u ka ntša ’mapa ebe u sheba tsela eo u lokelang ho e nka. Ka tsela eo u tla be u latela keletso e ho Liproverbia 4:26, ha e re: “Batalatsa tsela ea leoto la hao.” Contemporary English Version eona e fetolela poleloana eo ka ho re: “Tseba moo u eang teng.”
Lilemong tse tlang, u tla etsa liqeto tse ngata tsa bohlokoa tabeng ea borapeli, mosebetsi, lenyalo, lelapa le lintho tse ling tsa bohlokoa. U tla nolofalloa ho etsa liqeto tse bohlale haeba u tseba moo u eang. ’Me ha u ntse u rera tsela eo u tla phela ka eona, ho na le ntlha e ’ngoe eo u sa lokelang ho e hlokomoloha.
“Hopola ’Mōpi oa Hao”
E le hore u thabe e le kannete, u lokela ho nka ka ho teba mantsoe a Morena Solomone ea bohlale, ha a re: “Hopola ’Mōpi oa hao ha u sa ntse u le mocha.” (Moeklesia 12:1, Today’s English Version) Tsela eo u khethang ho phela ka eona e lokela ho susumetsoa ke takatso ea ho khahlisa Molimo.
Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa? Bibele e re ho Tšenolo 4:11: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” E, libōpuoa tsohle tse leholimong le lefatšeng li na le lebaka la ho leboha ’Mōpi. Na u ananela hore o u file “bophelo le phefumoloho le lintho tsohle”? (Liketso 17:25) Na ha u ikutloe u susumelletseha ho busetsa ho itseng ho Jehova Molimo ho bontša hore u ananela sohle seo a u fileng sona?
Bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba lulang ba hopola ’Mōpi oa bona ba khethile ho hahamalla tšebeletso ea nako e tletseng. ’Nete ke hore tšebeletso ea nako e tletseng ke pakane e babatsehang, e tlisang litlhohonolofatso tse se nang palo. (Malakia 3:10) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore motho a nahane ka eona esale pele. Ka mohlala, ipotse, ‘Ke tseba ho etsa’ng eo nka iphelisang ka eona ha ke le tšebeletsong ea nako e tletseng?’
Kelly, ea lilemo li 27 hona joale, o qalile ho rala lintho a sa le tlaase lilemong. O ne a e-na le pakane e tobileng ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ha Kelly a habile lilemo tse 20, o ile a qalella “ho rala tsela eo a tla e nka” ha ho tluoa tabeng ea mosebetsi. O re: “Ke ne ke lokela ho khetha mosebetsi o tla ’nolofalletsa ho iphelisa ha ke le tšebeletsong.”
Kelly o ile a ithutela ho ba mothusi oa ngaka ea meno sekolong se phahameng sa mosebetsi oa matsoho. O ile a ba a hapa khau tlhōlisanong ea naha. Empa katleho eo a ileng a e finyella ha ea ka ea mo lebatsa pakane ea hae e ka sehloohong. Kelly o re: “Seo ke neng ke hlile ke batla ho se etsa ke ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Lintho tse ling tsohle li ne li latela.” Kelly o ntse a thabela tšebeletso ea nako e tletseng. O re: “Ke nahana hore qeto eo ke e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa.”
Kōpa Thuso
Ha u tsamaea sebakeng seo u sa se tloaelang, ha u fihla kae-kae u ka ’na ua tlameha ho kōpa thuso—esita le haeba u nkile ’mapa. U ka etsa se tšoanang le ha u rera bokamoso. Batla maikutlo a ba bang. Liproverbia 20:18 e re: “Ka keletso merero e tiisoa ka thata.” Ke ’nete hore batsoali ba hao ba ka u fa keletso e molemo. U ka boetse ua kōpa keletso ho Bakreste ba hōlileng tsebong ba bonahatsang bohlale ba bomolimo bophelong. Roberto o re: “Sheba batho ba baholo ba behang mohlala o motle ka phuthehong ea heno kapa libakeng tse ling tse haufi. Ba ka u bolella tse ling tsa lintho tseo u neng u sa li nahane le ho li nahana.”
Ho feta motho leha e le ofe e mong, Jehova Molimo o batla ho u thusa hore u etse khetho e tla u tlisetsa thabo e khaphatsehang. Kahoo mo kōpe hore a u thuse ho ‘lemoha seo thato ea hae e leng sona’ tabeng ea bokamoso ba hao. (Baefese 5:17) Ha u tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle, “o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ypa
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ U na le tsebo ea ho etsa eng?
◼ Na u ka nahana ka litsela tseo tsebo eo e ka sebelisoang ka tsona ho tlotlisa Jehova?
◼ Ke tšebeletso efe ea nako e tletseng e boletsoeng sehloohong see e ipiletsang ho uena?
[Lebokose le leqepheng la 23]
MOO TSELA E FELLANG TENG
Bibele e re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” Tsela e lebisang leruong e tletse likoti! Qetellong, e fihla bokhutlong ka likoloto, ho tšoenyeha le ho putlama moeeng.—1 Timothea 6:9, 10.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24]
HO BULA MALIBOHO
Mohoeletsi ea bulang maliboho ke Mokreste ea behang mohlala, ea kolobelitsoeng ea itokiselitseng ho qeta bonyane lihora tse 70 khoeli le khoeli a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Koetliso le phihlelo li etsa hore bo-pula-maliboho ba be le tsebo e chorileng e le mesuoe ea Bibele.
TŠEBELETSO EA BETHELE
Litho tsa lelapa la Bethele li sebeletsa liofising tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova, moo li thusang ka tsela e tobileng kapa e sa tobang ho lokisetsa lingoliloeng tsa Bibele, ho li hlahisa le ho li romela libakeng tse ling. Mosebetsi o mong le o mong o etsoang Bethele ke tokelo e halalelang ea tšebeletso.
HO SEBELETSA MOO HO NANG LE TLHOKAHALO
Bo-pula-maliboho ba bang ba khona ho fallela libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea baboleli ba ’Muso. Ba bang ba ithuta puo e ’ngoe ebe ba sebeletsa naheng e ’ngoe kapa le phutheho e sebelisang puo eo.
HO SEBELETSA LINAHENG TSE LING
Basebeletsi ba machaba ba ea linaheng tse ling ho ea thusa ka kaho ea Liholo Tsa ’Muso le mehaho ea makala. Tšebeletso ena e halalelang e tšoana le e neng e etsoa ke batho ba neng ba haha tempele ea Solomone.—1 Marena 8:13-18.
SEKOLO SA HO KOETLISETSOA BOSEBELETSI
Thupelo ea libeke tse robeli e koetlisang baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha mabapi le tsela eo mokhatlo o hlophisitsoeng ka eona le ho bua phatlalatsa. Ba bang ba tsoang thupelong eo ba abeloa ho ea sebeletsa linaheng tsa habo bona; ba bang ba isoa linaheng tse ling.
TŠEBELETSO EA BOROMUOA
Bo-pula-maliboho ba tšoanelehang ba phelang hantle le ba sehlahlo ’meleng ba koetlisetsoa ho ea sebeletsa linaheng tse ling. Baromuoa ba phela ba thabile ba bile ba khotsofetse.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
KE TLA ETSA’NG KA BOPHELO BA KA?
Video ena e hlahisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e hlahisa bacha bao ho buisanoeng le bona Brazil, Brithani, Jeremane le United States, ba senolang se lipelong tsa bona. E tla fumaneha ka lipuo tse ’maloa haufinyane.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Ho itšetlehile ka lipakane tsa hao.”—Michael, setho sa lelapa la Bethele
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa.”—Kelly, o se a qetile lilemo tse 6 e le pula-maliboho
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
“Sheba batho ba behang mohlala o motle.”—Roberto, setho sa lelapa la Bethele