U Tla Araba Joang?
E ETSAHETSE HOKAE?
1. See se etsahetse motseng ofe?
(Tšoaea karabo ka ho etsa selikalikoe ’mapeng.)
Tarsase
Antioke (ea Syria)
Damaseka
Jerusalema
◆ Ke mang ea ka basketeng?
․․․․․
◆ Ke hobane’ng ha a baleha motseng oo?
․․․․․
◼ Se ka Tšohloang: Ke tlas’a maemo afe u ka ’nang ua baleha ha ho le thata? Na Bakreste ba lokela ho lula ba baleha ha ho le thata? Ke hobane’ng ha u arabela joalo?
E ETSAHETSE NENG HISTORING?
Thala mola ho tloha setšoantšong ho ea selemong se nepahetseng.
1513 B.C.E. 1512 1473 1450 468 455
3. Exoda 32:1-6, 19
4. Esdrase 8:1, 21, 31
KE ’NA MANG?
5. Ke ne ke le serōki; mabitso a ka ka bobeli a bolela “Tšephe,” ’me ke ile ka tsosoa bafung.
KE ’NA MANG?
6. Ke ne ke lula haufi le leoatle ’me ka le leng ke ile ka eteloa ke moeti ea tsebahalang ea ratang ho tšoasa litlhapi. Ka bobeli mabitso a rōna aa tšoana.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Araba lipotso tsena, ’me u fane ka (li)temana tsa Bibele tse sieo.
Leqephe 8 Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joang? (Bakolose 3:____)
Leqephe 8 Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho rarolla mathata lenyalong ke efe? (1 Petrose 4:____)
Leqephe 15 Na Molimo o lula sebakeng se itseng se khethehileng? (1 Marena 8:____)
Leqephe 25 U ka fumana keletso e molemo ka ho fetisisa hokae ha u khetha mosebetsi oo u batlang ho o etsa? (Liproverbia 3:____)
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa se etsahalang setšoantšong ka seng ka mantsoe a hao.
(Likarabo li leqepheng la 13)
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Damaseka.—Liketso 9:19, 25.
◆ Saule, eo hamorao a ileng a tsebahala ka hore ke Pauluse.—Liketso 9:17-19.
◆ Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaea hobane a paka.—Liketso 9:22-24.
2. 1450 B.C.E.
3. 1513 B.C.E.
4. 468 B.C.E.
5. Tabitha, kapa Dorkase.—Liketso 9:36-41.
6. Simone mosuhi oa matlalo.—Liketso 10:5, 6.