Tsa Mona le Mane
◼ Selemo se fetileng e bile “se futhumetseng ka ho fetisisa Karolong ea Lefatše e ka Leboea ho tse tlalehiloeng” ’me ea e-ba “sa bobeli se futhumetseng ka ho fetisisa lefatšeng. Lilemo tse robeli ho tse leshome tse bileng mofuthu ka ho fetisisa [tse tlalehiloeng] e bile tsa lilemong tse leshome tse tsoa feta.”—BBC NEWS, BRITHANI.
◼ Nakong eo ho bang le maholiotsoana Atlantic, ka 2005 ho bile le “a matla ka ho fetisisa” le ao “ho ka phehisanoang khang ka ’ona ea hore . . . e bile a senyang ka fetisisa” ho a kileng a tlalehoa. Maholiotsoana a supileng ho a 14 a tlalehiloeng a bile le lifefo tse mathang ka lebelo la lik’hilomithara tse 177 ka hora.—U.S. NATIONAL OCEANIC AND ATMOSPHERIC ADMINISTRATION.
◼ “Ka 1850, ho ne ho e-na le lipokello tsa leqhoa tse fetang 150 Glacier National Park e Montana [U.S.A.]. Hona joale li 27 feela.”—THE WALL STREET JOURNAL, U.S.A.
◼ “’Nete e bohloko ka maano a ’muso mabapi le ho fetoha ha tlelaemete ke ea hore ha ho naha e ka batlang ho tela moruo oa eona molemong oa ho lokisa bothata bona.”—TONY BLAIR, TONA-KHŌLŌ EA BRITHANI.
Mak’hatholike “ka Ntlo le Ntlo”?
Ho ea ka Cláudio Hummes, moarekabishopo oa São Paulo, palo ea Mak’hatholike a Brazil e fokotsehile ho tloha ho liphesente tse 83 ho ea ho tse 67 lilemong tse 14 tse fetileng. Moarekabishopo eo o beha kereke molato oa hore ka mabaka a sa tšoaneng, “ha e khone ho ruta kosepele ka botlalo ho litho tsa eona tse kolobelitsoeng.” Hummes o re: “Re lokela ho finyella batho ba tšepahalang, ka ntlo le ntlo, likolong esita le mekhatlong, e seng feela likerekeng.” Folha Online e bontša hore mosebetsi ona o tla lokela ho phethoa ke litho tse ling tsa kereke tse koetliselitsoeng ho ba baromuoa. Khaello ea baruti ke bo bong ba mathata ao Kereke e K’hatholike, Brazil le linaheng tse ling tsa Latin America e tobaneng le ’ona.
Ho Amoheloa ka Molao Jeremane
Qetong e ileng ea phatlalatsoa ka la 10 February, 2006, Lekhotla le Leholo la Tsamaiso le Leipzig, Jeremane, le ile la liha kahlolo ea hore ’Muso oa Berlin o lokela ho nka Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova e le mokhatlo o sebeletsang sechaba. Kahlolo ena e ile ea rarolla qaka ea nyeoe e hutseng lilemo tse 15, e ’nileng ea tekoa ka pel’a makhotla a ’maloa a Jeremane, ho akarelletsa le Lekhotla le Leholo la Molao oa Motheo. E le mokhatlo o sebeletsang sechaba, Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova, Jeremane, o na le tokelo ea ho se lefisoe lekhetho le ho fumana litokelo tse ling tse fuoang malumeli a ka sehloohong a naha.
Bacha ba Machaena ke Makhoba a Lipapali Tsa Inthaneteng
South China Morning Post, ea Hong Kong, e re: “Ho lemalla lipapali tsa Inthanete ho atile bacheng ba Chaena.” Ho bonahala sena se etsahala le bacheng ba linaha tse ling tsa Bochabela, tse kang Hong Kong, Japane le Rephabliki ea Korea. Koranta eo e re: “Ho thahasella ka ho eketsehileng lipapali tsa elektronike le ho ikhula bathong, ho bontša liphello tse mpe tse tlisoang ke hore batsoali ba lebeletse bana ba bona ho finyella lintho tse ba imelang le tse bakoang ke tlhōlisano e matla ea ho batla ho kena univesithi.” Ho hakanngoa hore bana ba ka bang limilione tse tšeletseng Chaena ba hloka thuso hore ba tsoele bokhoba boo.