Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/06 maq. 20-22
  • Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Fapaneng
  • Ho Thula Thaba ka Phatla
  • Takatso ea ka ea Phethahala
  • Ho Fetola Tsela eo ke Nahanang ka Eona
  • Takatso ea ho Sebetsa Haholoanyane
  • Boikarabelo bo Boholo
  • Jehova o Mphile Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Kulo e Ile ea Fetola Bophelo ba Ka
    Tsoha!—1995
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Matla le Hoja ke Fokola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 8/06 maq. 20-22

Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’

JOALOKAHA HO BOLETSE FRANCESCO ABBATEMARCO

“Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse see hore se etsahale? Ke hobane’ng ha e le ’na?” Ke ’nile ka ipotsa lipotso tseo ka makhetlo a se nang palo! Ke ne ke sitoa ho amohela hore ke tla qeta bophelo bohle ba ka ke le setulong sa ba holofetseng, ke sitoa ho sebelisa maoto le matsoho.

KA 1962, motsaneng o mong o Basilicata, Italy, ke ile ka batla ke e-shoa hona mohla ke hlahang. ’Mè o ile a pepa ka thata, ’me ngaka e ile ea mo hlaba ka ente e ileng ea ba le liphello tse mpe. Matsatsi a mararo hamorao, ’mele oa ka o monyenyane o ile oa finahana mesifa. Ke ile ka shoa litho matsohong le maotong ’me qoqotho ea ka ea senyeha.

Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka imeloa ke maikutlo a ho tsieleha ka lebaka la boemo ba ka. Ke ile ka ba se-nthetseng ’me hangata ke ne ke khobola batho ba haufi le ’na ka mantsoe. Ke ne ke ikutloa eka ke mong lefatšeng, ’me ho ne ho se letho le mphang morero bophelong. Ha ke le lilemo li 25, ke ne ke le mothating oa ho qhoma hlooho. Kaha ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore ke utloe bohloko hakana, ke ile ka fihlela qeto eo ke neng ke bona e le eona feela e utloahalang—hore Molimo ha a eo.

Maikutlo a Fapaneng

Hoseng ho hong, ha selemo sa 1987 se kolumela, ho ile ha fihla bahlankana ba babeli ba neng ba apere hantle, ba mphumana ke ituletse ka ntle setulong sa ka sa ba holofetseng. Ke ne ke nahana hore ba batla ho bua le abuti oa ka ’me ke kokotletsa, ka ba bolella hore Abuti ha a eo. Ba ile ba araba: “Empa re batla ho bua le uena.” Seo se ile sa ’makatsa hobane ke batho ba ’maloa feela, ba neng ba thahasella ho bua le ’na.

Ba ile ba botsa: “Na u lumela hore Molimo o teng?” Ka ho teneha, ke ile ka re: “Motho ea tjee ka ’na a ka lumela ho Molimo joang?” Re ile ra qala ho qoqa ’me ka fumana hore ke Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba mpha buka e reng Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?a eo ke ileng ka e amohela ka monyebe. Ba ile ba re ba tla khutla. Ke ne ke lakatsa eka ba ke ke ba khutla.

Lipaki tseo tse peli li ile tsa khutla joalokaha li ne li tšepisitse, ’me re ile ra tsoela pele ka moqoqo oa rōna. Ke sa hopola litemana tsa Bibele tseo ba ileng ba mpalla tsona ho Esaia 35:5, 6: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” Mantsoe ao a ne a thabisa empa a fapane hōle le seo ke leng sona. Ke ne ke sitoa le ho ema feela, ke se ke sa re letho ka ho tlōla joaloka khama e tona. Leha ho le joalo, ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le bona, empa ke ne ke sa lumele hore Bibele e ka nthusa hona joale mathateng ao ke nang le ’ona. Ha e le tabeng ea hore ka le leng ke tla phela ke sa holofala, ke ile ka nka e le ntho e ke keng ea etsahala.

Ka mor’a nakoana, Lipaki li ile tsa ’memela libokeng Holong ea ’Muso e sebakeng seo. Ha ke sa hopola hore na puo ea Bibele e ne e bua ka eng, empa nke ke ka hlola ke lebala tsela e mofuthu le e lerato eo Lipaki li ileng tsa nkamohela ka eona. Ho e-na le ho mpontša mohau o senyekhenyekhe, li ile tsa etsa hore ke ikutloe ke amohelehile. Sontaheng seo, ke ile ka tseba hore Holong ea ’Muso ke moo ke tla ikutloa ke phutholohile teng, ’me ke ile ka qala ho ea libokeng kamehla.

Ho Thula Thaba ka Phatla

Ho ithuta Lentsoe la Molimo ho ile ha nkama pelo ka tsela ea mohlolo. Ho ile ha e-ba joalokaha eka sefate se omelletseng se boetse se ba le bophelo. Ke ile ka ba le maikutlo ao ke neng ke nahana hore nke ke ka hlola ke e-ba le ’ona. Ruri hoa hlolla hore motho a ikutloe a boetse a phela! Ke ile ka batla ho bolella ba bang ka tšepo e babatsehang eo ke neng ke e fumane. (Matheu 24:14) Leha ho le joalo, ke ne ke tla qala ho bolela joang? Ke ile ka rapella sena seo ke neng ke se lakatsa, ’me ka kōpa Jehova hore a mpontše tsela.

Ka September 1991, pula-maliboho e mong (moevangeli oa nako e tletseng) o ile a abeloa phuthehong ea rōna. Ka letsatsi le leng ha ke le ha hae, ke ile ka mo phetlela sefuba ka mo bolella takatso ea ka ea ho bolela. Kaha ke ne ke sa khone ho bua hantle, re ile ra tšohla taba ea hore ke ngole mangolo ka mochine oa ho thaepa. Empa bothata ea e-ba matsoho a ka kaha a shoele litho. Ka thuso ea pula-maliboho eo, ke ile ka leka mekhoa e mengata. Ke ile ka leka ho loma pentšele ebe ke khotla mochine ka eona. Ka boela ka leka ho sebelisa katiba e nang le thutsoana ebe ke tsamaisa hlooho ho khotla mochine. Kaofela ha lia ka tsa sebetsa.

Hamorao ha re ntse re tšohla bothata bona, pula-maliboho eo o ile a re ka bosoasoi: “U na le nko e ntle.” Ka potlako ke ile ka leka ho khotla mochine ka eona ’me ka fumana hore hoa sebetsa. Qetellong, ke ne ke khona ho ngola. U ka inahanela hore na ho ne ho hloka boiteko bo bokaakang hore ke lokise mantsoe ao ke a ngotseng hampe ka nko! Ka potlako re ile ra elelloa hore ho sebelisa k’homphieutha ho ka ba bonolo haholoanyane. Empa ke ne ke tla fumana chelete ea ho e reka hokae? Ke ile ka emela nako e loketseng eaba ke bua le batsoali ba ka. Nakoana ka mor’a moo, ke ne ke se ke ngola mangolo ka k’homphieutha.

Takatso ea ka ea Phethahala

Qalong ke ile ka ngolla metsoalle le beng ka ’na, ka mor’a moo ka ngolla batho ba motseng oa heso le metseng ea boahelani. Ka potlako ke ne ke se ke ngollana le batho ba libakeng tse fapa-fapaneng Italy. Ke sitoa ho hlalosa thabo eo ke neng ke e-ba le eona nako le nako ha ke fumana karabo ea lengolo la ka. Ka December 1991, ke ile ka amoheloa ke le mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo. Ke ile ka boela ka ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, sekolo se tšoaroang beke le beke liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha ke fumana kabelo ea ho fana ka puo, ke e lokisetsa ka hloko lapeng ke sebelisa k’homphieutha ea ka. Ha ke le libokeng, motsoalle o ea sethaleng ’me a bale seo ke se lokiselitseng.

Kaha ke ne ke ananela ka ho teba lerato leo Jehova a mpontšang lona, ke ne ke tseba hore khato e latelang ho bontša hore ke hatela pele moeeng e ne e tla ba ho nehela bophelo ba ka ho Molimo le ho kolobetsoa. Ke ile ke iteta sebete ’me ka bua le batsoali ba ka ka qeto eo ke e entseng. Ha baa ka ba thabela seo, empa takatso ea ka ea ho kolobetsoa e ne e le matla ho feta tšabo ea ka. Ka tšehetso ea Jehova le Lipaki tse ling, ke ile ka kolobetsoa ka August 1992. Ke ile ka thaba hakaakang ha abuti oa ka le mosali oa hae ba tlile ha ke tl’o kolobetsoa!

Ho Fetola Tsela eo ke Nahanang ka Eona

Ha melao-motheo ea Lentsoe la Molimo e ntse e ntlhakela butle, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke tlohele mekhoa e itseng e mebe eo ke neng ke e-na le eona. Ke ile ka lemoha hore ka lebaka la kholofalo ea ka, ke ne ke le lekhonatha ebile ke le moithati. Ke ile ka tlameha ho loantša mefokolo eo. Ke ne ke lokela ho ikokobetsa le ho loantšana le ho nyahama ho neng ho nkhathatsa ka lebaka la ho itšetleha ka ba bang.

Ke ile ka boela ka loana ka thata ho hlōla maikutlo a ho iqenehela le ho khaotsa ho inka ke le malimabe. Ke ile ka qala ho thabela lintho tse itseng tse qabolang. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke bolela ka ntlo le ntlo, ngoananyana e mong o ile a bula monyako. Paki e ’ngoe eo ke neng ke tsamaea le eona e ile ea mo botsa hore na batsoali ba hae ba teng. Ngoananyana eo o ile a hoeletsa a re, “’Mè, ho na le banna ba babeli le e mong ea kulang ba batlang ho u bona.” Ha ’mè oa hae a mpona, o ile a soaba hoo a neng a sa tsebe hore na a re’ng. E mong oa metsoalle ea ka o ile a re: “Ha e le hantle, re banna ba babeli ba kulang le a le mong ea phelang hantle.” Kaofela re ile ra bososela, ’me ha latela moqoqo o monate.

Takatso ea ho Sebetsa Haholoanyane

Ka mor’a ho kolobetsoa, ke ile ka nka bopula-maliboho bo thusang ka likhoeli tse robong, ke qeta lihora tse 60 ka khoeli mosebetsing oa ho bolela. Leha ho le joalo, ke ne ke batla ho etsa ho eketsehileng. Ka potlako ke ile ka qala tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla, ke sebelisa nako e eketsehileng le ho feta mosebetsing oa boboleli. Likhoeli tse ’maloa tse qalang tsa tšebeletso ea bopula-maliboho li ne li le boima. Batho ba bangata ba ne ba nahana hore ke kokota mahabona ho tla qela chelete, ’me sena se ne se ntšoabisa, se soabisa le Lipaki tseo ke neng ke tsamaea le tsona.

Ho phaella moo, ba bangata ka phuthehong ba ne ba thatafalloa ho utloisisa hore na ke re’ng ha ke bua, ’me ba ne ba sa tsebe hore na ba ka nthusa joang ka tsela e molemo. Empa ka thuso ea Jehova le ka thuso e se nang boithati ea bara le barali beso ba moea, ka mor’a nako boemo boo bo ile ba ntlafala. Hona joale batho ha ba nkuke ke le feela monna ea tsamaeang ka setulo sa ba holofetseng, empa ba nkuka ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea lekang ho thusa ba bang hore ba tsebe ka merero ea Molimo.

Ka July 1994, ke ile ka khona ho ea sekolong se khethehileng sa libeke tse peli sa bo-pula-maliboho. Re ile ra ithuta melao-motheo ea Mangolo e tataisang mosebetsi oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa. Re ile ra boela ra koetlisoa ka ho ea tšimong ka ho toba. Ho na le mathata ao ke ileng ka lokela ho a hlola hore ke khone ho ba teng sekolong, kaha se ne se tšoareloa bohōle ba lik’hilomithara tse 60. Ke ne nke ke ka khona ho robaletsa, ka hona Lipaki li ile tsa chenchana ho nkisa sekolong hoseng le ho nkhutlisa mantsiboea. Ka khefu, e mong o ne a nkuka ho nkisa mokatong oa bobeli moo kaofela ha rōna re neng re jella teng.

Boikarabelo bo Boholo

Ka March 2003, ke ile ka khethoa ho ba moholo ka phuthehong. Kabelo eo e ntlhoka hore ke sebetse ka thata molemong oa ba bang. Ke hona ke utloisisang hantle seo Jesu a neng a se bolela ha a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ke sebetsa hammoho le sehlopha se babatsehang sa baholo, ’me ba nthusitse hore ke tloaele kabelo ea ka. Ke ikutloa ke ananeloa ke bohle ka phuthehong—haholo-holo bacha—’me ha ba ntebale linthong tseo ba li etsang. Ba bona kamoo ke hlōtseng mathata a mangata kateng hore ke sebeletse Jehova, ’me ba bangata ba nkōpa hore ke ba thuse ha ba tobane le mathata.

Ke ithutile hore boemo ba motho ba ’mele hase ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa hore a thabe. Ho e-na le hoo, ho amoheloa ke Jehova le ho etsa thato ea hae ke eona ntho ea bohlokoa. Ntho eo ke e lebohang ka ho fetisisa ke tšepiso ea hae e hlollang ea hore haufinyane ha ke sa tla ba setulong sa ba holofetseng. Ke lebeletse nakong eo ke tla ‘tlōla joaloka khama e tona’ le ho sebeletsa Molimo ka ho sa feleng.—Esaia 35:5, 6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Hona joale batho ha ba nkuke ke le feela monna ea tsamaeang ka setulo sa ba holofetseng, empa ba nkuka ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea lekang ho thusa ba bang hore ba tsebe ka merero ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ke lokisetsa liboka tsa phutheho ka ho thaepa ka nko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela