Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 12/1 maq. 26-29
  • Jehova o Mphile Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Mphile Matla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Qaleha Mathata
  • Qaleho ea Bophelo bo Bocha
  • Mamello e Ile ea Tlisa Melemo
  • Ho ba Sebete ka Pel’a ba Boholong Pusong
  • Tšebeletso e Khethehileng
  • Kabelo e Ncha
  • Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’
    Tsoha!—2006
  • Ke Matla le Hoja ke Fokola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Re Liheloa Fatše, Empa ha re Timele”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 12/1 maq. 26-29

Jehova o Mphile Matla

JOALOKAHA HO BOLETSE EKUMBA OKOKA

KE HLAHETSE lelapeng la “Bokreste” naheng e ’ngoe e Afrika Bohareng, ’me ke hōtse ke rata Molimo. Ntate e ne e le ’moleli ea chesehang, ’me ka mehla ke ne ke ea le eena ha a il’o ruta kerekeng kapa a tšoara lithapelo malapeng. Kaha ke ne ke bonahala ke le moshemane ea inehetseng, baboleli ba bang ba ile ba nkhethela ho sebetsa ke ipapisitse le moprista ’Miseng. Ba ile ba ba ba mpolella hore mohlomong ka letsatsi le leng nka ’na ka ithutela ho ba moprista.

Leha ho le joalo, bosiu ke ne ke le sebini le setantši se hlahelletseng sehlopheng sa motse sa ’mino, se bitsoang Matumba-Ngomo. Kaha ke ne ke phetha karolo eo, ke ile ka kopanela mefuteng eohle ea boitšoaro bo bobe le bahlankana le baroetsana ba motse oa rōna. Empa ke ne ke ntse ke lebelletse ho ba le mosali a le mong feela le hore ke qetelle ke ile leholimong ho phela le “bahalaleli.” Ke ile ka bona ho sa hlokahale hore ke hloekise bophelo ba ka hobane, ho latela thuto ea K’hatholike, ke ne ke tšoareloa libe tsohle tsa ka mantsiboeeng a mang le a mang ka Moqebelo maipolelong.

Ho Qaleha Mathata

Ka 1969, ha ke ntse ke ithuta kolecheng, ke ile ka qala ho utloa bohloko manonyeletsong. Ke ne ke sa tsebe hore na bo bakoa ke eng, empa bo ile ba tota likhoeling tse latelang. Le hoja batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike, ba ile ba etsa qeto ea ho nkisa lingakeng tsa meetlo tse fapaneng, tse ileng tsa re motho e mong o ntoile, empa tsa re ka baka la lithapelo le litlhare tsa tsona ke tla fola. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho hlotsa ha ke tsamaea, ’me ka 1970, ke ne ke sitoa ho tsamaea ho hang, esita leha ke se ke ikokotlela ka lere. Lekhatheng leo, ke ile ka nahana hore matsatsi a hore ka ’ne ke khone ho tsamaea a ne a le haufi le ho fela.

Qetellong ntate o ile a etsa qeto ea ho nkisa sepetleleng sa Wembo Nyama ka February 1972. Ke bile sepetlele nako e telele hoo batho ba ileng ba qala ho re ke sa ka! Batho ba ne ba ee ba tle sepetlele, ba phekoloe, ba tsamaee, ’me ka mor’a nako e itseng ba khutle ka bothata bo bong, ’me ba mphumane ke ntse ke le teng! Ntate o ile a tlameha ho ea hae a il’o kotula reisi, empa ka nako eo ke ne ke se ke nyetse, ke na le bana ba babeli, ’me mosali oa ka ea ratehang, le hoja a ne a le lilemo li 21 feela, o ne a ntlhokomela ’me o ile a batla mosebetsi e le hore a ka hlokomela litlhoko tsa rōna.

Leha ho le joalo, boemo bona bohle bo ne bo ntepellelitse haholo maikutlong. Ha ke le lilemo li 24, ke ne ke ntse hloehla, athe metsoalle ea ka eona e ne e ntse e tsoella hantle, e mengata ho eona joale e ne e fumane mesebetsi e tsitsitseng. Ho ’na ho ne ho bonahala eka ha nka ipolaea ho ne ho tla tsoela bohle molemo. Kahoo, ke ile ka abela bana ba ka le banab’eso lintho tsohle tseo ke neng ke e-na le tsona, ke sa ba bolelle hore na ke rerile’ng. Ha kea ka ka itšiela letho haese hempe eo ke neng ke e rata haholo ’me ke batla ho patoa ke e apere.

Qaleho ea Bophelo bo Bocha

Eaba e mong oa Lipaki tsa Jehova o robatsoa betheng e pel’a ea ka. Le hoja leihlo le leng la hae le ne le foufetse ’me le leng le lona le le kotsing ea ho foufala, ka potlako o ile a qala ho mpakela ka Jehova le ka ’Muso a sebelisa Bibele. Ka mor’a matsatsi a seng makae, o ile a tsoa sepetlele, empa o ile a ntšiea le Lipaki tse neng li mo etetse hore li ntlhokomele. Ka mor’a lipuisano tse eketsehileng, le tsona li ile tsa lokela ho tsamaea, empa e mong oa tsona o ile a tsoela pele ho ithuta le ’na ka ngollano. O ile a ba a mpha lingoliloeng tse sa tšoaneng tsa ho ithuta Bibele, tseo ke ileng ka li bala ka thabo e khōlō.

Ke ile ka fumana lijo tsa moea ka tsela ena, ’me ho tepella maikutlong ha ka butle-butle ho ile ha fetoha thabo. Ho ile ha bonahala eka kereke eo ke e kenang e ne e ntse e ’noesa “chefu,” empa joale ke ne ke fumana metsi a bophelo mahala. Ke ile ka leboha Jehova ka pelong ka ho ntokolla litumela-khoeleng, tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi, ho tšaba bafu, le ho rapela baholo-holo.

Joale ke ne ke se ke batla ho tsoa sepetlele. Eaba ke fumana hore malapa a mabeli a basebeletsi ba nako e tletseng a ne a abetsoe ho sebeletsa Wembo Nyama, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho lula ho fihlela a fihla. Ke ile ka thaba hakaakang ha malapa ao a qetella a tlile ’me a mphumana betheng sepetlele! Joale ke ile ka khona ho ntšetsa pele thuto ea ka ea Bibele re talimane mahlong ho e-na le ho ngollana.

Ka mor’a matsatsi a seng makae, ke ile ka ba botsa hore na ba tšoarela liboka Holong ea ’Muso, ho latela seo ke neng ke se balile limakasineng. Ka mosa ba ile ba mpolella hore ba tšoarela liboka tsohle tsa bona ka har’a ntlo e nyenyane eo e mong oa bona a phelang ho eona. Ba ile ba boela ba re ba ka thabela ho nkisa teng ka baesekele! Ho sa tsotellehe ho opeloa habohloko mokokotlong oa ka le manonyeletsong ’ohle, ke ile ka ba teng libokeng tsohle ke thabile. Eitse ha ke se ke finyelletse litšoaneleho, ke ile ka khona le ho fana ka tlaleho khoeli ka ’ngoe joaloka mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ho qala ka April 1974.

Likhoeli tse tharo hamorao, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho qoelisoa metsing. Ke ile ka pakela basebeletsi ba bongaka sepetleleng seo, bakuli, baromuoa ba Maprostanta ba neng ba etela sepetlele, le litho tsa lelapa leso—ho sa tsotellehe boikemisetso ba lelapa leso ba ho nkhanyetsa. Nakong ena, ke ne ke paka ke paqame betheng ea ka kapa ke lutse setulong sa liqhoala seo sepetlele se neng se nkalimile sona ho fihlela ke ithekela sa ka.

Mamello e Ile ea Tlisa Melemo

Ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa leso, ke ile ka tsoela pele ho tsamaea ka tsela ea Jehova ’me ke ile ka hlohonolofatsoa ka ho enneng. Mosali oa ka o ile a nka khato ea ho emela ’nete ’me o ile a kolobetsoa ka 1975. Re ile ra etsa qeto ea ho lula Katako-Kombe, moo ho neng ho se ho ntse ho theiloe phutheho. Batsoali ba ka ba ne ba tšoenyehile ka rōna hobane motho e mong o ne a ile a ba bolella hore Lipaki tsohle li ne li tla bolaoa ka 1975. Ha re hana ho khaotsa ho kopanela, ba ile ba khaotsa ho re romella lijo, ’me re ne re hloka lintho tse bonahalang haholo. Ke hopola hore ka lekhetlo le leng mor’a ka o ile a akhehisoa ke tlala ka mor’a hore re qete letsatsi le halofo re se na lijo. Empa lekhatheng leo baena ba rōna ba Bakreste ba ile ba re tlisetsa tlhapi le phoofo. Hamorao, batsoali ba ka ba ile ba boela ba re thusa hape, empa baena ba rōna ha baa ka ba khaotsa ho re thusa ka lintho tse bonahalang.

Ka February 1975 ke ile ka holofala sephaka sa letsoho le letona ’me sa qala ho mamarana. Empa ke ile ka khomarela tumelo ea ka ’me ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ke sebeletsa Jehova ka thabo. Ke thabela ho bolela hore sephaka sa ka se ile sa boela sa matlafala hape, ’me ke ntse nka se sebelisa, e leng ho ’nolofalletsang ho phetla Bibele le ho sebelisa lingoliloeng tsa Mokhatlo.

Ho ba Sebete ka Pel’a ba Boholong Pusong

Ka 1977 letona la sebaka seo re lulang ho sona o ile a nqosa ka pel’a moifo oa lebatooa, o neng o sa tsoa tšoara pula-maliboho e khethehileng phuthehong e ’ngoe e haufi. Ka letsatsi le leng lesole le ile la ntlisetsa tsebiso ea hore ke hlahe khotla. Ke ile ka rapela le lelapa la ka, ka khothatsa phutheho, ka ntano tsamaea le lona. Ke leboha moea oa Jehova hore e be ke ile ka khona ho fana ka karabo e sebete liqosong tseo, ’me ka mor’a puisano e telele le ba boholong pusong le sesoleng, ’na hammoho le pula-maliboho eo e khethehileng re ile ra lokolloa.

Likhoeling tse seng kae hamorao, ke ile ka bitsoa ke letona le leng, ’me, ka thuso ea Jehova, ke ile ka khona ho sireletsa litaba tse molemo hape ka thabo le ka sebete. Ke ile ka ba le puisano e telele le motho enoa, ’me qetellong ea eona, o ile a ntokolla a ba a khanna setulo sa ka sa liqhoala ka boeena a se ntšetsa ka ntle ho ofisi ea hae. ’Me a hoeshetsa a re: “U tle lapeng ha ka mantsiboeeng ana.” Ka mor’a maeto a ’maloa, ke ile ka khona ho mo qalisetsa thuto ea Bibele. Qetellong, ke ile ka ba le lithuto tsa mahae tsa Bibele tse supileng le batho ba fapaneng ba boholong. Ba bangata ho bona ba ile ba ba teng libokeng tsa phutheho tse neng li hlophisitsoe bakeng sa sebaka seo.

Tšebeletso e Khethehileng

Ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse ho phethahatsa kano ea ka ea ho mo sebeletsa ka matla ’ohle a ka, le hoja ke kula. Ke ile ka leka ho finyella litlhoko tsa ho ba pula-maliboho e thusang ke sa ka ka ngolisa. Jehova o ile a nthusa hore ke atlehe, kahoo ke ile ka etsa kōpo ea tšebeletso ena bakeng sa likhoeli tsa June ho ea ho October. Eaba Mokhatlo o amohela kōpo ea ka ea ho ba pula-maliboho ea ka mehla, ’me ke ile ka qala tšebeletso ena ka November 1976. Ka September 1977 thabo ea ka e ile ea khaphatseha ha ke fumana kabelo ea ho ba pula-maliboho e khethehileng phuthehong e Katako-Kombe.

Ke ile ka khona joang ho finyella see? Ke ne ke akaretsa tšimo ke lutse setulong sa ka sa liqhoala ke thusoa ke mosali oa ka ea ratehang le baena ka phuthehong. Ka linako tse ling ke ne ke bile ke ea tšimong ke le mong ka liikokotlelo. Ke ile ka oa hang kapa habeli. Joale ke ne ke ee ke lete, ke sa phahame fatše, ho fihlela motho e mong ea fetang tseleng a ka nthusa hore ke phahame a be a mphe le liikokotlelo tsa ka. Ka mehla ke ne ke hopola boikemisetso ba baapostola le barutuoa ba Jesu. (Liketso 14:21, 22; Ba-Heberu 10:35-39) Ke ne ke rapela Jehova ka lekhetlo le leng le le leng ha ke oa hore a nthuse ke se ke ka nyahama empa, ho fapana le hoo, a mphe matla a ho tsoela pele ke mo sebeletsa. Ka mehla ke ne ke hopola tšepiso e tsotehang e tlalehiloeng boprofeteng ba Esaia, ea hore “sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama.”—Esaia 35:6.

Ha ke ntse ke eketsa tšebeletso ea ka haholoanyane, ke ne ke khona ho hlōla litšitiso tse ’meleng oa ka haholoanyane. Ka 1978 ke ile ka ba le tokelo ea ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso Lubumbashi, moo ho ea teng ho neng ho akarelletsa ho tsamaea lik’hilomithara tse 2 000 ka teraka, ka sekepe, le ka terene. Ka sebele, Jehova o ile a eketsa matla a ka leetong lena. (Esaia 12:2; 40:29) Joale ke khona ho tsamaea—ka bothata bo boholo—ho ea bohōle ba limithara tse 100 ke sa sebelise liikokotlelo. Ke kholisehile hore Jehova o ile a utloa thapelo ea ka morao koo ka 1973 ea hore a mphe matla a ho mo sebeletsa ka boikemisetso.

Kabelo e Ncha

Ka 1984, ka mor’a lilemo tse supileng ke le phuthehong e Katako-Kombe, ke ile ka fumana kabelo e ncha ea ho sebetsa le phutheho e Lodja-Centre. Selemo hamorao re ile ra qalisa setsi se secha sa thuto ea buka se bohōle ba lik’hilomithara tse 12, ’me kapele re ile ra qalisa se seng se bohōle ba lik’hilomithara tse 30 ho tloha ho seo. Sena sa morao, kapele se ile sa amoheloa e le sehlopha se ka thōko ’me se ile sa amoheloa e le phutheho ka 1988, moo hona joale ke sebeletsang ke le moholo.

Bopula-maliboho bo bile molemo haholo ho ’na, moeeng haesita le nameng. Ke ne ke khona ho finyella boithapollo ba ’mele bo khothalletsoang ke lingaka ka ho ea tšebeletsong ka liikokotlelo tsa ka. Hona joale ke matlafetse haholoanyane ho feta ha ke ne ke qala ho bula maliboho, ’me takatso ea ka ke ho mamella mosebetsing ona ho fihlela qetellong. Ke laba-labela ho bona kamoo Jehova a tlang ho nthusa ho “tlōla joalo ka khama” nakong eo ke sa tl’o hlola ke lokela ho mamella bohloko bo hlabang ba ho kula hona.

Ke leboha Ntate oa rōna oa leholimo ka pelo eohle ea ka, ea mphileng matla, sebete, le tšebeletso ea nako e tletseng. Hona joale ke lilemo li 36, ’me ka mor’a lilemo tse 11 ke le mosebetsing oa bopula-maliboho, ke tšepa ho tsoela pele, ho sa tsotellehe hore na bokamoso bo fupere eng. Ke ikemiselitse ho sebelisa matla ’ohle a ka ho tlotlisa le ho rorisa Molimo o moholo Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela