Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ho Ba-Roma 8:27, New World Translation e fetolela phroʹne·ma ea Segerike e le “sepheo,” empa litemaneng tsa 6 le 7, e fetoletsoe e le “ho ba le mohopolo o sekametseng [nthong e itseng].” Ke hobane’ng ha lentsoe lona leo la Segerike le fetoletsoe ka ho fapaneng?
Se fuperoeng ke boitsebiso se tšehetsa ho fetoleloa hona ho habeli ho khethiloeng.
Selelekela sa New World Translation of the Christian Greek Scriptures (1950) se boletse: “Lentsoeng ka leng la sehlooho re fane ka tlhaloso e le ’ngoe ’me re tšoarelletse tlhalosong eo hafeela se fuperoeng ke boitsebiso se lumella hoo.” Ba bang ba ka nka phroʹne·ma e se lentsoe la sehlooho, kaha le hlaha ka makhetlo a mane feela. Leha ho le joalo, le tšoana le mantsoe a sebelisoang khafetsa. Le leng ke phro·neʹo, le bolelang “ho nahana, ho ba le mohopolo o sekametseng nthong e itseng.” (Mattheu 16:23; Mareka 8:33; Ba-Roma 8:5; 12:3; 15:5) Mantsoe a mang a tšoanang a Segerike a fetisa khopolo ea ho sebelisa bohlale, kutloisiso, kapa masene tse sebetsang.—Luka 1:17; 12:42; 16:8; Ba-Roma 11:25; Ba-Efese 1:8.
The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures e bontša hore phroʹne·ma e hlaha ka makhetlo a mane ho Ba-Roma 8:6, 7, 27 le hore moelelo oa eona oa sebele o tsitsitseng ke “ho ba le mohopolo o sekametseng [nthong e itseng].” Litsebi tsa Magerike Bauer, Arndt, le Gingrich li hlalosa phroʹne·ma e le: ‘mokhoa oa ho nahana, ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng, sepheo, taba-tabelo, ho hahamalla ntho.’—A Greek-English Lexicon of the New Testament and Other Early Christian Literature.
Ho Ba-Roma khaolo ea 8, moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba se ke ba tsamaea ho ea ka nama ea botho e sa phethahalang. Ho atleha ho sena, ba lokela ho itebela khahlanong le litšekamelo kapa litšusumetso tsa nama, hammoho le mehopolo ea pelo e sa phethahalang. ‘Ho tsepamisa mehopolo ea bona’ linthong tse tumellanong le moea o halalelang oa Molimo ho tla thusa ho sena.—Ba-Roma 8:1-5, NW.
Pauluse o bontšitse ho se tšoane hona: “Ho ba le mohopolo o sekametseng nameng ho bolela lefu, empa ho ba le mohopolo o sekametseng moeeng ho bolela bophelo le khotso; hobane ho ba le mohopolo o sekametseng nameng ho bolela bora ho Molimo, hobane ha ho ikokobelletse molao oa Molimo.” (Ba-Roma 8:6, 7, NW) Litemaneng tse peli tsena ho buuoa ka batho. Batho, haholo-holo Bakreste, ha baa tšoanela ho tsepamisa mehopolo ea bona, kapa “ho ba le mohopolo o sekametseng” linthong tsa nama e hlephileng boitšoarong. Ho e-na le hoo, ba tšoanela ho tsepamisa mehopolo ea bona, kapa “ho ba le mohopolo o sekametseng” linthong tse tumellanong le moea le tse susumetsoang ke oona.
Ka ho fapaneng, temana ea 27 (NW) e bua ka Molimo ka booona. Rea bala: “Leha ho le joalo ea [Jehova] phenyang lipelo o tseba sepheo sa moea, hobane moea o kōpela bahalaleli se tumellanong le Molimo.” E, “ea” eo ho buuoang ka eena mona ke Jehova, Ea Utloang thapelo.
Lentsoe phroʹne·ma le ka be le fetoletsoe e le “ho ba le mohopolo o sekametseng [nthong e itseng]” temaneng ea 27. Empa moea o halalelang hase motho eo ka sebele a nahanang kapa hore o na le monahano oa oona. Moea ke matla a sebetsang a Molimo, o tsebang kamoo moea oa oona o halalelang o sebetsang ka teng ho phethahatsa thato ea oona. Ho phaella moo, se boleloang ke temana ena se fapana le se boleloang ke Ba-Roma 8:6, 7. (NW) Litemana tseo tsa pejana li totobalitse tlhoko eo batho ba nang le eona ea ho laola monahano oa bona le liketso tsa bona. Empa ha ho hlokahale hore Jehova a sebeletse ho itaola, kapa a ho loanele. O tseba se neng se tlalehiloe ka Bibeleng tlas’a pululelo, joaloka litlhaloso tsa Bibele tse bontšang thato ea hae ka bahlanka ba hae ba lefatšeng. Dr. Heinrich Meyer o hlalosa Ba-Roma 8:27 (NW) tjena: “Joang kapa joang Molimo o ka tseba morero oa Moea.”
Ka hona, ho fetoleloa ha “sepheo” ho tumellanong le se fuperoeng ke boitsebiso kapa moko-taba oa Ba-Roma 8:27 (NW), ’me ho lumelloa ke Segerike. The Translator’s New Testament e e fetolela tjena: “Ea phenyang lipelo o tseba sepheo sa Moea.”
◼ Ke hobane’ng ha New World Translation ka linako tse ling e fetolela lentsoe la Segerike pi·steuʹo e le “ho lumela” (joaloka liphetolelo tse ngata) ’me ka linako tse ling e le fetolela e le “ho bontša [kapa ho beha] tumelo ho”?
Sena se entsoe ho bontša libōpeho tse sa tšoaneng tsa moelelo tse hlalosoang ke lentsoe la Segerike pi·steuʹo.
Ka mohlala, A Grammar of New Testament Greek, ea James Moulton, e bolela hore Bakreste ba pele ba ne ba hlokomela ka ho hlakileng “bohlokoa ba phapang e pakeng tsa tumelo feela . . . le tšepo ea botho.” Likhopolo tsena ka bobeli li ka hlalosoa ho sebelisoa lentsoe la Segerike pi·steuʹo.
Hangata, libōpeho tse sa tšoaneng tsa moelelo oa pi·steuʹo li tlameha ho lemohuoa ho tsoa ho se fuperoeng ke boitsebiso. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho bōptjoa ho sa tšoaneng ha puo ho re thusa ho bona seo mongoli a neng a se hopotse. Ka mohlala, haeba pi·steuʹo e lateloa ke lereho feela le amanang ka ho sa tobang le seo ho buuoang ka sona, New World Translation hangata e e fetolela feela e le “ho lumela”—ntle leha se fuperoeng ke boitsebiso se bontša ntho e ’ngoe e fapaneng. (Mattheu 21:25, 32, NW; empa bona Ba-Roma 4:3, NW.) Haeba pi·steuʹo e lateloa ke lentsoe e·piʹ, “ho,” (“on” ka Senyesemane) ka tloaelo e fetoleloa e le “ho lumela ho.” (Mattheu 27:42, NW; Liketso 16:31, NW) Haeba e lateloa ke eis, “ho,” (“to” ka Senyesemane) hangata e fetoleloa e le “ho bontša tumelo ho.”—Johanne 12:36, NW; 14:1, NW.
Ho fetoleloa hona ha ho qetela (ho re hopotsang hore pi·steuʹo e amana le lentsoe la Segerike piʹstis, “tumelo”) ho lumellana le tlhaloso e ho An Introductory Grammar of New Testament Greek, ea Paul Kaufman. Buka ena e re: “Ho boptjōa ho hong ho tloaelehileng ka Testamenteng e Ncha (haholo-holo Kosepeleng ea Johanne) ke πιστεύω [pi·steuʹo] hammoho le εἰς [eis] le lentsoe le amanang ka ho toba le seo ho buuoang ka sona . . . Ho bōptjoa hohle ha εἰς e kopantsoe le lentsoe le amanang ka ho toba le seo ho buuoang ka sona e tlameha ho fetoleloa ho fapana le ho leka ho fetolela lentsoe le kopanyang maretlo-puo εἰς e le lentsoe le ikemetseng. Tumelo e nkoa e le mosebetsi, e le ntho eo batho ba e etsang, joaloka ho beha tumelo ho motho e mong.”