Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 6/15 maq. 12-17
  • Ho Loantša ho Khomarela ha Sebe Nameng ea Boetsalibe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Loantša ho Khomarela ha Sebe Nameng ea Boetsalibe
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khomarela ha Sebe Nameng ea Boetsalibe
  • Ho Beha Kelello Nameng
  • Ho Beha Kelello Moeeng
  • Tšepiso ea Bophelo le Khotso
  • Beha Kelello Linthong Tsa Moea ’me U Phele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Re Lokela ho ba le Boitšoaro
    Binelang Jehova
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 6/15 maq. 12-17

Ho Loantša ho Khomarela ha Sebe Nameng ea Boetsalibe

“Ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.”—BAROMA 8:6, NW.

1. Batho ba ile ba bōptjoa ka morero ofe?

“EABA Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali.” (Genese 1:27) Seriti ke setšoantšo se bonahatsang ntho kapa mohloli oo se tsoang ho oona. Kahoo, batho ba ile ba bōptjoa hore e be litšoantšo tse bonahatsang khanya ea Molimo. Ka ho bonahatsa litšoaneleho tsa bomolimo—tse kang lerato, molemo, toka, le bomoea—boitekong bohle ba bona, ba tlisetsa ’Mōpi oa bona thoriso le tlhompho, haesita le ho itlisetsa thabo le khotsofalo.—1 Ba-Korinthe 11:7; 1 Petrose 2:12.

2. Batho ba babeli ba pele ba ile ba hlōleha ho finyella sepheo joang?

2 Batho ba babeli ba pele, ba neng ba bōpiloe ba phethahetse, ba ne ba hlomeletsoe hantle bakeng sa karolo ena. Joaloka liipone tse bentšitsoeng ka mokhoa o phethahetseng, ba ne ba le boemong ba ho bonahatsa khanya ea Molimo ka mokhoa o khanyang haholo le ka botšepehi. Leha ho le joalo, ba ile ba lumella ho bentšoa hoo ho phethahetseng hore ho silafale ha ka boomo ba khetha ho se utloe ’Mōpi le Molimo oa bona. (Genese 3:6) Ka mor’a moo, ba ne ba ke ke ba hlola ba bonahatsa khanya ea Molimo ka mokhoa o phethahetseng. Ba ile ba haelloa ke khanya ea Molimo, ba hlōleha ho finyella morero oa ho bōptjoa ha bona ka setšoantšo sa Molimo. Ka mantsoe a mang, ba ile ba etsa sebe.a

3. Sebōpeho sa ’nete sa sebe ke sefe?

3 Sena se re thusa hore re utloisise sebōpeho sa ’nete sa sebe, se thibelang motho hore a bonahatse setšoantšo sa Molimo le khanya ea hae. Sebe se etsa hore motho a se ke a halalela, ke hore, e be ea sa hloekang le ea silafetseng ka kutloisiso ea moea le ea boitšoaro. Moloko oohle oa batho, e le bana ba Adama le Eva, ba tsoaloa ba le boemong boo ba ho silafala le ho se hloeke, ba hlōleha ho etsa seo Molimo a se lebeletseng ho bona joaloka bana ba hae. Phello ke efe? Bibele ea hlalosa: “Joalo ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Ba-Roma 5:12; bapisa le Esaia 64:6.

Ho Khomarela ha Sebe Nameng ea Boetsalibe

4-6. (a) Batho ba bangata ba na le maikutlo afe ka sebe kajeno? (b) Phello ea maikutlo a kajeno ka sebe ke efe?

4 Batho ba bangata kajeno ha ba inahane e le ba sa hloekang, ba silafetseng, kapa ba etsang libe. Ha e le hantle, sebe, e le lentsoe, le tlohile ka ho feletseng mantsoeng ao batho ba bangata ba a sebelisang. Mohlomong ba ka bua ka liphoso, ho se hlokomele, le ho se lekanyetse lintho hantle. Empa sebe sona, na ba bua ka sona? Le hanyenyane! Esita le ho bona ba ntseng ba bolela hore ba lumela ho Molimo, Alan Wolfe, moprofesa oa kahisano o bolela hore, “lithuto tsa hae ke sehlopha sa litumelo tsa boitšoaro ho e-na le molao oa boitšoaro, ‘litlhahiso tse 10’ ho e-na le litaelo tse 10.”

5 Phello ea tsela ee ea ho nahana ke efe? Ho latola, kapa bonyane ho hlokomoloha seo sebe se hlileng se leng sona. Sena se hlahisitse moloko oa batho ba nang le kutloisiso e khopameng ka ho feletseng ea se nepahetseng le se fosahetseng, ba ikutloang ba lokolohile ho ipehela litekanyetso tsa bona tsa boitšoaro le ba ikutloang ba sa ikarabelle ho mang kapa mang bakeng sa eng kapa eng eo ba khethang ho e etsa. Ho batho ba joalo, ho ikutloa ba thabile ke eona tekanyetso feela ea ho ahlola hore na ketso e itseng e loketse kapa che.—Liproverbia 30:12, 13; bapisa le Deuteronoma 32:5, 20.

6 Ka mohlala, lenaneong la lipuisano la thelevishene, batho ba bacha ba ile ba mengoa hore ba hlahise maikutlo a bona ka seo ho thoeng ke libe tse supileng tse bolaeang.b E mong ea neng a nkile karolo o ile a re, “Boikhohomoso hase sebe. U tšoanela hore u ikutloe u thabile.” Mabapi le botsoa, e mong o ile a re: “Ho molemo ho ba joalo ka linako tse ling. . . . Ka linako tse ling ho molemo hore u iketle ’me u iphe nako.” Esita le eena motsamaisi oa lenaneo o ile a fana ka tlhaloso ena e tobileng: ‘Libe tse bolaeang tse supileng hase liketso tse mpe empa, ho e-na le hoo, ke litšusumetso tse akaretsang tsa botho tse ka ’nang tsa tšoenya le ho ba monate haholo.’ E, ha ho fela khopolo ea hore sebe ke ntho e teng, ho ile ha fela le boikutlo ba hore motho a ikutloe a le molato, hobane, ha e le hantle, ho ikutloa u le molato ke ntho e fapaneng le ho ikutloa u thabile.—Ba-Efese 4:17-19.

7. Ho ea ka Bibele, sebe se ama batho joang?

7 Ho fapaneng ka ho feletseng le sena sohle, Bibele ka ho hlaka e re: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Moapostola Pauluse le eena o ile a lumela: “Ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho ’na, ke ho re, nameng ea ka; hobane ha e le ho rata, hona ho teng ho ’na, empa ha e le ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele. Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa.” (Ba-Roma 7:18, 19) Ho sena Pauluse o ne a sa inehella ho ikutloela bohloko. Ho e-na le hoo, kahobane o ne a lemohile hore na moloko oa batho o haelloa hakaakang ke khanya ea Molimo, o ile a hlokomela ka ho feletseng ho khomarela ha sebe nameng ea boetsalibe. O ile a re: “Ke motho ea soto hakakang! Ke mang ea tla nkholla ’meleng ona oa lefu?”—Ba-Roma 7:24.

8. Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona? Hobane’ng?

8 Taba ee u e bona joang? U ka ’na ua lumela hore u le ngoana oa Adama, uena, joaloka e mong le e mong, ha ua phethahala. Empa tsebo eo e ama monahano oa hao le tsela eo u phelang ka eona joang? Na u e amohela e le karolo ea bophelo e be u tsoela pele feela u etsa se tlang ka tlhaho? Kapa u etsa boiteko bo sa khaotseng ho loantša ho khomarela ha sebe nameng ea boetsalibe, u tsitlella ka mokhoa o khanyang kamoo ho ka khonehang ho bonahatsa khanya ea Molimo ho sohle seo u se etsang? Sena se lokela ho ama e mong le e mong oa rōna ka ho tebileng ha re nahana ka seo Pauluse a ileng a se bua: “Ba tumellanong le nama ba beha likelello tsa bona linthong tsa nama, empa ba tumellanong le moea ba li beha linthong tsa moea. Hobane ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.”—Ba-Roma 8:5, 6, NW.

Ho Beha Kelello Nameng

9. Ke hobane’ng ha “ho beha kelello nameng ho bolela lefu”?

9 Pauluse o ne a bolela eng ha a re “ho beha kelello nameng ho bolela lefu”? Lentsoe “nama” le atisa ho sebelisoa ka Bibeleng ho hlalosa motho boemong ba hae ba ho se phethahale, ‘a tsoaletsoe sebeng’ e le ngoana oa mofetoheli Adama. (Pesaleme ea 51:5; Jobo 14:4) Ka hona, Pauluse o ne a khothatsa Bakreste hore ba se ke ba beha likelello tsa bona litšekamelong, litšusumetsong, le litakatsong tsa boetsalibe tsa nama e sa phethahalang, ea boetsalibe. Ka lebaka lefe? Sebakeng se seng Pauluse o re boleletse hore na mesebetsi ea nama ke efe eaba joale o eketsa ka temoso ena: “Ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.”—Ba-Galata 5:19-21.

10. Ho boleloa eng ka “ho beha kelello”?

10 Empa na phapang ha e khōlō pakeng tsa ho beha kelello nthong e itseng le ho e etseng? Ke ’nete, ho nahana ka ntho e itseng hase kamehla ho etsang hore motho a e etse. Leha ho le joalo, ho beha kelello nthong ho phahametse ho ba le mohopolo o fetang feela. Lentsoe le sebelisitsoeng ke Pauluse ke phroʹne·ma ka Segerike, ’me le bolela “tsela ea ho nahana, (ho beha) kelellong, . . . sepheo, boiteko, ho hahamalla.” Ka hona, “ho beha kelello nameng” ho bolela ho laoloa, ho ruuoa, ho busoa, le ho khannoa ke litakatso tsa nama ea boetsalibe.—1 Johanne 2:16.

11. Kaine o ne a behile kelello nameng joang, ’me phello e bile efe?

11 Ntlha ena e tšoantšoa hantle ka tsela eo Kaine a ileng a e latela. Ha mōna le bohale li tsoha ka pelong ea Kaine, Jehova Molimo o ile a mo lemosa: “U bohale ke’ng? ’me sefahleho sa hao se sosobanetse’ng? Ekare ha u etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? ’Me ha u sa etse hantle, sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena, u mpe u se buse.” (Genese 4:6, 7) Kaine o ne a e-na le boikhethelo ka pel’a hae. Na o ne a tla “etsa hantle,” ke hore, a behe kelello, sepheo, le taba-tabelo tsa hae nthong e ’ngoe e molemo? Kapa na o ne a tla tsoela pele ho beha kelello nameng le ho tsepamisa kelello ea hae litšekamelong tse mpe tse larileng ka pelong ea hae? Joalokaha Jehova a hlalositse, sebe se ne se “laletse monyako,” se emetse ho hlasela Kaine ka tšohanyetso ebe sea mo harola haeba a ka se lumella. Kaine ho e-na le hore a loane ’me a ‘buse’ takatso ea hae ea nama, o ile a e lumella hore e mo buse—ka phello e bohloko.

12. Ke eng eo re lokelang ho e etsa e le hore re se ke ra tsamaea “ka tsela ea Kaine”?

12 Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Ka sebele ha re batle ho tsamaea “ka tsela ea Kaine,” joalokaha Juda a ile a bontša masoabi mabapi le ba bang ba itseng har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. (Juda 11) Le ka mohla ha rea lokela ho ikemela ebe re nahana hore ho ikhotsofatsa ho honyenyane kapa bolokolohi tabeng ena kapa eane ha bo kotsi. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba seli ho khetholla tšusumetso leha e le efe eo eseng ea bomolimo le e silafatsang e ka ’nang eaba e kene ka lipelong le likelellong tsa rōna ’me re e tlose ka potlako pele e itsetsepela. Ho loantša ho khomarela ha sebe nameng ea boetsalibe ho qala ka hare.—Mareka 7:21.

13. Motho a ka ‘lekoa ke takatso eo e leng ea hae’ joang?

13 Ka mohlala, u ka ’na ua bona pono e nyarosang kapa e nyonyehang kapa setšoantšo se khothaletsang ntho e sa lokelang kapa se tsosang takatso ea botona le botšehali. E ka ’na ea e-ba setšoantšo bukeng kapa makasineng, ntho e bonoang baesekopong kapa thelevisheneng, phatlalatso lematjaneng la liphatlalatso, kapa ketsahalong ea sebele. Sena ka bosona ha sea lokela ho u tšosa, kaha se ka etsahala—’me se hlile sea etsahala. Leha ho le joalo, setšoantšo sena kapa pono, le hoja mohlomong e etsahetse ka metsotsoana e seng mekae, e ka ’na ea solla ka kelellong ’me ea ’na ea khutla nako le nako. U etsa’ng ha seo se etsahala? Na u potlakela ho nka bohato ba ho loantša mohopolo oo ’me u o ntše kelellong ea hao? Kapa na u o lumella hore o lule kelellong ea hao, mohlomong u phelisa phihlelo eo nako le nako ha mohopolo oo o e-tla? Ho etsa sena sa bobeli ke ho qalisa letoto la liketsahalo le hlalosoang ke Jakobo: “Motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.” Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu.”—Jakobo 1:14, 15; Ba-Roma 8:6, NW.

14. Re talimana le eng letsatsi le letsatsi, ’me re lokela ho hanela tšusumetso ee joang?

14 Kaha re phela lefatšeng leo ho lona boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, pefo, le lerato la lintho tse bonahalang li nketsoeng holimo—li bontšoa pepenene le ka bolokolohi libukeng, limakasineng, libaesekopong, mananeong a thelevishene, le ’minong o ratoang—ka sebele re hlaseloa ke mehopolo e fosahetseng le likhopolo letsatsi le leng le le leng. Tšusumetso ee u e hanela joang? Na u ikutloa hore see sohle sea u qabola ebile sea u thabisa? Kapa u ikutloa kamoo Lota ea lokileng a ileng a ikutloa kateng, “ea neng a hlora hampe ka baka la ketso tse lihlong tsa batho bao ba manyala . . . moeeng oa hae o lokileng, o ne a ntse a hloreha . . . ka baka la mesebetsi e mebe ea bona”? (2 Petrose 2:7, 8) Hore re atlehe ho loantša ho khomarela ha sebe nameng ea boetsalibe, ho hlokahala hore re etse qeto ea ho etsa seo mopesaleme a ileng a se etsa: “Nke ke ka bea letho le lebe pel’a mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ea batlōli, e ke ke ea nkhomarela.”—Pesaleme ea 101:3.

Ho Beha Kelello Moeeng

15. Re na le thuso efe bakeng sa ho loantša ho khomarela ha sebe ho rōna?

15 Ho hong ho ka re thusang ho loantša ho khomarela ha sebe nameng ea boetsalibe ke seo Pauluse a ileng a tsoela pele ho se bolela: “Ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” (Ba-Roma 8:6, NW) Ka hona, ho e-na le ho busoa ke nama, re tlameha ho lumella likelello tsa rōna ho tla tlas’a tšusumetso ea moea le ho ōtloa ke lintho tsa moea. Ke life? Ho Ba-Filippi 4:8 (NW), Pauluse oa li thathamisa: “Qetellong, baena, lintho leha e le life tseo e leng ’nete, lintho leha e le life tse nahanoang ka botebo, lintho leha e le life tse lokileng, lintho leha e le life tse hloekileng, lintho leha e le life tse ratehang, lintho leha e le life tseo ho buuoang hantle ka tsona, ntho leha e le efe e nang le bokhabane le ntho leha e le efe e rorisoang, tsoelang pele ho nahana ka lintho tsena.” Ha re shebisiseng ’me re utloisise hamolemonyana seo re lokelang ho tsoela pele re nahana ka sona.

16. Pauluse o ile a re khothaletsa ho ‘tsoela pele re nahana’ ka litšoaneleho life, ’me tšoaneleho ka ’ngoe e ama eng?

16 Pele ho tsohle, Pauluse o thathamisitse litšoaneleho tsa boitšoaro tse robeli. Ha e le hantle, rea hlokomela hore Bakreste ha baa seheloa moeli oa hore ba nahane feela ka litaba tsa Mangolo kapa tsa melao-motheo ea tumelo ka linako tsohle. Ho na le letoto le batsi la litaba kapa meqoqo tseo re ka behang likelello tsa rōna ho tsona. Empa ntho ea bohlokoa ke hore li lokela ho lumellana le litekanyetso tsa boitšoaro tse qaqisitsoeng ke Pauluse. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea “lintho” tseo Pauluse a li boletseng e lokela hore re e ele hloko. Ha re nahaneng ka tsona ka ho latelana.

◻ “’Nete” e ama ho fetang feela hore ntho e be ’nete kapa bohata. E bolela ho ba le ’nete, ho ba khabane, le ho tšepahala, ntho eo e leng ea sebele, eseng moritaoke feela.—1 Timothea 6:20.

◻ “Tse nahanoang ka botebo” li supa lintho tse nang le seriti le tse hlomphehang. Li tsosa maikutlo a tlhompho, ho hong ho phahameng, ho tlotlehang, le ho khabane ho e-na le ho silafetseng le ho eisehang.

◻ “Tse lokileng” li bolela ho finyella litekanyetso tsa Molimo, eseng tsa motho. Likelello tsa batho ba nang le litšekamelo tsa lefatše li tšoareha ka merero e sa lokang, empa re lokela ho nahana le ho thabela lintho tse lokileng mahlong a Molimo.—Bapisa le Pesaleme ea 26:4; Amose 8:4-6.

◻ “Tse hloekileng” ke tse sa silafalang le tse halalelang eseng feela boitšoarong (ba botona le botšehali kapa bo bong feela) empa hape le monahanong le sepheong. Jakobo o re: “Bohlale bo tsoang holimo, taba ea bona ea pele, bo hloekile.” Jesu, ea ‘hloekileng,’ ke Mohlala o phethahetseng hore re nahane ka oona.—Jakobo 3:17; 1 Johanne 3:3.

◻ “Tse ratehang” ke tse tsosang le tse susumetsang lerato ka ho ba bang. Re lokela ho ‘nahanelana ho susumeletsana leratong le mesebetsing e molemo,’ ho e-na le ho beha likelello tsa rōna linthong tse tsosang lehloeo, maikutlo a mabe, le litlhōlisano.—Ba-Heberu 10:24, NW.

◻ “Tseo ho buuoang hantle ka tsona” ha li bolele feela ho “tsebahala hantle” kapa “ho ba le botumo bo botle” empa hape, ka kutloisiso e sebetsang, ho ba ea hahang le ea babatsehang. Re beha likelello tsa rōna linthong tse phelisang le tse hahang ho e-na le ho li beha ho tse nyelisehang le tse khopisang.—Ba-Efese 4:29.

◻ “E nang le bokhabane” haholo-holo e bolela ho ba “molemo” kapa ho ba “khabane boitšoarong,” empa e ka bolela bokhabane ba mofuta ofe kapa ofe. Ka hona, re ka ananela litšoaneleho tsa bohlokoa, lintho tse ipabotseng, le lintho tse finyelloang ke ba bang tumellanong le litekanyetso tsa Molimo.

◻ Lintho tse “rorisoang” li joalo kannete haeba thoriso e tsoa ho Molimo kapa bolaoli boo a bo elang hloko ka ho tšoanelehang.—1 Ba-Korinthe 4:5; 1 Petrose 2:14.

Tšepiso ea Bophelo le Khotso

17. Ke litlhohonolofatso life tse hlahisoang ke ho “beha kelello moeeng”?

17 Ha re latela keletso ea Pauluse ’me re ‘tsoela pele ho nahana lintho tsena,’ re tla atleha ho “beha kelello moeeng.” Phello hase feela tlhohonolofatso ea bophelo, ke hore, bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng, empa hape ke khotso. (Ba-Roma 8:6, NW) Hobane’ng? Hobane likelello tsa rōna li sirelelitsoe tšusumetsong e mpe ea lintho tsa nama, ’me ha re sa angoa hakaalo-kaalo ke ntoa e bohloko pakeng tsa nama le moea joalokaha Pauluse a hlalositse. Ka ho hanela tšusumetso ea nama, re boetse re fumana khotso le Molimo “kahobane ho beha kelello nameng ho bolela bora le Molimo.”—Ba-Roma 7:21-24; 8:7, NW.

18. Satane o loana ntoa efe, ’me re ka hlōla joang?

18 Satane le baemeli ba hae ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore ho bonahatsa ha rōna khanya ea Molimo ho silafale. Ba leka ho laola likelello tsa rōna ka ho li hlasela ka litakatso tsa nama, ba tseba hore sena qetellong se tla etsa hore re be lira tsa Molimo le ho re isa lefung. Empa re ka qetella re hlōtse ntoeng ena. Joaloka Pauluse, le rōna re ka bolela: “Ke leboha Molimo ka Jesu Kreste, Morena oa rōna” ka ho re lokisetsa mokhoa oa ho loantša ho khomarela ha sebe nameng ea boetsalibe.—Ba-Roma 7:25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka kakaretso Bibele e sebelisa leetsi la Seheberu cha·taʼʹ le leetsi la Segerike ha·mar·taʹno ho bolela “sebe.” Mantsoe ana ka bobeli a bolela “ho hlōleha ho finyella,” ka kutloisiso ea ho hlōleha kapa ho se finyelle pakane, sepheo, kapa seo motho a se habileng.

b Ho latela neano, libe tse supileng tse bolaeang ke boikhohomoso, meharo, takatso, mohono, bonyollo, bohale, le botsoa.

Na U ka Hlalosa?

◻ Sebe ke eng, hona se ka khona joang ho khomarela nama ea boetsalibe?

◻ Ke joang re ka loantšang ho “beha kelello nameng”?

◻ Ke eng eo re ka e etsang ho ntšetsa pele “ho beha kelello moeeng”?

◻ “Ho beha kelello moeeng” ho tlisa bophelo le khotso joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Kaine o ile a lumella litšekamelo tsa nama hore li mo buse hore a senyehe

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela