Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/06 maq. 4-8
  • Tlhaho e Ruta Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhaho e Ruta Eng?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ithuta Mapheong a Leruarua
  • Ho Etsisa Mapheo a Nonyana ea Leoatleng
  • Ho Etsisa Maoto a Checheiki
  • Thoriso e Lokela ho Lebisoa ho Mang?
  • Qeto e Utloahalang
  • Ha e le Hantle ke Mang ea li Qapileng?
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Maoto a Khomarelang a Checheiki
    Tsoha!—2008
  • Lepheo la Leruarua le Bitsoang Humpback
    Tsoha!—2013
  • Pōpo e Senola Bohlale ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 9/06 maq. 4-8

Tlhaho e Ruta Eng?

“Ka kōpo, botsa liphoofolo tse ruuoang, ’me li tla u rupela; le libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, ’me li tla u bolella. Kapa u bontše lefatše ho tšoenyeha ha hao, ’me le tla u rupela; litlhapi tsa leoatle li tla u bolella.”—JOBO 12:7, 8.

LILEMONG tsa morao tjena bo-rasaense le baenjiniere ba lumeletse limela le liphoofolo hore li ba rute ka tsela ea sebele. Ba ithuta tsela eo lintho tse fapaneng li entsoeng ka eona ebe ba etsisa boqapi boo—e leng lefapha la saense le bitsoang biomimetics—moo ba lekang ho qapa lisebelisoa tse ncha le ho ntlafatsa ho sebetsa ha mechine e seng e ntse e le teng. Ha u ntse u nahana ka mehlala e latelang, ipotse, ‘Ke mang eo ka sebele a tšoaneloang ke thoriso bakeng sa boqapi boo?’

Ho Ithuta Mapheong a Leruarua

Baetsi ba lifofane ba ka ithuta eng leruarueng? Ho bonahala ba ka ithuta ho hongata. Leruarua le hōlileng le nang le ’mele o sataletseng o nang le mapheo a maholo, le boima ba lithane tse 30—e leng boima bo lekanang le ba teraka e laetseng thepa. Phoofolo ena e limithara li 12 ka bolelele e matjato a hlollang metsing. Ka mohlala, ha le fumana lijo tsa lona, leruarua le ka nyoloha la etsa lilikalikoe ka tlas’a liphoofotsoana tse nang le likhetla kapa litlhapi tseo e leng lijo tsa lona, ka nako e tšoanang le ntse le butsoela moea ho etsa lipululana ka metsing. Lipululana tsena li etsa ntho e kang letlooa le bophara ba mithara le halofo, le bokella liphofu nģa e le ’ngoe holim’a metsi. Ebe joale leruarua le kometsa lijo tsa lona tse bokeletsoeng ka makhethe.

Se khahlileng bafuputsi ka ho khetheha e bile tsela eo ’mele o sataletseng oa leruarua o khonang ho thinya ka eona ha le etsa lilikalikoe tse nyenyane tseo ho bonahalang eka le ke ke la li etsa. Ba ile ba sibolla hore lekunutu ke mapheo a leruarua. Ho ella ntlheng, mapheo ana ha a boreleli joaloka a sefofane, empa a lisakha, a bile a na le makukuno a entseng mola.

Ha leruarua le thala metsing, makukuno ana a mapheong aa le phahamisa ’me a etse hore le be bobebe ka metsing. Joang? Makasine ea Natural History e hlalosa hore makukuno ana a etsa hore metsi a lelemele feela mapheong, esita le haeba leruarua le nyoloha le lopaletse ho tsoa tlaase-tlaase. Haeba ntlha ea mapheo e ne e le boreleli, leruarua le ne le tla sitoa ho nyoloha le ntse le etsa lilikalikoe hobane metsi a ne a tla imela mapheo a le thusang hore le phahame.

Ke eng e molemo e ka etsoang ka see se sibolotsoeng? Ha mapheo a sefofane a ka etsoa joaloka a leruarua, ho hlakile hore a tla hloka lintho tse fokolang tse se thusang ha se phahama le ha se lula, kapa tse se thusang ho laola moea ha se fofa. Mapheo a joalo e ne e tla ba a sireletsehileng le a lokisehang habonolo. John Long eo e leng setsebi sa tšebetso ea mesifa ’meleng, o lumela hore haufinyane “re ka ’na ra bona sefofane se seng le se seng se seholo se e-na le makukuno a fumanoang mapheong a leruarua.”

Ho Etsisa Mapheo a Nonyana ea Leoatleng

Ha e le hantle mapheo a sefofane a se a ntse a entsoe ho tšoana le a linonyana. Leha ho le joalo, baenjiniere ba sa tsoa ntlafatsa mapheo ana. New Scientist ea tlaleha: “Bafuputsi Univesithing ea Florida ba qapile sefofane se senyenyane se laoloang ke motho ea fatše, seo joaloka nonyana ea leoatleng, se khonang ho ōkaōkela, ho tsubella le ho nyoloha ka potlako.”

Linonyana tsa metsing li fofa ka tsela e hlollang ka ho koba mapheo a tsona setsoeng le manonyellong a lehetla. Makasine eo e re, e le ha se etsisa ho tenyetseha ha mapheo a nonyana ea leoatleng, “sefofane seo se boholo ba linōkō tse 24 [lisentimithara tse 60] se sebelisa enjene e nyenyane ho laola litšepe tse ngata tse tsamaisang mapheo.” Mapheo ana a entsoeng ka bohlale a etsa hore sefofane sena se senyenyane se ōkaōkele le ho tsubella pakeng tsa mehaho e melelele. Sesole sa Moeeng sa United States se chesehela ho etsa sefofane se khonang ho tsoelipana joalo e le hore se sebelisoe ha ho batloa libetsa tsa lik’hemik’hale le tsa likokoana-hloko metseng e meholo.

Ho Etsisa Maoto a Checheiki

Liphoofolo tse phelang moo ho ommeng le tsona li na le ho hongata hoo li ho rutang. Ka mohlala, mokholutsoane o mong o bitsoang checheiki o khona ho ngoangoarela maboteng le ho itšoarella o thulametse holimo marulelong. Esita le mehleng ea Bibele, sehahabi sena se ne se tsejoa ka ho ba le bokhoni bona bo hlollang. (Liproverbia 30:28) Sephiri se etsang hore checheiki e hlōle matla a khoheli ke sefe?

Hore ebe checheiki e khona ho manama esita le moo ho leng boreleli joaloka khalaseng ho etsoa ke boea bo bonyenyane bo koahetseng maoto a eona. Maoto a eona ha a na sekhomareli. Ho e-na le hoo, a sebelisa matla a fokolang a limolek’hule. Limolek’hule tse boeeng ba maoto a checheiki ha li kopana le tsa moo e tsamaeang teng lia manamana, ka lebaka la matla a fokolang a li kopanyang a tsejoang e le van der Waals. Ka tloaelo, matla a khoheli a hlōla matla ana, e leng eona ntho e etsang hore uena u sitoe ho hloa lebota ka ho beha matsoho feela. Leha ho le joalo, boea bona bo maotong a checheiki bo etsa hore e maname leboteng. Ha matla a van der Waals a eketseha boeeng bo likete-kete bo maotong a checheiki, ho etsa hore e itšoarelle ka matla ho sa tsotellehe boima ba eona ba ’mele.

See se sibolotsoeng se ka sebelisoa hokae? Masela a entsoeng ho tšoana le maoto a checheiki a ka sebelisoa sebakeng sa Velcro—e leng bo bong ba boqapi bo nkiloeng linthong tsa tlhaho.a Makasine ea The Economist e qotsa ’matlisisi e mong ea reng lesela le entsoeng joalokaha e ka ke “theipi ea checheiki” le ka sebelisoa hamolemo “phekolong eo ho ke keng ha sebelisoa lintho tse khomaretsoang ka lik’hemik’hale.”

Thoriso e Lokela ho Lebisoa ho Mang?

Ka nako e tšoanang, National Aeronautics and Space Administration e ntse e nahana ka ho etsa roboto e maoto a mangata e tsamaeang joaloka phepheng, ’me baenjiniere ba Finland bona ba se ba ntse ba qapile terekere e mabili a tšeletseng e ka khonang ho hloa mekoallo e tseleng ho tšoana le kokoanyana e khōlō. Babatlisisi ba bang ba qapile lesela le nang le mameno a manyenyane a bulehang le ho koaleha ka tsela e tšoanang le ea tholoana ea sefate sa phaene. Baetsi ba likoloi ba qapa koloi e tla tsamaea ka ho thella ho hlollang ho tšoanang le ha tlhapi e bitsoang boxfish. ’Me babatlisisi ba bang ba ntse ba batlisisa mokhoa oo khetla e sireletsang khofu ea leoatle ka oona, ba ntan’o etsa tšireletso ea sefuba ea mohlabani e bobebe, empa e le thata.

Ho na le likhopolo tse ngata tse ntle tse hlahisitsoeng ke lintho tsa tlhaho hoo babatlisisi ba seng ba bokeletse boitsebiso k’homphieutheng bo thathamisitseng litsela tse ngata tse fapaneng tseo lintho tse phelang li sebetsang ka tsona. The Economist, e re bo-rasaense ba ka hlahloba boitsebiso bona ho fumana “tharollo ea tlhaho mathateng ao ba thulanang le ’ona ha ba qapa lintho.” Litsela tseo lintho tsa tlhaho li sebetsang ka tsona tse bokeletsoeng boitsebisong ba k’homphieutha li tsebahala ka hore ke “litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang.” Ka tloaelo, e ba motho kapa k’hamphani e nang le tokelo ea molao ea ho ngolisa khopolo e ncha kapa mochine o mocha. Ha e tšohla boitsebiso bona ba litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang, The Economist e re: “Ka ho bitsa mekhoa ea ho etsisa lintho tsa tlhaho ‘litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang’, ha e le hantle bafuputsi ba hatisa ntlha ea hore tlhaho ke eona e nang le litokelo tsa molao.”

Lintho tsee tsa tlhaho li fumane bohlale bo bokaale hokae? Bafuputsi ba bangata ba tla re bohlale bo bonahatsoang ke lintho tsa tlhaho bo hlahisitsoe ke ha lintho li ntse li leka ho iphetola ka lilemo tse limilione li leka sena le sane. Leha ho le joalo, bafuputsi ba bang ba fihlela qeto e fapaneng. Setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo, Michael Behe, se ngotse tjena ho New York Times ka 2005: “Boqapi bo boholo bo bonahalang [pōpong] bo fana ka lebaka le le leng feela le utloahalang: haeba e shebahala joaloka letata, e tsamaea le ho lla joaloka lona, joale ha ho lebaka la hore re belaele hore ehlile ke letata.” Qeto ea hae ke efe? “Ha ho totobetse hore ntho e entsoe, seo ha sea lokela ho hlokomolohuoa.”

Ka sebele, moenjiniere ea qapang lepheo le sireletsehileng, le sebetsang hamolemo la sefofane o tla lokela ho fuoa tlotla bakeng sa boqapi ba hae. Ka ho tšoanang, moqapi oa lesela le tlamisang maqeba le phethang merero e mengata—kapa oa lesela la liaparo le bonojoana, kapa oa koloi e sebetsang hantle haholoanyane—kaofela ba tšoaneloa ke tlotla bakeng sa boqapi ba bona. Ha e le hantle, mohlahisi oa ntho leha e le efe ea etsisang boqapi ba motho e mong ebe ha a bolele moqapi oa eona kapa ho lebisa thoriso ho eena a ka nkoa e le motlōli oa molao.

Na joale ke ho utloahalang hore ebe bafuputsi ba rutehileng, ba etsisang tsamaiso ea tlhaho ho rarolla mathata a bona ha ba qapa lintho, ba re bohlale bo fumanoang tlhahong bo bile teng ka ho iphetola ha lintho ho sa utloahaleng? Haeba ho etsisa tlhaho ho hloka moqapi ea bohlale, joale ho thoe’ng ka ea entseng ntho e etsisoang? Ha e le hantle, ke mang ea tšoaneloang ke tlotla pakeng tsa moetsi e moholo le seithuti se mo etsisang?

Qeto e Utloahalang

Ka mor’a ho hlahloba bopaki ba boqapi bo linthong tsa tlhaho, batho ba bangata ba nahanang ka ho teba ba lumellana le mantsoe a mopesaleme ea ileng a ngola: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.” (Pesaleme ea 104:24) Mongoli oa Bibele, Pauluse, o ile a fihlela qeto e tšoanang le eena. O ile a ngola: “Etsoe litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.”—Baroma 1:19, 20.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tšepahalang, ba hlomphang Bibele le ho lumela hore Molimo o teng ba ntse ba ka pheha khang ea hore Molimo o ne a ka ’na a sebelisa ho iphetola ha lintho hore a bōpe lintho tse hlollang tse teng tlhahong. Leha ho le joalo, Bibele e ruta’ng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Velcro ke lesela le nang le likhoketsane tsa maiketsetso hore le tšoarahane le qapiloeng ho etsisoa boqapi bo fumanoang bohomeng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ho tla joang hore ebe tlhaho e fana ka likhopolo tse ngata hakaale tse ntle?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Ke mang ea nang le tokelo ea molao ea lintho tsa tlhaho?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Haeba ho etsisa tlhaho ho hloka moqapi ea bohlale, joale ho thoe’ng ka ea entseng ntho e etsisoang?

Maoto a checheiki ha a be litšila, ha ho mohla a sieang mohlala moo e tsamaileng, a manama hohle ntle le ho “Teflon” (ntho eo ho seng letho le khomarelang ho eona), ’me a manama le ho imanamolla habobebe feela. Bafuputsi ba leka ho a etsisa

Sefofane sena se khonang ho tsoelipana se entsoe ho etsisoa lepheo la nonyana ea leoatleng

Ho thella ho hlollang ha tlhapi ho susumelitse boqapi ba koloi

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Airplane: Kristen Bartlett/ University of Florida; gecko foot: Breck P. Kent; box fish and car: Mercedes-Benz USA

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]

LI BOHLALE KA TLHAHO HA LI NKA MAETO

Libōpuoa tse ngata li “bohlale ka tlhaho” mokhoeng oa ho fumana tsela eo li batlang ho e nka ha li hahlaula ho pota lefatše. (Liproverbia 30:24, 25) Nahana ka mehlala e ’meli.

◼ Taolo ea Sephethephethe Bohloeng Bohloa bo phathahaneng bo batlang lijo bo fumana tsela e boelang seolong joang? Bafuputsi United Kingdom ba sibolotse hore ntle le hore moo bo fetileng bo siea bo tšoaile ka monko, mefuta e meng ea bohloa e sebelisa lipalo ho etsa litselana tse bo nolofaletsang ho fumana tsela ha bo khutlela seolong. Ka mohlala, New Scientist e re, ha maroana a “tsoa mokoting, a siea mophula oa litselana tse qaqolohaneng ka likhato tse ka bang 50 ho ea ho tse 60.” Ke eng e ikhethang ka mokhoa oo? Ha maroana a khutlela mokoting ’me a fihla moo litselana li arohanang teng, a nka tsela e khaoletsang eo joang kapa joang e lebang mokoting. Makasine eo e re “litselana tsena tse entsoeng ka lipalo li thusa maroana ho tsamaea ka bolokolohi ha a ntse a ea holimo le tlaase, haholo-holo ha a fapanyetsana ’me li a thusa hore a se ke a lahleha.”

◼ Sesupa-tsela sa Linonyana Linonyana tse ngata li nka maeto a malelele maemong a sa tšoaneng a leholimo empa li nepa tsela ka mokhoa o hlollang. Li khona see joang? Bafuputsi ba fumane hore linonyana li khona ho lekanyetsa moo lefatše le nang le matla a khoheli teng. Leha ho le joalo, makasine ea Science e re “matla a lefatše a khoheli a fapana ho ea ka libaka ’me hase kamehla a lebisang leboea.” Ke eng e thusang linonyana tse fallang hore li se lahle tsela? Kamoo ho bonahalang kateng, linonyana li khona ho lokisa sesupa-tsela sa tsona sa tlhaho letsatsi le leng le le leng ha letsatsi le likela. Makasine ea Science e re kaha ho likela ha letsatsi ho ea ka hore na sebaka se hōle hakae le equator le hore na ke nakong efe ea selemo, bafuputsi ba nahana hore e tlameha ebe linonyana tsena li khona ho ikamahanya le liphetoho tsena ka ho latela “tsela ea tlhaho e li bolellang hore na ke nako efe selemong.”

Ke mang ea entseng bohloa ka kutloisiso ea bona ea lipalo? Ke mang ea fileng linonyana sesupa-tsela, tsela ea tlhaho ea ho tseba nako hammoho le boko bo khonang ho hlalosa boitsebiso boo? Na ke ho iphetola ha lintho ho sa utloahaleng? Kapa na ke ’Mōpi ea bohlale?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© E.J.H. Robinson 2004

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela