Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/06 leq. 3
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Tsoha!—2005
  • 3 Tseba ’Nete Mabapi le Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu—Seo Batho ba se Buang ka Eena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 12/06 leq. 3

Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela

KE MANG eo u ka mo khethang e le eena motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela? Noe, ea ileng a pholoha Moroallo ’me ea e-ba moholo-holo oa bohle ba phelang kajeno? (Genese 7:1, 21, 22; 9:18, 19) Nebukadnezare, ’musi oa lefatše oa mehleng ea boholo-holo ea ileng a haha motse o motlehali oo a ileng a o bitsa Babylona e Khōlō? (Daniele 4:28-30) Kapa mohlomong u ka khetha Alexandere e Moholo, eo esita le boprofeta ba Bibele bo buang ka katleho ea hae? (Daniele 8:5-8, 21-22) Kapa ho thoe’ng ka Juliase Cesare, ’musi ea tummeng oa Moroma?

Lilemong tse ka bang 45 ka mor’a lefu la Cesare ea sa tsoa boleloa, ho ile ha hlaha ngoana ea ileng a bitsoa Jesu, Bethlehema. Na e ile ea e-ba motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela? Lilemo tse ka bang lekholo tse fetileng, buka e ’ngoe e bitsoang The Historians’ History of the World e ile ea re: “Lintho tseo Jesu a li entseng li bile le tšusumetso ea bohlokoa haholo historing, esita le ponong ea batho feela bao e seng balumeli, ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe e kileng ea etsoa ke motho. Lichaba tse tsoetseng pele haholo tsa lefatše lia hlokomela hore mehla e mecha e qalile ha Jesu a hlaha.”

Le kajeno batho ba ntse ba thahasella Jesu Kreste haholo. Lilemo tse ’maloa tse fetileng, limakasine tse hlaheletseng tsa litaba United States, e leng Time, Newsweek le U.S.News and World Report, li ile tsa ngolla hong lihlooho tse buang ka eena leqepheng le ka holimo-limo. Ha e le hantle, ho bonahala thahasello e joalo ka Jesu e eketsehile. Koranta ea Toronto Star ea 2004, e itse: “Tšusumetso eo a bileng le eona e ntse e hlahella haholo le kajeno libaesekopong, ’minong le fesheneng. Ke e mong oa batho bao re ba nkang e le ba bohlokoa ba tummeng.”

Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore hase khale hakaalo ha ba bang ba ne ba pheha khang ea hore Jesu ha a e-s’o ka a phela. Bruno Bauer (1809-82), e ne e le tichere e hlaheletseng e ileng ea pheha khang eo. E mong oa liithuti tsa hae e ne e le Karl Marx. Haufi tjena, Robert E. Van Voorst, bukeng ea hae e bitsoang Jesus Outside the New Testament, o ngotse: “Hamorao Marx o ile a kenyelletsa likhopolong tsa hae khopolo ea Bauer ea hore Jesu ke motho oa tšōmong, ’me hamorao lingoliloeng tse molaong tsa Masoviet le liphatlalatso tse ling tsa Makomonisi li ile tsa hasa leshano lena.”

Leha ho le joalo, kajeno ke batho ba ’maloa ba hanang hore Jesu o kile a phela. Ha e le hantle, batho ba bangata kajeno ba lumela ba sa qeaqee hore e ne e le motho oa sebele le oa bohlokoa haholo. Sehlooho se ngotsoeng ke mohlophisi ho Wall Street Journal ea December 2002 se ile sa re: “Saense e ke ke ea Iphapanyetsa Jesu.” Mongoli oa sona o phethetse ka ho re: “Litsebi tse ngata, ntle le tse rothelang tse sa lumeleng hore Molimo o teng, li amohetse ’nete ea hore Jesu oa Nazaretha ke motho ea kileng a phela historing.”

Empa Jesu hase feela motho ea kileng a phela historing. Makasine ea Time e re: “Ho ne ho tla hlokahala mabaka a sa utloahaleng hore ho hanoe hore motho ea bileng le tšusumetso e matla ka ho fetisisa—eseng feela lilemong tse likete tse peli tse fetileng empa historing eohle ea motho—ke Jesu oa Nazaretha.” E phaella ka ho re: “Phehisano ea hore ha ho bophelo ba motho e mong bo bileng le tšusumetso e matla le e tšoarellang joaloka ba Jesu, e ka ba matla haholo.”

Leha ho le joalo, ho sala lipotso: Hantle-ntle e ne e le mang? O ne a tsoa hokae? O ne a tletse eng lefatšeng? Hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba sohle seo re ka se khonang ka eena?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela