Jesu—Seo Batho ba se Buang ka Eena
“Ha ho pelaelo hore . . . Jesu oa Nazaretha ke motho ea hlaheletseng ka ho fetisisa historing.”—Rahistori oa Lenyesemane, H. G. Wells.
“Kreste . . . ke eena feela ea ikhethang har’a bahale bohle ba kileng ba e-ba teng lefatšeng.”—Philip Schaff, ea hlahetseng Swit-zerland, rahistori le setsebi thutong ea bolumeli.
KE MANG ea tšoanelehang ho bitsoa motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela? Ke eng e etsang hore motho a nkoe e le e moholo ka ho fetisisa? Na ke hobane e le mohale ntoeng? E le senatla? A le bohlale? Kapa na ke hobane mantsoe le liketso tsa hae li susumetsa batho ’me a ba behela mohlala o motle?
Hlokomela seo bo-rahistori, bo-rasaense, litsebi, bangoli, baeta-pele ba lipolotiki hammoho le ba bang—ba khale le ba kajeno—ba se buang mabapi le Jesu Kreste oa Nazaretha:
“Leha ho le joalo, motho o tla tlameha ho loha maqheka hore a hane hore motho a le mong feela ea susumelitseng batho ka ho fetisisa ea kileng a ba teng, ke Jesu oa Nazaretha—eseng feela lilemong tse likete tse peli tse fetileng empa historing eohle ea batho.”—Reynolds Price, mongoli oa Moamerika ebile e le setsebi litabeng tsa Bibele.
“Ke motho eo ho hang a neng a se na molato ea ileng a iketsa sehlabelo molemong oa batho, ho akarelletsa le lira tsa hae ’me ea e-ba thekollo bakeng sa lefatše lohle. Ka sebele eo e bile ketso e babatsehang.”—Mohandas K. Gandhi, moeta-pele oa lipolotiki le oa bolumeli oa India.
“Ha ke sa le ngoana, ke ile ka rutoa Bibele le Talmud. Ke Mojuda, empa ke khahloa ke lintho tse ikhethang tseo Monazaretha a li entseng.”—Albert Einstein, rasaense ea hlahetseng Jeremane.
“Ho ’na, Jesu Kreste ke motho oa bohlokoa le ea hlaheletseng historing eohle, e le Mor’a Molimo ebile e le Mor’a Motho. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a kileng a e bua kapa a e etsa e molemo ho rōna kajeno ’me sena hase seo u ka se buang ka motho leha e le ofe ea phelang kapa ea shoeleng.”—Sholem Asch, mongoli ea hlahetseng Poland, joalokaha a qotsitsoe ho Christian Herald; mongolo o tšekaletseng ke oa bona.
“Ho fihlela ha ke le lilemo li 35, ho ne ho se letho leo ke le lumelang. Lilemong tse hlano tse fetileng ke ile ka qala ho ba le tumelo. Ke ile ka kholoa lithuto tse buang ka Jesu Kreste hoo ke ileng ka fetola bophelo ba ka ka ho feletseng.”—Count Leo Tolstoy, mongoli oa libuka tsa lipale oa Morussia ebile e le rafilosofi.
“Historing eohle, ha ho motho eo bophelo ba hae bo kileng ba susumetsa batho ba bangata hakana joaloka [ba Jesu], esita le hona joale bo ntse bo susumetsa ba bangata.”—Kenneth Scott Latourette, rahistori oa Moamerika ebile e le mongoli.
“Na re ka nka pale ea bophelo ba Jesu e le tšōmo feela? Ho hang motsoalle, ha ho leha e le letšoaonyana feela le bontšang hore ke tšōmo. Ho e-na le hoo, histori ea Socrates, eo ho bonahalang ho se motho ea e belaellang, ha e-na bopaki bo khotsofatsang joaloka pale ea bophelo ba Jesu Kreste.”—Jean-Jacques Rousseau, rafilosofi oa Mofora.
Ho hlakile hore ha ho e mong ea tšoaneloang ke ho ba mohlala oa rōna bophelong haese Jesu Kreste. Pauluse, eo e leng serutehi sa lekholong la pele la lilemo, eo Jesu a ileng a mo khetha hore e be molateli oa hae a be a Mo bolele har’a batho ba lichaba, o re khothalletsa hore ‘re talime ka hloko’ ho Jesu. (Baheberu 12:2; Liketso 9:3) Ke eng eo Jesu a ka re rutang eona mabapi le hore na re phele joang? Bophelo ba hae bo ka u tsoela molemo ofe?