Re ne re Tla Etsa’ng Kantle ho Litonki?
KA MONGOLI OA TSOHA! ETHIOPIA
LITERATENG tsa Addis Ababa—e leng motse-moholo oa Ethiopia, eo e leng naha ea bo16 e nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng—tonki e ’nile ea sebelisoa ka nako e telele e le sepalangoang sa bohlokoa. Bakhanni ba bangata ba likoloi ba se ba li tloaetse, baa tseba hore litonki li tseba moo li eang teng le hore ha ho se ka li emang kapele. Le hoja litonki li sa tšabe ho tsamaea ka har’a sephethephethe, mejaro ea tsona e sephara ea phelephanyetsa ebile ha li hetle morao. Kahoo, haeba ha u batle ho hohloa ke mashala, lisu, kapa ntho leha e le efe eo li e jereng, ho molemo hore u suthe tseleng!
Ho hakanngoa hore ho na le litonki tse ka bang limilione tse hlano Ethiopia, hoo e ka bang tonki e le ’ngoe ho batho ba bang le ba bang ba 12. Maethiopia a limilione a lula metseng e maralleng, e arotsoeng ke likhohlo. Likarolo tse ling tsa lesabasaba le nammeng la naha eo li aroloa ke melatsoana e se nang palo. Ho haha marokho kapa hona ho etsa tsela le ha e ka ba e sa katoang e eang libakeng tseo ho ka imela naha leha e le efe licheleteng. Kahoo tonki e khonang ho mamella maima le ho tsamaea litseleng tse mpe ke sepalangoang se loketseng.
Tonki e ka mamella hoo e batlang e le maemo ’ohle a sa tšoaneng a leholimo a Ethiopia—ho tloha ka mabalane moo ho chesang ho bileng ho omeletseng ho ea ka lithabeng. ’Me e khona ho thatika matsoapong, ho tsamaea litselaneng tse patisaneng, ho tšela linōka tse nang le majoe, ho qhafutsa liretseng le ho tsamaea libakeng tse makukuno. E khona ho tsamaea moo pere kapa kamele e ke keng ea tsamaea teng. Ho batho ba limilione, tonki ke sona sepalangoang se ka sehloohong se tsamaisang thepa, haholo-holo metseng eo likoloi li sitoang ho fihla malapeng a mangata.
Litonki li khona ho tsamaea lihukung tse patisaneng le ho tsoelipana tseleng e tšesaane, e pakeng tsa lijarete tse kampetsoeng. Ha li hloke lithaere tse theko e boima ’me ke ka seoelo li thatafalloang ho tsamaea moo ho thellang. Li jara meroalo ea libōpeho tsohle le ea boholo bo sa lekaneng, li isa thepa malapeng hoo e batlang e le libakeng tsohle. Ha bakhanni ba likoloi ba tlerefetseng ke bohale ba luletse ho letsa lihutara, litonki tsona li khona ho tsoelipana habonolo feela pakeng tsa likoloi tse tsamaeang butle. Ha ho lepolesa le ka nahanang ho lefisa tonki ka hore e kene ka lehlakoreng le fosahetseng la tsela ea likoloi. Sebaka sa ho emisa le sona hase bothata. Tonki e ka ’na ea rekisoa ka liranta tse ka bang 370, empa chelete eo e ke ke ea bapisoa le litšenyehelo tsa koloi!
Litonki Motse-moholo
Hoseng, litonki tse likete li ea Addis Ababa—e nang le baahi ba fetang 3 000 000—hangata li tloha sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 25. Laboraro le Moqebelo ke matsatsi a phetheselang haholo, kaha ke matsatsi ao ’maraka o buloang ka ’ona bekeng. Kaha leeto le ka ’na la nka lihora tse tharo, ho hlokahala hore ho tsamauoe esale ka masa. Ka linako tse ling beng ba tsona ba iphaphatha le tsona, empa hangata ba tla ba le tipatipa ka morao.
Hangata li belesoa khetsi ea lijo-lithollo, meroho, patsi, samente, mashala, meqomo ea oli e phehang hammoho le lik’heisi tsa libotlolo tsa lino. Litonki tse ling li jara meroalo e boima ba lik’hilograma tse 90 kapa ho feta. Lintho tse telele, joaloka liqala kapa lithupa tsa sefate sa boloukomo, li tlamelloa maphakong a eona ebe e li hulanya fatše. Mohlomong meroalo e hapang thahasello ka ho fetisisa ke moqeqeko oa mangata a lehlaka kapa furu o batlang o pupetsa litonki ka ho feletseng.
Hoseng ha li ea ’marakeng li kakatetse, litonki li ka tsamaea ka potlako. Ha ho se ho rekisitsoe ’me li se li sa jarella, lia iketla ha li khutlela hae, li tsamaea li bile li ema ho fula ho se hokae ka thōko ho tsela. Ka matsatsi ao li sa theoheleng ka ’ona, litonki li sebelisetsoa mesebetsi e meng ea letsatsi le letsatsi ho kha metsi le ho lata patsi. Li ka ba tsa ’na tsa alimisanoa kapa tsa hirisoa. Tse ling tsa tsona li bile li ruetsoe ho kenya chelete ka ho hirisoa! Libakeng tse ling litonki li hula likosekara, kapa ka linako tse ling litonki tse peli li hula kariki e batlang e le khōlō.
Li Lokela ho Hlomphuoa
Litonki ha li hloke tlhokomelo e kaalo. Li ipatlela lijo ebile li ja hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha li tšoeroe hantle, litonki li rata beng ba tsona. Ho nkoa hore li bohlale ho feta lipere. Hape ha li lebale tsela. Li ka khona ho itsamaela li le ling ho ea lata metsi sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse robeli, ntho feela eo li e hlokang ke motho ea tlang ho li belesa le ho theola metsi ao ha li fihla ntlheng ka ’ngoe. Li ka ba tsa roesoa litloloko e le hore batho ba tseleng ba ka utloa ha tonki e tl’o feta ’me ba nke seo ba se romelletsoeng.
Le hoja litonki li sebetsa ka thata, ha li qeaqee ho bontša ha li jarisitsoe moroalo o boima haholo le ha li hloka phomolo. Ha li le boemong boo, kapa moroalo o li kukunela, li ka ’na tsa botha fatše. Ha li etsa seo li ka ’na tsa se ke tsa utloisisoa ’me tsa kharumeloa kapa tsa otloa. U ka ’na ua hopola tlaleho e ka Bibeleng ea ha sena se etsahala.—Numere 22:20-31.
Litonki li hloka ho nahaneloa le ho hlokomeloa. Ke boemo bo bohloko ha moroalo o sa lula hantle ’me o ritsa, o etsa hore tonki e oele ka lengopeng ’me e robehe. Liso, likokoana-hloko tse fapa-fapaneng, ho petla tlhako, nyumonia le mathata a mang a ka fokolisa lipelesa tsena tse khothetseng. Ka hona, ho thehiloe tleliniki ea sejoale-joale ea litonki Debre Zeyit, haufi le Addis Ababa. E na le lik’homphieutha, likamore tsa phekolo, likoloi tse nang le thepa ea phekolo le kamore e ntle eo ho bueloang litonki ka ho eona. Kahoo, ka 2002, ho ile ha phekoloa litonki tse ka bang 40 000.
Mopatriareka Abrahama o ile a haola sebaka se lithaba ka tonki ha a e-ea Thabeng ea Moria. (Genese 22:3) Tonki e bile karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi ho theosa le pale e telele ea sechaba sa Iseraele. Esita le Jesu Kreste o kene Jerusalema ka tlhōlo a palame tonki.—Matheu 21:1-9.
Le Ethiopia tonki e na le pale e telele. ’Me e ntse e le ea bohlokoa bophelong ba batho ba moo. Le hoja meetso ea literaka le likoloi e ’nile ea fetoha ho theosa le lilemo, tonki eona esale e le ea moetso o tšoanang. Ka sebele e lokela ho hlomphuoa!
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
‘The Donkey Sanctuary’, Sidmouth, Devon, UK