Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 42
  • Esele ea Bua

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Esele ea Bua
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tonki ea Balame ea Bua
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Re ne re Tla Etsa’ng Kantle ho Litonki?
    Tsoha!—2006
  • Jesu o Tla Joaloka Morena
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Kakaretso ea Numere
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 42

PALE EA 42

Esele ea Bua

NA U kile ua utloa ho thoe esele e-ea bua? U ka ’na ua re: ‘Che, ha ke e-s’o utloe. Liphoofolo ha li tsebe ho bua.’ Empa Bibele e bolela hore esele e kile ea bua. A re bone hore na seo se etsahetse joang.

Baiseraele ba se ba itokiselitse ho kena naheng ea Kanana. Balake, morena oa Moabe o tšaba Baiseraele. Joale o re ho bitsoe monna ea bohlale eo ho thoeng ke Balame hore a tl’o rohaka Baiseraele. Balake o tšepisa hore o tla fa Balame chelete e ngata, kahoo Balame o palama esele ea hae ’me o kena tseleng o ea ho Balake.

Jehova ha a batle hore Balame a rohake batho ba Hae. Kahoo o romela lengeloi le nkileng sabole e telele ho ea thiba Balame tseleng. Balame ha a bone lengeloi leo, empa esele ea hae eona ea le bona. Joale esele e ntse e leka ho qoba lengeloi, ’me qetellong esele e botha ka tseleng. Balame o halefile haholo, o otla esele ea hae ka lere.

Joale Jehova o etsa hore Balame a utloe ha esele ea hae e mo buisa. Esele e-ea botsa, ‘Ke u entse’ng hore u nkotle?’

Balame o re, ‘U nkentse hore ke bonahale eka ke leoatla. Hoja ke ne ke e-na le sabole nka be ke u bolaile!’

Esele ea botsa, ‘Na nkile ka u etsa tjee pele?’

Balame oa arabela, ‘Che.’

Joale Jehova o etsa hore Balame a bone lengeloi le nkileng sabole le eme ka tseleng. Lengeloi leo le re: ‘U otlela’ng esele ea hao? Ke tlile ho tla u thibela tseleng, hore u se ke ua ea rohaka Iseraele. Hoja esele ea hao ea se ke ea nqoba, nka be ke u bolaile, empa ke ne nke ke ka lematsa esele ea hao.’

Balame o re: ‘Ke sitiloe. Ke ne ke sa tsebe hore u eme ka tseleng.’ Lengeloi le tlohela Balame hore a ikele, ’me Balame oa tsamaea o ea ho Balake. O ntse a leka ho rohaka Iseraele, empa ho fapana le hoo, Jehova o etsa hore a hlohonolofatse Iseraele hararo.

Numere 21:21-35; 22:1-40; 23:1-30; 24:1-25.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela