U ka Ithuta Puo e ’Ngoe!
Mike o re: “Ha ke llele metsotso le hanyenyane feela ka sena seo ke se entseng.” Phelps o phaella ka ho re: “Ke e ’ngoe ea liqeto tse molemo ka ho fetisisa tseo nkileng ka li etsa.” Bobeli ba bona ba bua ka taba ea hore ebe ha baa ka ba itheka moroalo ha ba lokela ho ithuta puo e ’ngoe.
LINAHENG tse ngata lefatšeng ho pota, batho ba bangata ba ithuta ho bua lipuo tse ling ka mabaka a sa tšoaneng—ba bang ba ithuta tsona molemong oa bona, ba bang ka mabaka a lichelete, ba bang ka a bolumeli. Tsoha! e buisane le batho ba ’maloa ba ntseng ba ithuta puo e ’ngoe. Lipotso tseo ba ileng ba li botsoa li akha tsena: Ekaba ho joang ho ithuta puo e ’ngoe u se u le motho e moholo, hona motho a ka thusoa ke eng hore a ithute? Lintlha tse tla tšohloa mona li thehiloe likarabong tseo ba faneng ka tsona. U ka ’na ua fumana hore lintlha tsena lia khothatsa li bile li bula mahlo, haholo-holo haeba u ntse u ithuta puo e ncha kapa u ntse u nahana ka ho etsa joalo. E le ho etsa mohlala, nahana ka tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tseo bao ho buisanoeng le bona ba nkang hore lia hlokahala hore motho a tsebe ho bua puo e ’ngoe hantle.
Mamello, Boikokobetso, le ho Ipapisa le Maemo
Bana ba banyenyane ba ka tseba ho bua lipuo tse peli kapa tse tharo kapa ho feta ka nako e le ’ngoe—hangata e le ka hore feela ba be sebakeng seo li buuoang ho sona—empa batho ba baholo bona ba fumana ho ithuta puo e ncha ho le thatanyana. Lebaka ke hore ba lokela ho ba le mamello kaha ho ithuta puo e ’ngoe ho ka nka nako e telele. Kaha ba lula ba le maphathaphathe, hangata sena se bolela hore ba tlameha ho behella lintho tse ling ka thōko.
George o re: “Ho hlokahala boikokobetso. Ha u qala ho ithuta puo, u tlameha ho ikemisetsa ho bua joaloka ngoana ’me maemong a mangata u tla be u tšoaroe joaloka ngoana.” Buka ea How to Learn a Foreign Language e re: “U tlameha hore u lebale ka ho inka u le ua bohlokoa u be u tlohele ho khathatseha ka seriti sa hao haeba u hlile u batla ho tsoela pele.” Ka lebaka leo, u se ke ua itšoha haholo. Ben o re: “Haeba ho se mohla u etsang liphoso, ha u bue puo ena e ncha ka ho lekaneng.”
U se ke ua khathatseha haeba ba bang ba u tšeha ha u etsa liphoso—ho e-na le hoo, tšeha le bona! Ha e le hantle, mohlomong ka letsatsi le leng u tla pheta lipale tse qabolang ka lintho tseo u ’nileng ua li bua. Hape u se ke ua tšaba ho botsa lipotso. Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ntho e bitsoa ka tsela e itseng ho thusa kelello ho e hopola.
Kaha hangata ho ithuta puo e ncha ho boetse ho bolela hore u ithute mekhoa e mecha, hoa thusa hore u ipapise le maemo, u se ke ua ba leeme. Julie o re: “Ho ithuta puo e ’ngoe ho nthusitse hore ke hlokomele hore ho na le litsela tse ngata tseo batho ba ka talimang lintho ka tsona le hore ba ka etsa lintho ka litsela tse sa tšoaneng. Seo ha se bolele hore tsela e ’ngoe e molemo ho feta tse ling—empa feela e fapane.” Jay o fana ka keletso e reng, “Ikitlaelletse ho etsa setsoalle le batho ba buang puo eo, ’me u thabele ho ba le bona.” Hoa hlaka hore Bakreste ba tla etsa bonnete ba hore batho bao ke metsoalle e nepahetseng e sebelisang puo e hahang. (1 Bakorinthe 15:33; Baefese 5:3, 4) Jay o phaella ka ho re, “Ha ba hlokomela hore ua ba tsotella, u rata lijo tsa bona, ’mino oa bona le tse ling tse joalo, ho tla itlela feela hore ba u rate.”
Ha u qeta nako e ngata u ithuta puo, empa haholo-holo ha u e sebelisa, u tla tsoela pele kapele. George o re: “Re ithuta puo ka tsela e tšoanang le eo khōhō e jang ka eona—e kobola thollo e le ’ngoe ka nako. Liqonoanana tsena hase lintho tse khōlō, empa li kena hanyane ka hanyane.” Bill, ea ithutileng lipuo tse ngata ha e le moromuoa o re, “Ke ne ke tsamaea ke tšoere lethathamo la mantsoe hohle moo ke eang teng, ’me ke ne ke lula ke le sheba neng le neng ha ke fumana monyetla.” Ba bangata ba fumane hore ho behella ka thōko nako e seng kae ea ho ithuta khafetsa ho molemo ho feta ho qeta nako e ngata ngope setšoha.
Ho na le lintho tse ngata tsa mefuta-futa tse thusang batho hore ba ithute puo, tse akhang libuka, lintho tse rekotiloeng, likarete tse ngotsoeng mantsoe le tse ling. Le hoja ho e-na le lintho tse ngata tjena tsa ho ithuta, batho ba bangata ba fumana hore ba ithuta hantle ka ho fetisisa ha ba hlile ba rutoa joaloka sekolong. U ka sebelisa mokhoa ofe kapa ofe oo u bonang o sebetsa. Leha ho le joalo, hopola hore u ke ke ua ithuta puo e ’ngoe haeba u sa etse boiteko u bile u sa tiisetse. Empa ho na le litsela tse ka etsang hore ho ithuta ho be bonolo le hore ho be monate. Tsela e ’ngoe ke hore u qete nako e ngata u le har’a batho ba buang puo ena, u be u bone le setso sa bona.
George o re: “Ha u se u tseba lintho tsa motheo ’me u se u bile u tseba mantsoe a seng makae, e ka ba hantle hore u qete nakonyana u le naheng eo ho eona u tla utloa puo eo haholo.” Barb o lumellana le sena ka ho re, “Ho etela naha eo ho u fa monyetla oa hore u utloe hantle hore na puo eo e hlile e buuoa joang.” Hoa bohlokoa ka ho fetisisa, ho ba sebakeng seo puo eo e buuoang ho sona ho u thusa hore u nahane ka puo eo e ncha. Ke ’nete hore e ka ’na eaba batho ba bangata ha ba boemong ba ho etela naheng e ’ngoe. Empa ba ka ’na ba e-ba le menyetla ea ho ba har’a batho ba buang puo eo ba ithutang eona le ho ithuta setso sa bona hona sebakeng sa habo bona. Mohlala, ho ka ’na ha e-ba le lingoliloeng kapa mananeo a seea-le-moea kapa a TV a sa bontšeng boitšoaro bo bobe a bileng a hahang a puo eo u ntseng u ithuta eona. Batla batho ba buang puo ena hantle sebakeng sa heno ’me u bue le bona. Buka ea How to Learn a Foreign Language e re: “Qetellong, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e tla u thusa ho tsoela pele ke ho bua.”a
Ha U se U Tapa-tapa Nģa e le ’Ngoe
Ha u ntse u ithuta puo ena e ncha, ka linako tse ling u ka ’na ua bona eka u ntse u tapa-tapa nģa e le ’ngoe—ha u bona u ntse u sokola u se u sa tsoele pele ho hang. Ke eng seo u ka se etsang? Taba ea pele, nahana ka mabaka a entseng hore u ithute puo eo. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li qalile ho ithuta puo e ’ngoe e le hore li tsebe ho thusa ba bang ho ithuta Bibele. Ho nahana ka sepheo sa hao kapa morero oa hao ha u ne u qala ho ithuta puo eo ho ka etsa hore u ikemisetse haholoanyane ho tsoela pele.
Ea bobeli, u se ke ua lebella mohlolo. Buka ea How to Learn a Foreign Language e re: “Ho ka ’na ha etsahala hore ho se ke ha e-ba le mohla u tla bua puo joaloka beng ba eona. Eo hase eona taba ea bohlokoa. Seo u se batlang ke hore batho ba utloisise ha u bua le bona.” Ka lebaka leo, ho e-na le ho ingamangama ka hore ha u bue puo eo ka leleme le paqameng joaloka puo ea heno, tsepamisa maikutlo tabeng ea hore u itlhalose ka tsela e hlakileng u sebelisa seo u seng u ithutile sona.
Ea boraro, ipehele mehato eo u ka e finyellang eo u tla lekanya tsoelo-pele ea hao ka eona. Ho ithuta puo e ncha ho tšoana le ho shebella ha joang bo ntse bo hōla—ha u hlokomele hore na bo se bo hōlile hakae, empa letsatsi le leng le le leng joang bo ntse bo e-ba bolelele. Ka tsela e tšoanang, ha u hetla morao u sheba nakong ea ha u ne u qala, u tla hlokomela hore ruri u tsoetse pele. U se ke ua bapisa tsoelo-pele ea hao le ea ba bang. Molao-motheo oa bohlokoa oo u ka ipapisang le oona o fumaneha ka Bibeleng ho Bagalata 6:4. E re: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”
Ea bone, nka ho ithuta puo ha hao e le letsete la nako e telele. Nahana ka sena: Ha ngoana ea lilemo li tharo kapa li ’nè a bua, o bua joang? Na o sebelisa mantsoe a thata kapa puo e rarahaneng? Ho hang ha a etse joalo! Empa a ka tseba ho buisana le motho. ’Nete ke hore esita le eena ngoana o nka lilemo tse ’maloa a ntse a ithuta puo.
Ea bohlano, bua puo ena e ncha ka hohle kamoo u ka khonang. Ben o re: “Ha ke ne ke sa bue puo ena e ncha kamehla ho ne ho bonahala eka ke ntse ke tapa-tapa nģa e le ’ngoe.” Ka lebaka leo, tsoela pele u se ke ua khaotsa. Bua, bua, bua! Ke ’nete hore ka tlhaho e ka ba ntho e nyahamisang ho leka ho bua le batho ha u sebelisa mantsoe a tšoanang le a ngoana e monyenyane. Mileivi o lla ka hore: “Ntho e nkutloisang bohloko ka ho fetisisa ke ho sitoa ho bua seo ke batlang ho se bua ka nako eo ke batlang ho se bua ka eona.” Empa hona ho nyahama hoo ho ka u susumelletsa hore u tiisetse. Mike o re: “Ke ne ke tenoa ke hore ke ne ke sitoa ho utloisisa ha ho phetoa lipale le ha ho etsoa mesoaso. Ke lumela hore maikutlo ao ke ’ona a ileng a nthusa hore ke sebetse ka thata hore ke fetele methating e ka pele.”
Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng
Ba seng ba tseba puo ba ka thusa motho eo ea ithutang puo joang? Bill, eo mantsoe a hae a qotsitsoeng pejana o fana ka keletso ena, “Bua butle empa u bue ka tsela e nepahetseng, u se ke ua bua joaloka ngoana.” Julie o re, “E-ba le mamello, u se ke ua qetela lipolelo tsa ea ntseng a ithuta puo.” Tony o hopola hore: “Batho ba tsebang lipuo tse peli ba ne ba atisa ho bua le ’na ka puo ea ka. Empa ha e le hantle seo se ne se ntiehisa ho tsoela pele.” Ke ka lebaka leo ba bang ba ithutang puo ba kōpileng metsoalle ea bona hore ka linako tse itseng e bue le bona ka puo ena e ncha feela le hore e ba bontše hore na ba lokela ho ntlafatsa hokae. Liithuti li ananela ha batho ba li babatsa e le kannete ka boiteko boo li bo etsang. Joalokaha George a bolela, “Nka be ke sa atleha ha e ne e se ka lerato le khothatso ea metsoalle ea ka.”
Joale, na ho ithuta puo e ’ngoe ho tlisa melemo e lekanang le boiteko bo hlokahalang? Joalokaha ho boletsoe pejana, Bill o bua lipuo tse ’maloa ’me karabo ea hae ke hore: “Ho joalo! Ho entse hore ke be le tsebo e batsi ka bophelo ’me ho nthusitse hore ke shebe lintho ka litsela tse ngata. Ka ho khetheha, taba ea hore ebe motho o tseba ho ithuta Bibele le batho ba buang lipuo tse ngata le ho ba bona ba amohela linnete tsa Bibele ’me ba tsoela pele moeeng e feta hōle boiteko boo motho a tlamehang ho bo etsa. Ha e le hantle, setsebi se seng sa puo se buang lipuo tse 12 se kile sa re ho ’na: ‘Kea u khalla. ’Na ke ithuta lipuo hobane feela e le ntho eo ke e ratang; uena u ithuta tsona hobane kannete u rata ho thusa batho.’”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! ea Senyesemane ea January 8, 2000, leqhepheng la 12-13.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Ho rata ho thusa batho ba bang ho ka tsosa motho molota hore a chesehele ho ithuta puo e ’ngoe