Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 3/15 maq. 17-20
  • Ho Sebetsa le Phutheho eo ho Eona ho Buuoang Puo Esele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsa le Phutheho eo ho Eona ho Buuoang Puo Esele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko ba ho Ithuta Puo
  • Hatela Pele
  • Ho Tšoarisana le Phutheho
  • Ho Lula U le Matla Moeeng
  • Ho Bala Litšenyehelo
  • U ka Ithuta Puo e ’Ngoe!
    Tsoha!—2007
  • Ho Pakela Batho ba Buang Puo e ’Ngoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Na U Bua “Puo e Hloekileng” Bolacha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Batsoali ba Falleletseng Linaheng Tse Ling, Thusang Bana ba Lona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 3/15 maq. 17-20

Ho Sebetsa le Phutheho eo ho Eona ho Buuoang Puo Esele

MOAPOSTOLA Johanne o ile a ngola a re: “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšenolo 14:6) Phethahatsong ea pono ena ea boprofeta, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boleloa lefatšeng lohle ka maleme, kapa ka lipuo tse sa tšoaneng. Boholo ba lipuo tsena li buuoa ke batho ba falletseng hōle le linaha tsa habo bona. Batho bana le bona ba utloa litaba tse molemo ho Lipaki Tsa Jehova tse chesehang tse ithutileng lipuo tse ling.

Na le uena u e mong oa Lipaki tse sebetsang le phutheho eo ho eona ho buuoang puo esele? Kapa na u nahana ho etsa joalo? E le hore u tle u atlehe boitekong ba hao, u lokela ho etsa sena ka moea o motle le ka kelello e nepahetseng. Kaha sepheo sa hao ke ho thusa batho ba bang hore ba ithute ’nete ea Lentsoe la Molimo, u na le sepheo se setle haholo sa ho rata Molimo le moahelani. (Matheu 22:37-39; 1 Bakorinthe 13:1) Takatso ea ho thusa batho ba bang hore ba tsebe Molimo ke eona e susumetsang motho haholo ho feta ho thabela botsoalle, lijo le setso sa batho ba sechaba se seng kapa ba sehlopha se itseng. Na ua nyahama ha u nahana ho ithuta puo e ’ngoe? Haeba ho joalo, u tla thusoa ke ho ba le maikutlo a matle. James ea ileng a ithuta Sejapane o re: “U se ke ua tšaba puo eo.” Ho tseba hore ba bang ba bangata ba ithutileng pele ho uena ba atlehile, ho ka u thusa hore u phehelle le hore u be le tšepo ea hore u tla atleha. Joale u ka ithuta puo e ncha joang? Ke eng e tla u thusa hore u tloaele phutheho ea puo eo? Hona u lokela ho etsa’ng hore u lule u le matla moeeng?

Boiteko ba ho Ithuta Puo

Ho na le litsela tse ngata tsa ho ithuta puo. Liithuti le matichere ba na le mekhoa e sa tšoaneng ea ho ithuta le ho ruta. Leha ho le joalo, ho ea lihlopheng tse seng kae tse rutoang ke tichere e tšoanelehang, ho potlakisa ho ithuta ebile hoa ho nolofatsa. Ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka puo eo u ntseng u ithuta eona le ho mamela lintho leha e le life tse letsoang tsa puo eo, ho tla eketsa tsebo ea hao ea mantsoe a puo eo le ea mantsoe a sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Mananeo a lintho tse molemo a seea-le-moea, a thelevishene le a video le oona a ka u ruta puo eo le mekhoa ea batho bao. Ho molemo haholo ho ithuta ka nako e khutšoanyane feela letsatsi le leng le le leng ho e-na le ho itepeletsa ka ho ithuta seoelo ka nako e telele.

Ho ithuta puo ho tšoana le ho ithuta ho sesa. U ke ke ua ithuta ho sesa ka hore feela u bale buka. U tlameha ho kena ka har’a metsi ’me u qaputse ka har’a oona. Ho ithuta puo le hona ho joalo. Ha ho bonolo ho ithuta puo ka ho e bala feela. Ho hlokahala hore neng le neng ha ho khoneha u kene har’a batho ba e buang, u ba mamele ha ba bua, u tsoakane le bona, ’me ka holim’a tsohle, u bue! Mesebetsi ea Bokreste e bula monyetla o motle oa hore u etse sena. Hangata, seo u ithutang sona u ka se sebelisa kapele tšimong. Midori o ntse a ithuta Sechaena, ’me o re: “U ka tšoha, empa beng ba matlo ba tla bona hore Lipaki lia ikitlaetsa. Sena se ka ba susumelletsa hore ba mamele. Re ka bua mantsoe a bonolo feela ka puo ea bona ra re, ‘Ke thabela ho u tseba,’ ’me u tla bona hore baa thaba!”

Liboka tsa Bokreste le tsona li thusa haholo. Sebokeng se seng le se seng, leka ho araba leha e le ka lekhetlo le leng leng. Ho sa tsotelehe hore na seo se tšosa hakae qalong, u se ke ua tšoenyeha. Phutheho e batla hore u atlehe! Monifa, ea ntseng a ithuta Sekorea, o re: “Ke leboha haholo morali’abo rōna ea lulang le ’na libokeng, a ’ngolla moelelo oa mantsoe a itseng. Ho ntšehetsa ha hae ka lerato le ka mamello ho nthusa haholo.” Ha mantsoe ao u a tsebang a ntse a eketseha, monahano oa hao o ka qala ho amahanya mantsoe le moelelo, ho sa hlokahale hore u qale ka ho nahana hore na hana a bolela’ng.

Pakane ea hao ea pele ha u ithuta puo e lokela hore e be ho “bua puo e utloisisoang habonolo.” (1 Bakorinthe 14:7-11) Ke ’nete hore batho ba thabela boiteko ba hao, empa ho etsa liphoso le ho bitsa mantsoe ka mokhoa o fapaneng le oa bona ho ka ba sitisa ho mamela molaetsa oa hao. Haeba u le hlokolosi hore ho tloha qalong feela u bitse mantsoe hantle u be u latele melao ea puo, sena se tla u qobisa mekhoa e sa nepahalang eo ho leng thata ho e tsoela. Mark, ea ileng a ithuta Seswahili, o re: “Kōpa batho ba buang puo eo hantle hore ba u tšoae liphoso tse mpe haholo, ebe ua ba leboha ha ba entse joalo!” Ha e le hantle, nahanela nako le boiteko ba batho ba u thusang ka tsela ena. Le hoja u ka kōpa motho e mong hore a hlahlobe lintlha tseo u li ngolang, leka ho lokisetsa lipuo le litlhaloso u sebelisa mantsoe ao u seng u a tseba kapa ao u ipatletseng ’ona bukeng e hlalosang mantsoe. Ha u etsa tjena u ithuta kapele ’me u thuseha hore u bue ka sebete.

Hatela Pele

Monifa o re: “Ho ithuta puo e ncha ke mosebetsi o thata ho feta eohle eo nkileng ka e etsa. Ka linako tse ling ke batla ho tlohela. Empa ke hopola kamoo seithuti sa Bibele se ratang kateng ho utloa linnete tse tebileng tsa mangolo ka Sekorea sa ka se bonolo le thabo eo barab’eso ba e bontšang ha ke hatela pele esita le hanyenyane feela.” Taba ea bohlokoa ke hore, u se ke ua tela habonolo. Pakane ea hao ke hore u khone ho ruta ba bang linnete tse phelisang tsa Mangolo. (1 Bakorinthe 2:10) Kahoo, ho ithuta ho ruta Bibele ka puo e ’ngoe ho hloka boiteko bo tiileng le ba nako e telele. Ha u ntse u hatela pele, qoba ho inyahamisa ka ho bapisa tsoelo-pelo ea hao le ea ba bang ba hatelang pele ho u feta. Batho ba ithutang puo e ncha ha ba lekane ka tsoelo pele le ka lintho tse ling. Leha ho le joalo, hoa thusa ho itlhokomela hore na u tsoela pele hakae. (Bagalata 6:4) Mor’abo rōna ea bitsoang Joon, ea ntseng a ithuta Sechaena, o re: “Ho ithuta puo ho tšoana le ho tsamaea moo ho leng mothati. Nakong eo u nahanang hore ha u ee tao, ka potlako u hlokomela hore u se u hatetse pele.”

Ho ithuta puo e ncha ke mosebetsi oa bophelo bohle. Kahoo, ho thabele, ’me u se ke ua lebella phetheho. (Pesaleme ea 100:2) U ke ke ua qoba liphoso. Ke karolo ea ho ithuta. Ha Mokreste e mong a ne a qala ho bolela litaba tse molemo ka Setaliana, o ile a botsa mong’a ntlo, “Na u tseba lefielo la bophelo?” O ne a batla ho re “morero oa bophelo.” Paki e ’ngoe e neng e ntse e ithuta Sepolishe e ile ea kōpa phutheho hore e bine ntja e le ha e leka ho re pina. Motho e mong ea neng a ithuta Sechaena o ile a fetola tsela eo lentsoe le bitsoang ka eona hanyenyane feela, ’me ka hona a khothalletsa bamameli hore ba lumele mokotlaneng oa libuka oa Jesu e le ha a leka ho re sehlabelong sa Jesu. Molemo oa ho etsa liphoso ke hore li u thusa hore u se ke ua lebala mantsoe a nepahetseng.

Ho Tšoarisana le Phutheho

Ho se tšoane ha lipuo hase eona feela ntho e arohanyang batho. Hangata batho ba arohanngoa haholo ke ho se tšoane ka setso, morabe le sechaba. Leha ho le joalo, litšitiso tsena li ka tlosoa tseleng. Setsebi se seng se ntseng se ithuta lihlopha tsa bolumeli tse buang Sechaena Europe se ile sa hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova ke “mokhatlo oa machaba.” Se bolela hore har’a Lipaki, “bomorabe hase letho, ’me puo hase letho haese feela mokhoa oa ho utloisisa lentsoe la Molimo.” Ka sebele, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ke hona ho thusang Bakreste ba ’nete hore ba se ke ba tšoenngoa ke ho se tšoane ha lichaba. Batho ba aparang ‘botho bo bocha, ha ba na Mogerike kapa Mojuda kapa osele.’—Bakolose 3:10, 11.

Ka lebaka leo, bohle ba ka phuthehong ba lokela ho loanela ho matlafatsa bonngoe. Sena se hloka hore motho a ikemisetse ho nahana ka tsela e ncha, a amohele maikutlo a macha le tsela e ncha ea ho etsa lintho. U ka thibela hore le se ke la arohanngoa ke bochaba ha u sa tsitlelle hore lintho li etsoe ka tsela ea hao. (1 Bakorinthe 1:10; 9:19-23) Ithute ho rua molemo linthong tse molemohali tsa litso tsohle. Hopola hore lerato le se nang boithati le thusa haholo hore ho be le likamano tse ntle le bonngoe ba sebele.

Liphutheho tse ngata tseo ho tsona ho buuoang lipuo lisele li simolla e le lihlotšoana, ’me boholo ba litho tsa tsona e le batho ba ithutang puo e ncha le batho ba sa tsoa qala ho ithuta melao-motheo ea Bibele. Kahoo, lihlopha tsena li ka ba le liqabang tse fetang tsa liphutheho tse khōlō, tsa khale. Ka lebaka leo, Bakreste ba hōlileng tsebong ba lokela ho loanela ho matlafatsa phutheho. Ho bontša ka mantsoe le ka liketso hore re na le lerato, ho etsa hore phutheho e be le moea o motle oo ho oona batho ba qalang ho kopanela ba ka hōlang moeeng.

Ntho e ’ngoe hape eo ba ithaopelang ho ea thusa phuthehong eo ho buuoang puo esele ba lokelang ho e etsa, ke ho khotsofalla boiteko ba batho ba bang. Rick ke moholo phuthehong e joalo, ’me o hlalosa tjena: “Ho ka etsahala hore ebe Lipaki tsa phutheho ena ea puo e ’ngoe ha li tsebe ho hlophisa lintho hantle joaloka Lipaki tsa liphutheho tse haufi tse buang puo ea moo. Empa seo ba sa se khoneng, hangata se koaheloa ke lerato la bona le cheseho ea bona. ’Me batho ba bangata ba thabelang ba amohela ’nete.” Ka hore u be teng kamehla libokeng le mesebetsing e meng ea phutheho le ka ho itela neng le neng ha ho khoneha, ka sebele u tla tsoela phutheho eo molemo, esita leha u ntse u ithuta puo ea moo. Ka ho sebetsa hammoho, bohle ba ka thusa hore phutheho e tsoele pele moeeng.

Ho Lula U le Matla Moeeng

Mor’abo rōna e mong ea neng a sa tsoa fihla phuthehong eo ho buuoang puo esele o ile a utloa ’mè e mong a thusa ngoana oa hae ho lokisetsa tlhaloso. Ngoana o ile a kōpa: “’Mè, na re ka e khutsufatsa?” ’Mè oa hae o ile a re, “Che moratuoa, re tlameha ho tlohella ba ithutang puo hore e be bona ba fanang ka tse khutšoanyane.”

Ha motho e moholo a sa khone ho bua puo e utloahalang ka likhoeli kapa ka lilemo, a ka imeloa kelellong, maikutlong le moeeng. Janet, eo leleme la hae le thellang feela ha a bua Spanishe hona joale, o re: “Liphoso tsa ka li ne li ’nyahamisa habonolo.” Hiroko, ea ileng a ithuta Senyesemane, o hopola ha a ne a nahana a re: ‘Esita le lintja le likatse tsa mona li utloisisa Senyesemane ho mpheta.’ Kathie eena o re: “Ho fallela phuthehong ea Spanishe ho ile ha fetola maemo a ka, ha kea ka ka hlola ke e-ba le lithuto tse ngata le maeto a ho boela. Ke ne ke ikutloa ke le thoto feela.”

Maemong a tjena ho hlokahala hore motho a be le maikutlo a matle. Ha Hiroko a nyahama, o ile a nahana: “Haeba batho ba bang ba ka ithuta puo e ncha, le ’na nka ithuta eona.” Kathie o re: “Ke ile ka nahana ka monna oa ka, ea tsoelang pele haholo puong eo le ea thusang phutheho ka matla. Seo se ile sa nthusa haholo hore ke hatele pele. Mosebetsi o sa le mongata empa tsebo ea ka ea ho bolela le ho ruta e ntse e eketseha, ’me sena sea nthabisa.” Monna oa hae, Jeff, o phaella ka ho re: “Hoa ferekanya hore motho a se ke a utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boleloang ha ho etsoa litsebiso le ha a le libokeng tsa baholo. Ke tlameha ho tšepahala le ho ikokobetsa ebe ke botsa hore na ho itsoe’ng, empa barab’abo rōna ba thabela ho thusa.”

Ha u ntse u sebetsa le phutheho eo ho eona ho buuoang puo esele, ntho ea pele ke hore u itlhokomele moeeng, e le hore u se ke ua khathala moeeng. (Matheu 5:3) Kazuyuki, ea sebelitseng ka nako e telele tšimong ea Sepotoketsi, o re: “Ke habohlokoa hore re fumane lijo tsa moea tse lekaneng. Ke ka lebaka leo re ithutang hammoho re le lelapa ebile re lokisetsang liboka ka puo ea habo rōna le ka Sepotoketsi.” Ba bang ka linako tse ling ba ea libokeng tsa puo ea habo bona. Ho feta moo, ho fumana phomolo e lekaneng ke habohlokoa.—Mareka 6:31.

Ho Bala Litšenyehelo

Haeba u nahana ka ho fallela phuthehong e buang puo e ’ngoe, u lokela ho bala litšenyehelo pele u etsa joalo. (Luka 14:28) Ntlheng ena, lintho tsa bohlokoahali tseo u ka li nahanang ke bomoea ba hao le kamano ea hao le Jehova. Rapella boemo ba hao. Nahanela molekane oa hao le bana. Ipotse, ‘Na maemo a ka le matla ao ke a hlokang moeeng le maikutlong a lekane hore ke qale ntho e nkang nako e telele hakaale?’ Ho loketse hore u etse se molemohali moeeng bakeng sa hao le lelapa la hao. Hohle moo u sebeletsang u le ’moleli oa ’Muso teng, ho na le mosebetsi o mongata le thabo e ngata.

Ho na le melemo e meholo bakeng sa ba ka sebeletsang phuthehong eo ho eona ho buuoang puo esele. Barbara, ea ileng a fallela le monna oa hae phuthehong ea Spanishe o re: “Ketsahalo ena ke e ’ngoe ea tse nthabisitseng haholo bophelong. E tšoana le ho ithuta ’nete ea Bibele hape. Ke leboha monyetla ona haholo, haholo kaha re ke ke ra ba baromuoa naheng e ’ngoe.”

Lefatšeng lohle, batho ba kang ’na le uena ba baloang ka likete le ba lilemong tsohle, ba thula thaba ea ho ithuta puo e ’ngoe e le hore ba ntšetse pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Haeba u e mong oa bona, ho etse ka sepheo se setle le ka boikutlo bo botle. Ho feta tsohle, tšepa Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba hao.—2 Bakorinthe 4:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho ea lihlopheng tsa puo tse rutoang ke tichere e tšoanelehang, ho potlakisa ho ithuta ebile hoa ho nolofatsa

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ha ua lokela ho itlhokomoloha moeeng ha u ntse u ithuta puo e ’ngoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela