Tsa Mona Le Mane
◼ Ho latela phuputso e ’ngoe, ho buuoa nakong ea ho pepa ho beha baimana kotsing ea ho shoa nakong eo ba pepang ka makhetlo a mararo ha ho bapisoa le ho pepa ka tsela e tloaelehileng.—LEFAPHA LA BOPEPISI LE LA KALAFO EA MAFU A BASALI, LA U.S.A.
◼ Ramahlale Stephen Hawking o ile a botsa potso ena eo a neng a e lebisitse ho motho e mong le e mong Inthaneteng: “Ha lefatše le ferekane tjee lipolotiking, sechabeng le litabeng tsa tikoloho, na moloko oa batho o tla phela lilemo tse ling tse lekholo?” Ka mor’a khoeli o ile a re: “Le ’na ha ke tsebe karabo. Ke ka lebaka leo ke ileng ka botsa potso eo, ke ne ke batla hore batho ba ke ba nahane ka eona le hore ba hlokomele likotsi tseo re tobaneng le tsona.”—THE GUARDIAN, EA BRITHANI.
◼ Selemo se seng le se seng ho sechaba sa Tanzania se limilione tse 37, ba lipakeng tsa limilione tse 14 le tse 19 ba tšoaroa ke lefu la malaria. “Selemo le selemo lefu lena le bolaea batho ba naha eo ba ka bang 100 000.”—THE GUARDIAN, EA TANZANIA.
Litlhapi li Sireletsa Metsi ao Batho ba a Sebelisang
Metse e ’maloa ea Amerika Leboea e sebelisa litlhapi tse tloaelehileng tse bitsoang li-bluegill, tse tšabang lik’hemik’hale haholo, ho hlahloba hore na metsi a nooang a hloekile hakae. Tlaleho e entsoeng ke Associated Press ea hlalosa: “Litlhapi tsena li bolokoa ka litankeng tsa metsi tse lulang li ntse li tlatseletsoa ka metsi a tsoang ha ’masepala ’me lisebelisoa tse hlahlobang liphetoho tse etsahalang ’meleng ea litlhapi tsena le tseleng eo li sesang ka eona haeba ho e-na le lik’hemik’hale tse kotsi li lula li sebetsa ka linako tsohle.” Tlaleho eo e re ka letsatsi le leng New York City, “litlhapi tseo li ile tsa hlokomela disele e neng e qhalanetse ka metsing lihora tse peli pele . . . sesebelisoa sefe kapa sefe se hlokomela,” ’me ka tsela ena li ile tsa thibela lik’hemik’hale tse kotsi ho fihla metsing a fepeloang sechaba.
Bokoali Boa Eketsoa
Le hoja matšolo a khothalletsang bophelo bo botle a ’nile a khothalletsa batho ba tsubang hore ba khaotse ho tsuba, koranta ea The New York Times e re lik’hamphani tse etsang koae “ka bolotsana li ’nile tsa etsa hore batho ba lemalle koae le ho feta” ka hore li eketse bokoali bo fumanehang koaeng ka “karolo ea 10 lekholong lilemong tse tšeletseng tse fetileng.” Tlhahlobo e ncha eo ho lumeloang hore e atleha haholo ho etsisa mekhoa ea litsubi hantle, e bontšitse hore lik’hamphani tse etsang koae li leka “ho hohela bacha ba sa tsubeng hore ba qale ho tsuba le ho thibela batho ba baholo hore ba khaotse.” Ha ho etsoa litlhahlobo tsena, ho fumanehile hore “hoo e batlang e le mefuta eohle [ea lisakerete] e ne e ntša bokoali bo lekaneng ho fetola motho lekhoba la koae.”
Letsoho la Maiketsetso le Laoloang ke Boko
Monna e mong oa United States eo matsoho a hae ka bobeli a ileng a khaolelloa mahetleng ka mor’a hore a hlaheloe ke kotsi, hona joale o sebelisa letsoho la maiketsetso le laoloang ke boko. A ka hloella lereng, a sebelisa rolara ea ho penta a ba a haka litloholo tsa hae. Setsi sa phatlalatso ea thelevishene sa Cable News Network se re: “Letsoho la hae le letšehali ke sesebelisoa se entsoeng ka tsela eo se tla tseba ho sebetsa joaloka letsoho la hae la ’nete, se laoloang ke boko. Ha a nahana, ‘Fupara letsoho,’ melaetsa e romelloang ka methapo ea kutlo e raliloeng bocha ka ho buuoa e etsa hore letsoho le fupare.” Li-electrode li fetisetsa melaetsa e tsoang bokong k’homphieutheng e kentsoeng letsohong. K’homphieutha e etsa hore mechine e menyenyane e etsang hore letsoho le sisinyehe e sebetse, e etse hore letsoho lena la maiketsetso le etse lintho tse neng li tla etsoa ke setsoe esita le letsoho la sebele.
Mefuta e Mecha e Likete ea Lintho Tse Phelang!
Koranta ea Fenua Info ea Tahiti e re selemo le selemo ho fumanoa mefuta e mecha ea lintho tse phelang e ka bang 17 000. Karolo ea 75 lekholong ea mefuta ena e mecha ea lintho tse phelang ke likokoanyana empa har’a lintho tsena tse phelang tseo e leng hona li fumanoang ho na le tse nang le lesapo la mokokotlo tse ka bang 450, tse akarelletsang mefuta e 250 ea litlhapi le liphoofolo tse anyesang tse ka bang lipakeng tsa tse 20 le tse 30. Tse peli ho tse tharo tsa lianyesi tsena tse sa tsoa fumanoa ke liphoofolo tsa mofuta oa thakali le bo-’mankhane, ’me koranta eo e re “ka karolelano ho fumanoa mofuta o le mong ka selemo oa liphoofolo tse oelang lelapeng la litšoene,” e leng seo bo-ramahlale ba reng sea makatsa. Lethathamo la lintho tse fumanoang bocha le akarelletsa lifate le limela.