Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/06 maq. 19-21
  • Ha ho ja Tlhapi ho U Kulisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ho ja Tlhapi ho U Kulisa
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetholla Tlhapi e Kotsi
  • Ho Fumana Boloetse le Pheko ea Bona
  • Ntho e Makalitseng ka Nako e Telele
  • Mokhoa oo Litlhapi li Sesang ka Oona ka Sehlopha
    Tsoha!—2012
  • Kamoo Linonyana li Tšoasang Litlhapi Kateng
    Tsoha!—2011
  • Parrot Fish—Na ke Mochine o Etsang Lehlabathe?
    Tsoha!—2015
  • Ak’u Etele ’Maraka oa Tlhapi o Moholo ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 7/06 maq. 19-21

Ha ho ja Tlhapi ho U Kulisa

KA MONGOLI OA TSOHA! FIJI

Arebonto o ne a le qakeng ea hore na oa e ja kapa ha a e je. O ne a tseba se ka ’nang sa etsahala ha a ka e ja, empa ka mona lephako le uba. Tlhapi e besitsoeng le eona e ne e nkha hamonate. Takatso ea lijo e ile ea etsa hore a hlokomolohe seo sohle. Empa ka mor’a nakoana o ile a qala ho nyekoa ke pelo le ho sehoa ke mala a ntan’o hlatsa le ho tšolla hoo a ileng a lakatsa eka a ka be a sa ka a ja tlhapi eo.

NAKONG eo metsoalle ea Arebonto e mo potlakisetsang sepetlele sehlekehlekeng sa habo se senyenyane leoatleng la Pacific, o ne a ile le mailiili a bile a lahlehetsoe ke metsi ’meleng ’me a e-na le lehlaba sefubeng, khatello ea hae ea mali e le tlaase ka tsela e kotsi le pelo e otlela tlaase. Matsatsinyana ka mor’a moo, kantle le ho tšoaroa ke hlooho, ho ba le molikoalikoane le mokhathala, o ile a shoa bohatsu maotong, a opeloa ha a ntša metsi le ho etsahalloa ke ntho e sa tloaelehang ea hore a utloe lintho tse batang eka lia chesa tse chesang eka lia bata. Pelo ea hae e ile ea otla ka tsela e tsitseng ka mor’a matsatsi a robeli, empa ha feta libeke ho shoa bohatsu le ho khathala ho sa ee ka thekō.

Arebonto o ne a kulisoa ke chefo e kotsi, eo litlhapi tse jeoang tse phelang metsing a leoatle a nang le mafika libakeng tsa tropike li atisang ho ba le eona. Ho kulisoa ke tlhapi e nang le chefo ho atile libakeng tsa tropike leoatleng la Indian le la Pacific le leoatleng le potolohileng libaka tsa Caribbean. Libakeng tsena, mohloli o ka sehloohong oa lijo ke litlhapi tse tšoasoang.

Boloetse ba ho kulisoa ke tlhapi e nang le chefo ha bo fihle. Ha e le hantle, bo ile ba tšoara bafuputsi ba Europe ba neng ba tsamaea ka sekepe. Le kajeno bo tšoara ba bangata ba ileng matsatsing a phomolo. Ka ho utloahalang, boloetse bona bo khina seo indasteri ea ho tšoasa litlhapi le ea bohahlauli lihlekehlekeng tse ngata e ka se etsang. Ho feta moo, ho rekisoa ha litlhapi tse phelang le tse hoamisitsoeng tse tsoang metsing a leoatle a nang le mafika ’me li rekisetsoa linaha tse ling, ho entse hore bothata bona ba ho kulisoa ke tlhapi e nang le chefo bo namele hōle le libaka tsa tropike moo bo neng bo sa fumanehe habonolo.a

Ke’ng se etsang hore litlhapi tse phelang metsing a leoatle a nang le mafika li be chefo? Na tlhapi e nang le chefo e ka khetholloa ho tse ling? Hlokomela se senotsoeng ke phuputso e entsoeng ka lilemo tse mashome.

Ho Khetholla Tlhapi e Kotsi

Hangata ho nkoa hore kokoana-hloko e bitsoang dinoflagellate ke eona e nang le chefo ena e kulisang.b Kokoana-hloko eo e phela koraleng e shoeleng ’me e itšoarella boleleng. Litlhapi tse nyenyane li ja bolele boo bo nang le chefo—e bitsoang ciguatoxin—e hlahisoang ke dinoflagellate. Litlhapi tsena li jeoa ke litlhapi tse khōloanyane, tseo le tsona li jeoang ke tse ling, e leng eona tsela e ka sehloohong eo chefo ena e fetisoang ka eona. Leha ho le joalo, ho bonahala eka litlhapi tsona ha e li etse letho.

Chefo ea ciguatoxin ke e ’ngoe ea lichefo tse kotsi ka ho fetisisa tse tsejoang. Koranta ea ’muso oa Australia e re ka lehlohonolo “ke mefuta e seng mekae feela ea litlhapi eo ho nkoang hore e ka ba le chefo eo e kulisang.” Ciguatoxin ha e fetole tsela eo tlhapi e shebahalang ka eona, e nkhang ka eona kapa e latsoehang ka eona ’me ha e bolaoe ke ho pheha tlhapi, ho e omisa, ho e tšela letsoai, ho e beha mosing, kapa ho e kenya linōko. Tabeng ea Arebonto, ho ne ho se letho ka tlhapi eo a e jeleng le mo lemositseng ka kotsi e patehileng ho fihlela a lubeha ka maleng, pelo e qala ho otla ka potlako ’me a ameha methapo ea kutlo.

Ho Fumana Boloetse le Pheko ea Bona

Hona joale ha ho liteko tsa laboratori tse ka etsoang ho hlahloba batho hore na ba na le boloetse boo kapa che. Boloetse bona bo bonahatsoa ke matšoao a sa tšoaneng, a atisang ho bonahala ka mor’a lihora tse seng kae motho a jele ’me bo tiisoa ka ho hlahloba tlhapi e setseng ho bona hore na e na le chefo kapa che. (Bona lebokose le leqepheng le latelang.) Haeba u nahana hore u na le boloetse boo, ho molemo ho batla thuso ea lingaka. Le hoja ho sa tsejoe pheko ea bona, ho ka phekoloa matšoao a bona a atisang ho kokobela ka mor’a matsatsinyana. Leha ho le joalo, boloetse boo bo ka fokolisa motho, ’me ho bo phekola bo sa qala ho ka ’na ha thibela hore e be bo sa foleng.

Matšoao a bona aa fapana, ho itšetlehile ka lintlha tse ’maloa. Ho itšetleha ka hore na tlhapi e na le chefo e kae, hore na motho o jele e kae le hore na o jele karolo efe ea tlhapi le hore na mokuli o se a ntse a e-na le chefo e kae ea ciguatoxin ’meleng, hore na tlhapi eo e tsoa hokae kaha ho bonahala eka chefo eo e fapana ho ea ka libaka. Ho e-na le hore ’mele oa motho o batle tsela ea ho itšireletsa chefong ena, o fokola le ho feta ha chefo e ’ngoe e kena! Ho noa joala le hona ho mpefatsa matšoao ana. Khatiso e ’ngoe e buang ka boloetse bona bo atileng, e re motho o lokela ho qeta likhoeli tse tharo ho isa ho tse tšeletseng a sa je tlhapi haeba a ile a kulisoa ke tlhapi e nang le chefo.

Maemong a mabe haholo motho a ka ’na a qeta libeke, likhoeli esita le lilemo ka nako e ’ngoe a tšoeroe ke boloetse boo, a e-na le matšoao a kang a mokhathala o sa feleng. Maemong a seng makae, motho a ka ba a shoa ka lebaka la ho nyebella ha ’mele, ho sitoa ho hema kapa ka lebaka la ho ema ha pelo, kapa hona ho lahleheloa ke metsi ’meleng. Seo se atisa ho amahanngoa le ho ja likarolo tse nang le chefo e ngata, joaloka hlooho kapa likahare tsa tlhapi.

Ntho e Makalitseng ka Nako e Telele

Hoo e batlang e le litlhapi tsohle tse phelang metsing a leoatle a nang le mafika, hammoho le tse li jang, ho na le monyetla oa hore li be le chefo ea ciguatoxin. Empa taba ena ea makatsa. Litlhapi tse phelang metsing a leoatle a nang le mafika li ka ’na tsa e-ba le chefo e ngata, empa tse ling tsa mofuta oa tsona tse tšoasoang haufi le moo tsa se ke tsa e-ba le chefo. Mofuta o itseng oa tlhapi oo karolong e ’ngoe ea lefatše o nkoang hore o chefo o ka ’na oa nkoa o sireletsehile karolong e ’ngoe. Kaha li-dinoflagellate li ntša chefo ka tsela e sa tšoaneng, ho ke ke ha tsejoa esale pele hore tlhapi e tla ba le chefo kapa che.

Ho mpefatsang boemo le ho feta ke hore ho ntse ho e-s’o fumanehe tsela e sa bitseng hakaalo le e ka tšeptjoang ea ho hlahloba litlhapi tse nang le chefo. Sohle seo ba ikarabellang ho tsa bophelo bo botle ba ka se etsang hona joale ke ho bolella batho hore ba qobe ho ja tlhapi ea mofuta ofe le hore na e ka fumanoa hokae—ba itšetlehile ka litlaleho tsa batho ba fumanoeng ba e-na le chefo eo. Mefuta e belaelloang haholo ke barracuda, grouper, kingfish, red bass, rockfish le snapper, hammoho le moray eel. Hangata tlhapi e khōlō, e tsofetseng e batla e le kotsi ho feta tse ling. Libakeng tse ling molao ha o lumele hore ho rekisoe tlhapi eo ho nkoang hore e ka ’na ea e-ba kotsi. Hangata ho nkoa hore litlhapi tse sa jeng litlhapi tse phelang metsing a leoatle a nang le mafika le tse sa pheleng metsing a libaka tsa tropike li sireletsehile.

Ho lebeletsoe hore batho ba eketsehileng ba tla kulisoa ke chefo e litlhaping. Lebaka le leng la sena ke hore korale e shoeleng e ratoa ke li-dinoflagellate tse kotsi, ’me litlaleho li bontša hore libaka tse ngata tsa korale li boemong bo bobe kapa lia shoa.

Le hoja boloetse bona bo ke ke ba tsejoa esale pele, u ka fokotsa menyetla ea hore bo u tšoare ka ho ela hloko lintlha tse seng kae tsa motheo. (Bona lebokose le ka holimo.) Arebonto o ile a batla a shoa ka lebaka la ho se latele likeletso tsena. O ile a ja hlooho le nama ea tlhapi e sa tsoa tšoasoa ea sebakeng sa habo, eo ho tsebahalang hore e kotsi. O ne a ’nile a ja tlhapi eo nakong e fetileng, ’me a se ke a kula, ka hona ho tšoana le baahi ba bang ba bangata ba lihlekehlekeng, o ne a se a itšepa.

Na se boletsoeng moo se bolela hore u lokela ho qoba lijo tse tsoang leoatleng, mohlomong ha u le phomolong libakeng tsa tropike? Le hanyenyane. Tsela e bohlale ke ho ela temoso hloko le ho khetha tlhapi eo u e jang ka bohlale.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kaha maemong a mangata ha ho tsejoe hore boloetse bona ke bona kapa ha bo tlalehoe ha bo fumanoa, ha ho tsejoe hantle hore na bo tšoara batho ba bakae lefatšeng ka bophara. Mehloli e sa tšoaneng e hakanya hore e ka ’na eaba bo tšoara batho ba 50 000 lefatšeng ka bophara selemo le selemo.

b Mofuta o mong oa dinoflagellate ke Gambierdiscus toxicus.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

Matšoao a Tloaelehileng

◼ Letšollo, ho nyekoa ke pelo, ho hlatsa, mahlaba mpeng

◼ Ho hatsela, ho fufuleloa, ho ba le molikoalikoane, ho tšoaroa ke hlooho, ho hlohlona

◼ Ho shoa bohatsu kapa ho hlohlona molomo, matsoho, kapa maoto

◼ Ho utloa lintho li le ka tsela eo li seng ka eona—ntho e batang ekare ea chesa, e chesang ekare ea bata

◼ Ho opeloa ke mesifa, manonyelletso le ha motho a ntša metsi

◼ Ho otla ha pelo butle, khatello e tlaase ea mali, ho ba le mokhathala

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

Fokotsa Monyetla oa ho ba Kotsing

◼ Botsa lefapha la ho tšoasoa ha litlhapi kapa litsebi tsa ho tšoasa litlhapi hore na ke litlhapi life tse lokelang ho qojoa le hore na ke libaka life tseo ho tšoasoang litlhapi tse chefo ho tsona.

◼ Qoba ho ja tlhapi e tsoang libakeng tseo ho sa tsoa tlalehoa hore ho na le chefo ea ciguatoxin ho tsona.

◼ Qoba ho ja tlhapi e tsofetseng, e khōlō e phelang metsing a leoatle a nang le mafika.

◼ U se ke ua ja hlooho, kapa sebete, kapa likahare tse ling.

◼ Hang ha u tšoasa tlhapi metsing a leoatle a nang le mafika, e ntše likahare ka tsela e nepahetseng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]

Litlhapi Tse Atisang ho ba Chefo

(MABITSO A TLOAELEHILENG A KA ’NA A FAPANA)

Barracuda

Grouper

Rockfish

Snapper

Kingfish

Moray eel

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Dinoflagellate, ke mohloli oa chefo

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 20]

All fish except eel: Illustrated by Diane Rome Peebles - Provided by the Florida Fish and Wildlife Conservation Commission, Division of Marine Fisheries Management; eel: Photo by John E. Randall; dinoflagellate: Image by D. Patterson and R. Andersen, provided courtesy of micro*scope (http://microscope.mbl.edu)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

Fish backgrounds: Illustrated by Diane Rome Peebles-Provided by the Florida Fish and Wildlife Conservation Commission, Division of Marine Fisheries Management

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela