Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 2/8 maq. 18-20
  • Ak’u Etele ’Maraka oa Tlhapi o Moholo ka ho Fetisisa Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ak’u Etele ’Maraka oa Tlhapi o Moholo ka ho Fetisisa Lefatšeng
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ho ja Tlhapi ho U Kulisa
    Tsoha!—2006
  • Mokhoa oo Litlhapi li Sesang ka Oona ka Sehlopha
    Tsoha!—2012
  • Kamoo Linonyana li Tšoasang Litlhapi Kateng
    Tsoha!—2011
  • Letlooa le Litlhapi li Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 2/8 maq. 18-20

Ak’u Etele ’Maraka oa Tlhapi o Moholo ka ho Fetisisa Lefatšeng

KA MONGOLI OA TSOHA! JAPANE

NA U natefeloa ke ho ba sephethephetheng sa ’marakeng? O ka u thabisang, ’me ebile e le o hohelang bahahlauli ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše, ke ’maraka oa Tsukiji, ’maraka oa tlhapi o bohōle ba metsotso e seng mekae feela ka maoto ho tloha bohareng ba toropo ea Tokyo. O ithorisa ka hore ke oona ’maraka o moholo ka ho fetisisa oa tlhapi lefatšeng.

Nako e loketseng hantle ea ho ea moo ke ka matjeke. Ha batho bohle ba sa robetse Tokyo, ’maraka ona oona o qala ho phethesela. Literaka li tlisa lithane tse fihlang ho tse likete li peli tsa tlhapi ka letsatsi, ’me kaofela ha eona e lokela ho laolloa esale ka malungoalungoana hobane ka hora ea boraro hoseng, bareki ba qala ho fihla. Barekisi ba lokisa mabokose a tlhapi ka potlako, ba manamisa lebokoseng ka leng leibole e nang le nomoro, boima ba tlhapi le sebaka seo e tšoasitsoeng ho sona. Ha ho thata ho bona hore na bareki ke bafe. Ba roetse likhohlopo le likepisi tse nang le nomoro ea bona ea laesense. Ho fapana le bahahlauli ba tsamaeang butle, ho bareki ke se-mphete-ke-u-fete ho ea hlahloba boleng ba tlhapi le ho etsa qeto ea hore na fantisi ha e qala ba tla reka ka bokae. Ba tšoereng lihakisi, mabone a shakhalitseng le lithaole ke ba tl’o reka tuna. Lisebelisoa tsena tsa bona ke tsa bohlokoa bakeng sa ho hlahloba boleng ba tlhapi e khōlō ea tuna, ’me thaole ke bakeng sa ho phumola matsoho ka mor’a hore ba tšoare tlhapi.

Joale, hoseng ha hora ea bohlano e fetile ka metsotso e mashome a mararo, ho qaleha mokutu. Hohle ho lla mangenengene ha barekisi ba letsa litloloko ho bitsa bareki hore joale fantisi ea qala. Ho bonahala bafantisi ba le hohle. Ha e le hantle, ho na le liholeseile tse supileng tse tšoarelang fantisi hong, empa tse ling tsa tsona li na le lifantisi tse peli kapa ho feta tse rekisang lihlahisoa tse sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe. Barekisi bana kaofela ba hoeletsa ka mantsoe ’ohle a bona ha ba bitsa linomoro tsa lihlahisoa joalokaha eka baa bina, ’me ba lumeletsoeng ho reka ba hlōlisana ka theko ka ho tsamaisa menoana ka tsela e hlollang. Tlhōlisano e etsoa kapele hoo theko ea se rekisoang e etsetsoang qeto ka metsotsoana feela. Bareki ba bang ba reka ho bafantisi ba babeli ka nako e le ’ngoe. Lebenkele ka leng le lumelloa ho ba le moreki a le mong, ka hona, bareki ba lokela ho phahamela mapoqo ho tloha karolong e itseng ea ’maraka ho ea ho e ’ngoe hore ba fumane mofuta o mong oa tlhapi eo ba e batlang. Ekare ba motsoebere ka ho fetisisa ke ba rekang ka bongata, le hona ba reka mefuta e mengata e sa tšoaneng bakeng sa ho ea rekisetsa mabenkele a mangatanyana.

Hang ha ho entsoe qeto ea hore na ntho ke bokae, bareki ba labalabela ho isa litlhapi moo li lokelang ho ea teng, kapele kamoo ba ka khonang. Likariki tse nyenyane tse huloang ke bo-rathōtō le literaka tse nyenyane li beisitse literateng tse petetsaneng ho isa tlhapi libakeng tse loketseng. Morusu le lerata li hohle. Ho ba shebeletseng, ho bonahala eka pherekano e khōlō. Empa ha e le hantle, ho laolehile ’me ho hlophisehile ka hohle. Ka mor’a lihora li se kae, lithane tse fetang sekete tsa tlhapi li se li rekiloe ’me li ea tsamaisoa. Tlhapi e ’ngoe e isoa mabenkeleng a manyenyane a libakeng tse ling hona ’marakeng mona ’me e tla rekisetsoa bareki ba likete ba chesehelang ho tla reka lihoreng tsa hoseng.

Joalokaha u ka nahana, ’Maraka oa Tsukiji o moholo. Liholeseile tse supileng tse khōlōhali tse tsamaisang fantisi le bo-rakhoebo ba tlaasana ba fetang sekete ba ngolisitse hore ba sebeletse mona. Selemo ho pota, ba lula ba phathahane ho rekisetseng bareki ba ka bang bonyane 40 000 ba etelang ’maraka ona letsatsi le leng le le leng.

Bareki ke bo-mang? Har’a bona ke ba rekang ka bongata bakeng sa lihotele tse khōlō, lireschorente, mabenkele a maholo le lisuphamakete. Hape ho na le beng ba mabenkele a manyenyane a rekisang lijo, beng ba limmaraka tse nyenyane tsa metseng tse rekisang tlhapi, re sa lebale le beng ba mabenkele a rekisang sushi a manyenyane bo hlollang empa e le a atlehang. Bareki bana kaofela ba hlōlisana ka ho reka ea boleng bo botle. Ho hakanngoa hore ha ba kopantsoe kaofela, ba reka lithane tse ka bang 600- 000 tsa mefuta e sa tšoaneng ea tlhapi ka selemo, ba sebelisa chelete e fetang liranta tse likete li 36 tsa limione.

Ha e le hantle, Tsukiji hase ’maraka oa tlhapi feela. O boetse o rekisa litholoana le meroho ka bongata. Ke o mong oa mebaraka e 11 e rekisang lintho ka lihlopha tse khōlō ka har’a Tokyo, e tlas’a taolo ea ’muso oa motse-moholo, Tokyo. Histori ea limmaraka tse rekisang lijo tse ntseng li le foreshe e qalile morao koana selemong sa 1603. E le ho etsa bonnete ba hore ho ba le bohloeki le ho rekisa lintho tsa boleng bo botle, ka 1877 limmaraka tsena li ile tsa oela tlas’a taolo ea ’muso. Ho reketla ha lefatše ka 1923 ho ile ha senya limmaraka tsa Tokyo, ha etsa hore ho thehoe ’Maraka oa Tsukiji o teng kajeno, o ileng oa qala ho sebetsa ka 1935.

Ho tloha ka nako eo, ’maraka ona o hōlile haholo. Ke hokae lefatšeng moo u ka fumanang sebaka se rekisang mefuta e mengata ea tlhapi ka bongata bo bokaale letsatsi le letsatsi? Ho hakanngoa hore mefuta ea tlhapi e kang salmon, cod, sea bream, mackerel, sole le herring, hammoho le sea urchin, sea cucumber le shellfish—mefuta e bongata ba 450 lefatšeng ka bophara—e rekisoa mona. Mabenkele a mang a manyenyane ’marakeng ona a ipabola haholo mofuteng o le mong feela oa lijo tsa leoatleng, o kang octopus kapa shrimp.

Leha ho le joalo, ho na le tlhapi e ’ngoe mona eo e leng nkokonono. Ke tuna e khōlō, e tsamaisoang ka sefofane ho tloha libakeng tse hōle tse kang Leoatle la Mediterranean le Amerika Leboea. Ha ho tlhapi e ka bapisoang le eona ka boholo le ka theko. Tuna e le ’ngoe e khōlō e ka rekisoa ka likete tse ’maloa tsa liranta. Ho rekisoa li-tuna tse makholo tse foreshe le tse hatselitsoeng letsatsi le leng le le leng mona. Bareki ba khekhetha tuna eo ba e batlang bakeng sa bahoebi ba libakeng tsa bona. Karolo e ratoang haholo e nonneng e bitsoang toro, e fumanoang haufi le likhopo, e ka ’na ea qetella e le moro o tšeloang ka holimo ha sushi e lutlisang mathe e se e loketse ho jeoa.

Ha ho makatse hore ebe ’maraka o moholo ka ho fetisisa oa tlhapi lefatšeng o Japane. Naha eo e lika-likelitsoe ke leoatle le leholo le a mararo a manyenyane, ’me ke khale Majapane a ne a ithute ho rata lihlahisoa tsa leoatleng. Hangata tlhapi e ba eona e ka sehloohong lijong tse lutlisang mathe tsa Majapane. Selemo se seng le se seng, Mojapane ea tloaelehileng feela o ja lik’hilograma tse 70 tsa tlhapi le lijo tse ling tse tsoang leoatleng, ’me boholo ba tsona li tsoa ’Marakeng oa Tsukiji. Ka hona, haeba ka le leng u ka etela Tokyo, ke hobane’ng ha u ke ke ua kena palong e eketsehang ea bahahlauli ba etelang ’maraka oo oa tlhapi o moholo ka ho fetisisa lefatšeng?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

Fish artwork: From the book L’Art Pour Tous, Encyclopedie de l’Art Industriel et Decoratif, Vol. 31, 1861-1906

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

James L. Stanfield/NGS Image Collection

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

© Jeff Rotman/www.JeffRotman.com

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

Courtesy of Tokyo Metropolitan Central Wholesale Market

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela