Na ba Hlile ba Phetse Nako e Telele Hakaalo?
Ho ea ka Bibele, Adama o phetse lilemo tse 930, Setha a phela tse 912, Methusela eena a phela tse 969—a salloa ke tse 31 feela a etsa lilemo tse sekete! (Genese 5:5, 8, 27) Na lilemo tsee li ne li lekana le tsa rōna kajeno ka bolelele, kapa tsona li ne li le khutšoanyane, mohlomong li lekana le likhoeli, joalokaha ba bang ba nahana joalo?
Bopaki bo ka Bibeleng bo bontša hore ke lilemo tsa sebele tse lekanang le tsa rōna ka bolelele. Ak’u nahane ka sena: Haeba selemo sa boholo-holo se ne se lekana le khoeli kajeno, batho ba latelang ba ne ba tla be ba bile le bana ba sa le banyenyane haholo, e leng ntho e neng e ke ke ea etsahala: Kenane o ne a tla be a bile le ngoana pele a qeta lilemo tse tšeletseng, ha Mahalalele le Enoke bona ba ne ba tla be ba bile le bana ha ba qeta ho tšoara lilemo tse hlano.—Genese 5:12, 15, 21.
Ho feta moo, batho ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba arola matsatsi ho likhoeli le ho lilemo. (Genese 1:14-16; 8:13) Ha e le hantle, tlaleho e qaqileng ea lintho tse etsahetseng mehleng ea Noe le nako eo li etsahetseng ka eona e re thusa ho fumana hore na khoeli e telele hakae. Ha re bapisa Genese 7:11, 24 le Genese 8:3, 4 rea bona hore likhoeli tse hlano—tse qalang ka la 17 khoeling ea bobeli ho isa ho la 17 khoeling ea bosupa—ke matsatsi a 150. Kamoo ho bonahalang kateng, Noe o ne a bala matsatsi a 30 e le khoeli, ’me likhoeli tse 12 e le selemo.—Genese 8:5-13.a
Empa ke joang batho ba neng ba ka phela lilemo tse 900 kapa ho feta? Bibele e re bolella hore Molimo o ne a bōpetse batho ho phela ka ho sa feleng le hore sebe sa Adama se ile sa tlisetsa lelapa la motho ho se phethahale le lefu. (Genese 2:17; 3:17-19; Baroma 5:12) Batho ba phetseng pele ho Moroallo ba ne ba le haufi le phetheho ho feta rōna kajeno, ’me ha ho pelaelo hore sena e bile lebaka le ka sehloohong la hore ba phele nako e telele. Ka mohlala, Methusela o phetse molokong oa bosupa ka mor’a Adama.—Luka 3:37, 38.
Leha ho le joalo, haufinyane Jehova Molimo o tla tlosa sebe sa Adama ka ho feletseng ho bohle ba bontšang tumelo maling a tšolotsoeng a Mora oa hae, Jesu Kreste. “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) E, nako ea tla eo ka eona ho tla bonahala lilemo tse 969 tseo Methusela a li phetseng, ruri e le nakoana feela!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, Volume 2, leqepheng la 1214, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Krafo e leqepheng la 30]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
1000
Methusela
Adama
Setha
900
800
700
600
500
400
300
200
100
Motho kajeno