Bacha Baa Botsa . . .
Nka Etsa Joang ha ke Iphumana ke Phela Litsong Tse Fapaneng?
“Lapeng re Mataliana, ’me Mataliana a bontšana lerato le mofuthu pepenene. Hona joale re lula Brithani. Batho ba mona ba bonahala ba hlophisehile haholo ebile ba ipotlile. Ke utloa ho se setso seo ke oelang hantle ho sona—ke na le mekhoa e mengata ea Mataliana e etsang hore ke se oele hantle ho Manyesemane, le teng ke na le e mengata ea Manyesemane hoo ke sa oeleng hantle ho Mataliana.”—Giosuè, Engelane.
“Sekolong, tichere ea ka e ile ea mpolella hore ke e shebe mahlong ha e bua. Empa ha ke sheba Ntate ka mahlong ha a bua, o re kea tella. Ke ikutloa ke tlaletsoe ka lebaka la ho phela litsong tse peli tse fapaneng.”—Patrick, Moalgeria ea falletseng Fora.
Na ebe ’mè oa hao kapa ntate oa hao ke motho ea falletseng naheng e ’ngoe?
◻ E ◻ Che
Na puo e buuoang sekolong kapa mokhoa oo bana bao u kenang sekolo le bona ba phelang ka oona o fapane le oa heno?
◻ E ◻ Che
BATHO ba limilione baa falla selemo le selemo, ’me bongata ba bona bo tobana le mathata. Ba iphumana ba se ba le ka har’a batho bao puo ea bona, setso sa bona hammoho le tsela eo ba aparang ka eona e leng tse fapaneng le tsa bona. Ka lebaka leo, hangata batho ba faletseng baa tlokoa—e leng seo ngoanana e mong ea bitsoang Noor a se hlokometseng. Eena le lelapa labo ba ile ba falla Jordan ba ea Amerika Leboea. O re: “Re ne re apara ka tsela e fapaneng le ea moo, ka hona, batho ba ne ba re tlepa litšeho. Re ne re boetse re sa utloisise metlae ea Maamerika.”
Mocha ea bitsoang Nadia o ile a tobana le bothata bo fapaneng. Oa hlalosa: “Ke hlahetse Jeremane. Kaha batsoali ba ka ke Mataliana, ha ke bua Sejeremane kea utloahala hore ha ke Mojeremane, ’me bana ba bang sekolong ba ne ba mpitsa ‘sethoto sa molata.’ Le teng ha ke etela Italy, ke bua Setaliana ka tsela ea Sejeremane. Ka hona, ke ikutloa ho se na setso seo ke oelang ho sona. Hohle moo ke eang, ke ntse ke le molata.”
Ke mathata afe a mang ao bana ba batsoali ba faletseng ba tobanang le ’ona? Hona ba ka sebetsana joang ka katleho le boemo ba bona?
Lekhalo le Bakoang ke Setso le Puo
Esita le ka lapeng, ho ka ba le lekhalo le bakoang ke setso pakeng tsa batsoali ba falletseng naheng e ’ngoe le bana ba bona. Joang? Hangata bana ba tloaela setso se secha ka potlako ho feta batsoali ba bona. Ka mohlala, Ana o ne a le lilemo li robeli ha a fallela Engelane le lelapa labo. O re: “’Na le khaitseli ea ka ha rea ka ra sokola ho hang hore re itloaetse bophelo ba London. Empa ho ne ho le thata ho batsoali ba ka kaha ba ne ba phetse nako e telele sehlekehlekeng se senyenyane sa Madeira se oelang Portugal.” Voeun, ea neng a e-na le lilemo tse tharo ha batsoali ba hae ba Macambodia ba fihla Australia, o re: “Batsoali ba ka ba ntse ba e-s’o tloaele hantle. Ha e le hantle, Ntate o ne a atisa ho koata le ho halefisoa ke taba ea hore ke ne ke sa utloisise maikutlo a hae le tsela eo a nahanang ka eona.”
Lekhalo lena le bakoang ke setso le ka tšoana le lengope le tebileng le arolang bacha ho batsoali ba bona. Joale, lekhalo le bakoang ke puo le ka arola malapa le ho feta, joaloka lerako la qhobosheane le hahoang haufi le foro e tletseng metsi. Lekhalo lena le qala ha bana ba ithuta puo e ncha ka potlako ho feta batsoali ba bona. Lekhalo lena lea hōla ha bana ba qala ho lebala puo ea habo bona ’me ho ba thata haholo hore ho be le puisano e finyellang pelo.
Ian, eo hona joale a leng lilemo li 14, o ile a bona ha lekhalo le joalo le buleha pakeng tsa hae le batsoali ka mor’a hore lelapa labo le falle Ecuador le ee New York. O re: “Hona joale ke bua Senyesemane ho feta Sepanishe. Sekolong, matichere a bua Senyesemane, metsoalle ea ka e bua Senyesemane, ebile ke buisana le ngoan’eso ka Senyesemane. Hlooho ena ea ka e ntse e tlala Senyesemane ’me Sepanishe sea tsoa.”
Na u boemong bo tšoanang le ba Ian? Haeba lelapa leno le ne le falle u sa le monyenyane, e ka ’na eaba u ne u sa elelloe hore puo ea heno e ka u tsoela molemo hamorao bophelong. Ka hona, e ka ’na eaba ha ua ka ua e tsotella ’me ua e lebala. Noor ea qotsitsoeng pejana o re: “Ntate o ile a leka ka matla ho hatella hore re bue puo ea hae ha re le lapeng, empa re ne re sa batle ho bua Searabia. Re ne re utloa ho ithuta Searabia e le moroalo feela ho rōna. Metsoalle ea rōna e ne e bua Senyesemane. Mananeo a TV ao re neng re a shebella kaofela a ne a le ka Senyesemane. Re ne re isa Searabia hokae?”
Leha ho le joalo, ha u ntse u hōla, u ka ’na ua qala ho lemoha melemo ea ho bua puo ea heno hantle. Empa u ka ’na ua thatafalloa ke ho hopola mantsoe ao pele a neng a itlela feela. Michael ea lilemo li 13, eo batsoali ba hae ba tlohileng Chaena ba fallela Engelane o re: “Ke kopanya lipuo tsena tse peli.” Ornelle ea lilemo li 15, ea ileng a tloha Congo (Kinshasa) ho ea London, o re: “Ke leka ho bolella ’mè oa ka ntho e itseng ka Selingala, empa kea hlōleha hobane ke se ke tloaetse ho bua Senyesemane.” Lee, ea hlahetseng Australia empa batsoali ba hae e le Macambodia, oa ikoahlaea hore ebe ha a tsebe ho bua puo ea batsoali ba hae phollatsi. Oa hlalosa: “Ha ke bua le batsoali ba ka ’me ke batla ho itlhalosa hore na ke ikutloa joang litabeng tse itseng, ke sitoa ho bua puo ea bona hantle.”
Bohlokoa ba ho Koala Lekhalo
Haeba u se u sitoa ho bua puo ea heno phollatsi, u se ke ua nyahama. U ka haha tsebo ea hao ea puo eo hape. Empa pele u tla lokela ho utloisisa melemo ea ho etsa joalo. Melemo e meng ke efe? Giosuè ea qotsitsoeng pejana o re: “Ke ithutile puo ea batsoali ba ka hobane ke batla ho ba haufi le bona maikutlong le linthong tsa moea. Ho ithuta puo ea bona ho nthusitse hore ke utloisise hore na ba ikutloa joang. Ebile ho ba thusitse hore ba nkutloisise.”
Bakreste ba bangata ba bacha ba bua lipuo tsa batsoali ba bona hantle hobane ba batla ho bolella batho ba bang ba falletseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Salomão, eo lelapa labo le ileng la fallela London ha a ne a le lilemo li hlano, o re: “Ho thabisa haholo ho khona ho hlalosa Mangolo ka lipuo tse peli. Ke batlile ke lebala puo ea heso, empa kaha hona joale ke phuthehong ea Sepotoketsi, ke khona ho bua Senyesemane le Sepotoketsi hantle.” Oleg ea lilemo li 15 eo hona joale a lulang Fora, o re: “Ho thusa ba bang hoa nthabisa. Nka hlalosetsa batho ba buang Serussia, Sefora, kapa Semoldova, Bibele.” Noor o ile a bona tlhoko ea ho bolela litaba tse molemo tšimong ea batho ba buang Searabia. O re: “Hona joale ke ea tlelaseng ’me ke leka ho khutlisa se neng se ntahlehetse. Ke se ke ikutloa ka tsela e fapaneng. Hona joale ke batla ho thusoa haeba ke entse phoso ha ke bua. Ke batla ho ithuta.”
U ka etsa’ng hore u boele u bue puo ea heno phollatsi? Malapa a mang a fumane hore ha a tsitlella hore lapeng ho buuoe puo ea teng feela, bana ba ithuta lipuo ka bobeli hantle.a U ka ba ua kōpa batsoali ba hao hore ba u thuse hore u tsebe ho ngola puo eo. Stelios, ea hōletseng Jeremane empa puo ea habo e le Segerike, o re: “Batsoali ba ka ba ne ba tšohla temana ea Bibele le ’na letsatsi le leng le le leng. Ba ne ba e balla holimo ebe ’na kea ngola. Hona joale ke khona ho bala le ho ngola Segerike le Sejeremane hantle.”
Ka sebele, haeba u tloaetse litso tse peli ’me u ka khona ho bua lipuo tse peli kapa ho feta moo, u na le monyetla o motle. Ho tseba litso tse peli ho bula monyetla o moholo oa hore u utloisise maikutlo a bona ’me u tsebe ho araba lipotso tseo ba nang le tsona ka Molimo. Bibele e re: “Motho o ba le thabo karabong ea molomo oa hae, ’me lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liproverbia 15:23) Preeti, ea hlahetseng Engelane empa batsoali ba hae e le Maindia, oa hlalosa: “Kaha ke utloisisa litso tsena ka bobeli, ke lokoloha haholoanyane ha ke le tšebeletsong. Ke utloisisa batho ba litso tsena ka bobeli—seo ba se lumelang le tsela eo ba ikutloang ka eona.”
“Molimo ha a Leeme”
Haeba u ikutloa u sa tsebe hore na u oela setsong sefe, u se ke ua khathatseha. U boemong bo tšoanang le ba batho ba ’maloa ba boletsoeng ka Bibeleng. Ka mohlala, Josefa o ile a tlosoa setsong sa habo sa Baheberu e sa le moshanyana ’me a qeta bophelo bohle ba hae Egepeta. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ha aa ka a lebala puo ea habo. (Genese 45:1-4) Ka lebaka leo, o ile a khona ho thusa lelapa labo.—Genese 39:1; 45:5.
Timothea, ea ileng a tsamaea haholo le moapostola Pauluse, ntate oa hae e ne e le Mogerike ’me ’mè oa hae e le Mojuda. (Liketso 16:1-3) Ho e-na le hore a lumelle ho tsoakana ha litso tsa batsoali ba hae hore ho mo sitise, ha ho pelaelo hore o ile a sebelisa kutloisiso ea hae litsong tseo tse peli hore a thuse ba bang ha a le mosebetsing oa boromuoa.—Bafilipi 2:19-22.
Na le uena u ka nka boemo ba hao e le monyetla o motle ho e-na le ho ba tšitiso? Hopola hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Jehova o u rata ka lebaka la seo u leng sona, eseng ho latela hore na u tsoa sebakeng sefe. Na le uena, joaloka bacha ba qotsitsoeng moo, u ka sebelisa tsebo ea hao le phihlelo eo u nang le eona ho thusa ba bang ba setso sa heno hore ba ithute ka Molimo ea se nang leeme, ea lerato, e leng Jehova? Ho etsa joalo ho ka u fa thabo ea sebele!—Liketso 20:35.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng tse sebetsang, bona sehlooho se reng “Mathata le Meputso ea ho Hōlisetsa Bana Naheng Esele,” khatisong ea October 15, 2002, ea Molula-Qhooa.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke lekhalo lefe le bakoang ke setso kapa puo leo u tobaneng le lona?
◼ U ka sebetsana ka katleho joang le a mang a mathata aa?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho bua puo ea batsoali ba hao ho ka etsa hore lelapa le momahane