Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 maq. 23-25
  • Limonamona Tsa Mahala Tsa Morung

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Limonamona Tsa Mahala Tsa Morung
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sefate sa Sea Buckthorn—Se na le Melemo e Mengata
    Tsoha!—2009
  • ’Mala oa Monokotšoai oa Pollia
    Tsoha!—2017
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 9/07 maq. 23-25

Limonamona Tsa Mahala Tsa Morung

KA MONGOLI OA TSOHA! FINLAND

LINAHENG Tsa Scandinavia tse ka leboea Europe, malapa a mangata a thabela ho ea morung ho ea kha menokotšoai ea naheng. Ka mohlala, Finland teng ba ratang ho ea morung ba na le tokelo ea ho kena leha e le kae morung, e leng ntho e fang bohle monyetla oa hore ba tsamaee ka bolokolohi libakeng tsa tlhaho—esita le haeba moru oo o le sebakeng sa motho ea itseng—hafeela ba sa senye letho kapa ba sa atamele haufi haholo le moo a lulang. Tokelo eo ea ho kena morung hase molao o ngotsoeng fatše, empa ke moetlo oa khale oa batho ba Scandinavia. O lumella motho hore a khe lipalesa tsa naha, khoaeane hammoho le monokotšoai kae kapa kae moo li melang teng.

Finland ho na le mefuta e ka bang 50 ea menokotšoai ea morung, eo boholo ba eona e leng e jeoang. E meraro e tloaelehileng haholo ke oa bilberry, cloudberry le lingonberry.a—Bona mabokose a tsamaeang le sehlooho sena.

Menokotšoai ea mebala e sa tšoaneng le tatso e sa tšoaneng e etsa lijo tsa mefuta-futa ’me e molemo bakeng sa bophelo bo botle. Buka e bitsoang Luonnonmarjaopas (Lintlha Tsa Tataiso Bakeng sa Menokotšoai ea Naheng), e re: “Menokotšoai ea Linaheng Tsa Scandinavia e hōlelang khanyeng ea letsatsi ka lihora tse ngata [tsa lehlabula] e na le ’mala o loileng, monko o matla, limenerale le livithamine tse ngata.” Ho phaella moo, monokotšoai o na le litlheferetsi tse thusang ho tsitsisa tsoekere e maling le ho theola k’holeseterole. Monokotšoai o boetse o na le li-flavonoid, e leng metsoako e itseng eo ho lumeloang hore e tlatsetsa bophelong bo botle.

Na ho kha monokotšoai merung ho na le melemo? Jukka, ea chesehelang ho kha monokotšoai, o re: “Ho thusa haholo tabeng ea ho fokotsa litšenyehelo, etsoe monokotšoai oa tura mabenkeleng. Hape ha u ikhella monokotšoai, ua tseba hore hase oa khale.” Mosali oa hae, Niina, o bolela molemo o mong, “Ha re il’o kha monokotšoai, sena se re fa monyetla oa ho thabela pikiniki e monate re le lelapa ka morung.”

Niina o boetse o re: “Haeba u tsamaea le bana, ke habohlokoa hore u lule u ba behile leihlo e le hore ba se ke ba ja monokotšoai o sa tloaelehang kapa ba lahleha.” Batho ba lokela ho ba hlokolosi hobane menokotšoai e meng e chefo.

Joaloka batho ba bangata ba Linaheng Tsa Scandinavia, Jukka le Niina ba thabela ho ea morung haholo. Niina o re: “Ke rata moru. Ho thotse hamonate ebile le moea o hloekile. Ho nkhatholla kelello. Hape bana baa thaba ha ba le moo.” Jukka le Niina ba lemohile hore ho khutsa ho morung ho ba fa monyetla o motle oa ho thuisa le ho qoqa e le lelapa.

Monokotšoai o monate haholo ebile o haha ’mele ha o sa tsoa khuoa. Empa monokotšoai o sa tsoa khuoa ha o lule nako e telele o sa senyehe. E le hore monokotšoai o jeoe le mariha, o lokela ho bolokoa ka tsela eo o ke keng oa bola. Nakong e fetileng, batho ba ne ba boloka monokotšoai phaposing e pholileng e ka tlaase, empa hona joale ka tloaelo o behoa ka karolong e leqhoa ea sehatsetsi. Ho etsoa jeme le lino-mapholi ka mefuta ea monokotšoai.

Sengoli se seng sa Sweden, bukeng ea sona e reng Svenska Bärboken (Buka ea Monokotšoai oa Sweden), se hlalosa hantle tjena: “Ho monate hakaakang hore nakong eo ho batang haholo mariha, motho a ntše botlolo ea monokotšoai o ileng oa bolokoa lehlabuleng le fetileng, e leng ntho e etsang hore motho a labalabele hore lehlabula le fihle”! Monokotšoai o sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng. Lijong tsa hoseng, o monate ka yogurt, granola, kapa ka lesheleshele. Ka monokotšoai o hlabosang oa morung ho ka etsoa lijo tse tsoekere tsa ho theolela le lintho tse bakiloeng. Lero le loileng haholo kapa jelly e entsoeng ka monokotšoai li tsamaisana hantle le lijo tse ngata ebile li fana ka ’mala o motle.

Batho ba bangata ba reka monokotšoai mabenkeleng. Empa ak’u ipone u se u le morung, leholimo le hlakile hamonate, moea oo o u hemang e le o hloekileng ’me u thabela khotso le khutso ha u ntse u batla monokotšoai o ’mala o khanyang, o tsoekere. Ke tsela e monate ea ho fumana limonamona tsa mahala! Ho re hopotsa mantsoe a mopesaleme ha a re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pesaleme ea 104:24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehloohong sena, re sebelisa lentsoe “monokotšoai” kamoo le utloisisoang kateng ka tloaelo, e leng tholoana e nyenyane e bonojoana. Ho latela thuto ea limela, lentsoe “monokotšoai” le bolela litholoana tse bonojoana tseo ka tloaelo li nang le lithootse tse ngata. Ho latela tlhaloso eo, libanana le litamati ke menokotšoai.

[Lebokose/Litšoantšo leqepheng la 24, 25]

BILBERRY (Vaccinium myrtillus)

Monokotšoai ona o atileng o tsoekere o boetse o bitsoa whortleberry. Hangata ka monokotšoai ona ho etsoa lero, lijo tse tsoekere tse theolelang, jeme kapa seno-mapholi. Ho boetse ho bakoa lijo tse fapa-fapaneng ka oona, tse kang pie ea bilberry. Monokotšoai ona o monate haholo ha o jelelloa ka lebese ha o sa tsoa khuoa. Empa u se ke ua leka ua re u ja monokotšoai ona o patetse ba bang hobane o daea lehano ’me molomo o ba bolou. O boetse o bitsoa monokotšoai o phahlang makunutu.

[Lebokose/Litšoantšo leqepheng la 25]

CLOUDBERRY (Rubus chamaemorus)

Monokotšoai ona oa atleha libakeng tse thōkoana tse tšoanang le mekhoabong. Finland, mofuta ona o atile haholo karolong e ka leboea. Monokotšoai ona o nang le livithamine tse ngata tsa A le C, o lero le lengata ebile o na le lihaha-’mele. O na le vithamine ea C e ngata ka makhetlo a mararo ho isa ho a mane ho feta lamunu. Monokotšoai oa cloudberry o nkeloa holimo haholo—ka linako tse ling o bitsoa khauta ea mokhoabong. Monokotšoai ona o tsoekere o tlatsetsa ka tsela e itseng lijong tse theolelang tse tsoekere hammoho le ho etseng joala bo monate.

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Reijo Juurinen/Kuvaliiteri

[Lebokose/Litšoantšo leqepheng la 25]

LINGONBERRY (Vaccinium vitis-idaea)

Monokotšoai ona, o oelang lelapeng la cranberry, o atile haholo Finland le Sweden. Lero le loileng haholo la monokotšoai ona kapa jelly e entsoeng ka oona, li etsa hore lijo li be monate haholo. Ka monokotšoai ona o bofubelu bo loileng haholo ho boetse ho etsoa lero le loileng haholo, lijo tse tsoekere tse theolelang, seno-mapholi le lijo tse ling tse bakoang. Monokotšoai ona ha o senyehe kapele, kaha o na le liasiti tsa tlhaho tse o bolokang nako e telele. Asiti e ngata e monokotšoaing ona e etsa hore o be le tatso e bohale e ka ’nang ea hloka hore motho a o tloaele pele o mo natefela.

[Lebokose se leqepheng la 25]

Hase Mosebetsi o Monate Kamehla!

Ho kha monokotšoai hoa thabisa ebile hoa khotsofatsa.b Empa sena ha se bolele hore ke mosebetsi o monate kamehla. Pasi le Tuire ke banyalani ba lulang Lapland ba khang monokotšoai bakeng sa bona lapeng le bakeng sa ho o rekisa. Ha ba kha monokotšoai, ka linako tse ling ba bokaneloa ka bongata ke likokoanyana tse tšoenyang tse kang menoang le liboba. A bile a ntse a nyaroha, Tuire o re: “Ka sebele lia tena. Li bile li kena ka hanong le ka mahlong.” Leha ho le joalo, ka lehlohonolo u ka itšireletsa ka tsela e itseng ka ho apara liaparo tse loketseng le ka ho sebelisa litlolo tse lelekang likokoanyana.

Ho tsamaea sekhoeng le hona ho ka ba thata—haholo-holo haeba u tsamaea moo ho leng mokhoabo. Sebaka se bonahalang eka se tiile e ka ’na eaba ke lelumela le qhefeqhefe. Hape, ho latela Pasi le Tuire, mosebetsi oa ho kha monokotšoai ka booona e ka ba o khathatsang. Ho inama le ho kotsama lihora tse ngata ho ka utloisa mokokotlo le maoto bohloko.

Ho fumana monokotšoai le hona ha ho bonolo kamehla. Pasi o re: “Ho hlokahala hore u be le mamello hore u fumane sebaka se nang le monokotšoai o mongata.” Tuire oa phaella: “Ka makhetlo a mangata re khathatsoa ke ho o batla ho feta ho o kha.” Ho hloekisa monokotšoai ka mor’a ho o kha le hona ke mosebetsi o mong.

Ka lebaka la mathata a kang ao, ba bang ba khetha ho tlohella monokotšoai hore o jeoe ke liphoofolo tsa morung. Leha ho le joalo, ba bangata ba khang monokotšoai, ba kang Pasi le Tuire, ba kena morung le mekhoabong selemo se seng le se seng. Ho bona, thabo ea ho kha monokotšoai e feta hōle mathata ao ba thulanang le ’ona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b Hase mefuta eohle ea menokotšoai e jeoang ke batho. Mefuta e meng e chefo. Pele u kha monokotšoai, ithute ho khetholla o jeoang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela