Sefate sa Sea Buckthorn—Se na le Melemo e Mengata
◼ Batho ba etelang libakeng tse ka thōko tsa Russia mathoasong a hoetla, ba ka ’na ba bona sefate sa sea buckthorn,a e leng sefate se senyenyane, se nang le likhunoane tse ’mala o khanyang joaloka oa lamunu. Ho e-na le hore li etse masihla, likhunoane tsena li hlaha hohle makaleng a sefate ’me li na le ’mala o hohelang.
Likhunoane tsena lia jeoa, empa u ele hloko meutloa e hlabang ea sefate seo haeba u li kha ka letsoho! U lokela ho li kha ka bonngoe empa u hlokomele hore u se ke ua li silakanya. Kaha lifate tsa sea buckthorn li hōla hantle libakeng tse batang, li fumaneha ka bongata lithabeng tse qalang ka leboea-bophirimela ho Europe ho ea Lithabeng Tsa Altai tse Asia Bohareng, hammoho le karolong e ka bophirimela le e ka leboea ho Chaena esita le karolong e ka leboea Lithabeng Tsa Himalaya. Ka lilemo tse makholo, likhunoane tsena li ’nile tsa nkoa e le tsa bohlokoa haholo libakeng tse kang Chaena, Russia le Tibet.
Libuka tsa bongaka tsa Tibet le tsa Bagerike ba boholo-holo, li bua ka sefate sena sa sea buckthorn. Ka Segerike se bitsoa Hippophaë, e bolelang “pere e phatsimang.” Batho ba nahana hore lebitso lena le amana le mokhoa oa Bagerike ba boholo-holo ba neng ba sebelisa likhunoane tsa sefate sena kapa makhasi a sona ho phatsimisa lipere tsa peiso.
Lifate tsa sea buckthorn li ile tsa tlisoa Amerika Leboea ke bajaki ba Marussia, qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, ha ba ne ba tlisa lifate tsena Canada le United States li tsoa Siberia e le hore li lemeloe khoebo. Hona joale linaha tse ngata li lema lifate tsena e le sejo sa bohlokoa le ho etsa meriana.
Har’a tse ling, likhunoane tsa sea-buckthorn li na le vithamine ea C le ea E le ea mofuta o mong oa B, likarolo tse hlahisang ’mala, liasiti tse mafura le likarolo tse hlahisang ’mala limeleng. Bafuputsi ba tsa bongaka ba sa tsoa hlahloba melemo eo sefate sena se nang le eona tabeng ea ho phekola kankere, hammoho le ho fokotsa likotsi tsa ho tšoaroa ke lefu la methapo ea pelo, ho phekola liso tsa ka maleng, mathata a letlalo le boloetse ba sebete. Likhunoane tsena li boetse li etsa seno se bolila bo khathollang ebile ke moriana o phekolang mafu a sa tšoaneng.
Karolo e nkoang e le ea bohlokoa ea khunoane ea sea-buckthorn ke pete e nyenyane e ntšo e ka har’a eona. Oli e peteng ena, e-na le limatlafatsi tse ngata tse fumanehang khunoaneng. Bafuputsi ba bang ba bolela hore oli ea sea-buckthorn e thusa ho matlafatsa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Ho phaella moo, litlolo tse ling li tsoakoa le oIi ena hobane ho thoe e nchafatsa letlalo.
Haeba u ka etela Russia, mohlomong u tla bona u be u hlolloe ke botle ba likhunoane tsa sefate sa sea buckthorn tse ’mala o kang oa khauta o isang ho oa lamunu. Empa joalokaha re hlokometse, sefate sena se setle ebile se na le melemo e mengata. Ruri, bona ke bo bong ba bopaki bo bongata bo bontšang kamoo ’Mōpi oa rōna a leng bohlale a bileng a leng molemo kateng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong se rehiloe lebitso lena kaha se mela haufi le mabōpo a leoatle, Europe le Asia.