Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/07 leq. 27
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Iponahatseng le le ba Lebohang’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Mabapi le Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe le Lebohe”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 10/07 leq. 27

“Le Iponahatse le le ba Lebohang”

◼ Khafetsa-khafetsa, Bibele e khothalletsa barapeli ba Molimo hore ba lebohe. Pesaleme ea 92:1 e re: “Ke ntho e ntle ho leboha Jehova.” Moapostola Pauluse le eena o ile a eletsa: “Le iponahatse le le ba lebohang.”—Bakolose 3:15.

Ho na le lebaka le utloahalang la ho ba ba lebohang. Moprofesa Robert Emmons, oa Univesithi ea California e Davis, o re: “Bafuputsi ba fuputsang taba ea ho leboha ba qala ho etsa qeto ea hore ho leboha ho thusa batho haholo hore ba sebetsane le mathata a letsatsi le letsatsi, haholo-holo khatello ea maikutlo le hore ba khone ho ikutloa e le ba bohlokoa.”

Makasine ea Time e bolela molemo o mong hape, e re: “Batho ba hlalosang kamoo ba lebohang kateng . . . ba atisa ho ba mafolofolo le ho ba le tšepo bophelong, ha ba be le khatello e kaalo ea maikutlo, ’me ha ba atise ho tetebela maikutlo joaloka batho ba bang kaofela.”

Empa ka bomalimabe, Bibele e boletse esale pele hore “matsatsing a ho qetela,” ba bangata e ne e tla ba “baithati” le “ba se nang teboho.” (2 Timothea 3:1-5) Bakreste ba ’nete ba ka etsa’ng ho qoba ho hemeloa ke moea oo? Mongoli oa Bibele o re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Ha re mamela melao ea Molimo, re qoba masisa-pelo a mangata a tlelang ba hahamallang lipakane tsa boithati. Ho feta moo, re tiisetsoa hore Jehova o bona boiteko boo re bo etsang le hore o tla re putsa ka ho loketseng. (Baheberu 6:10) Melemo e joalo e re susumelletsa hore re “lebohe Jehova.”—Pesaleme ea 107:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela