Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/07 leq. 4
  • Buka e Ikhethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka e Ikhethang
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka e Ajoang ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Buka ea Batho Bohle
  • Gutenberg—Kamoo a Ileng Enberg a Ruisa Lefatše Kateng!
    Tsoha!—1998
  • Buka e ka Utloisisoang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Buka e Ikhethang e Pholohileng Litlhaselo
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 11/07 leq. 4

Buka e Ikhethang

“Bibele ke buka e abuoeng ka ho fetisisa historing.”—The World Book Encyclopedia.

LILEMONG tse 550 tse fetileng, moqapi oa Lejeremane ea bitsoang Johannes Gutenberg o ile a qala ho hatisa ka mochine o monyenyane. Buka ea pele e khōlō eo a ileng a e hatisa ke Bibele.a Ho tloha nakong eo, ho se ho hatisitsoe libuka tse limilione-milione tse buang ka lintho tsena kaofela tse teng. Empa Bibele eona ea ikhetha ho tsona kaofela.

◼ Ho hakanngoa hore ho hatisitsoe Libibele tse ka bang limilione tse likete tse 4,7 (e feletse kapa e sa fella). Palo eo e mena ka makhetlo a fetang a mahlano palo ea khatiso e latelang e abuoeng ka ho fetisisa, e leng Quotations From Chairman Mao.

◼ Morao tjena ho sa tsoa ajoa likopi tse limilione tse 50 tsa Bibele, e feletse kapa e le likarolo tse itseng tsa eona, ka selemo se le seng feela. Tlaleho e makasineng ea The New Yorker, e re: “Selemo se seng le se seng, Bibele ke eona buka e rekoang ka ho fetisisa.”

◼ Bibele e fetoletsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang tse 2 400. Bonyane karolo e ’ngoe ea Bibele e fumaneha ka lipuo tse buuoang ke batho ba 90 ho ba bang le ba bang ba lekholo.

◼ Hoo e ka bang halofo ea bangoli ba Bibele ba qetile ho ngola mangolo a bona pele rafilosofi ea tsebahalang oa Lechaena ea bitsoang Confucius a tsoaloa, le Siddhārtha Gautama, mothehi oa Bobuddha.

◼ Bibele e bile le tšusumetso e matla ho tsa bonono, ho akarelletsa tse ling tsa litšoantšo tse takiloeng, lipina le lingoliloeng tse tummeng haholo lefatšeng.

◼ Bibele e ’nile ea thibeloa ke mebuso, ea chesoa ke bahanyetsi ba bolumeli le ho hlaseloa ke bahlahlobisisi. Ha ho buka e ’ngoe e kileng ea hanyetsoa ka matla joalo—’me ea ’na ea e-ba teng.

Na lintlha tsee tse boletsoeng ka holimo hase tse ikhethang? Ke ’nete hore lintlha le lipalo-palo tse tsotehang ka botsona ha li pake hore Bibele e ka tšeptjoa. Lihloohong tse latelang re tlil’o tšohla mabaka a mahlano a kholisitseng batho ba limilione hore ba ka tšepa Bibele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bibele ea Gutenberg e ne e fetoletsoe ka Selatine ’me e ile ea qetoa hoo e ka bang ka 1455.

[Litšoantšo leqepheng la 4]

Mochine oa khatiso oa Gutenberg le leqephe le tsoang Bibeleng ea hae

[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Press: Courtesy American Bible Society; page: © Image Asset Management/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela