Buka e Ajoang ka ho Fetisisa Lefatšeng
“Bibele ke buka e baloang ka ho fetisisa historing. . . . Ho abiloe likopi tse ngata tsa Bibele ho feta tsa buka leha e le efe e ’ngoe. Bibele e boetse e fetoletsoe ka makhetlo a mangata ho feta, le hona e le lipuong tse eketsehileng ho feta buka leha e le efe e ’ngoe.”—“The World Book Encyclopedia.”1
LINTLHENG tse ling, libuka tse ngata li tšoana le batho. Li ba teng, li ka ’na tsa tuma, ’me—kantle ho tse seng kae tse nkoang e le tsa bohlokoa—lia tsofala ’me lia shoa. Lilaebrari hangata li sebeletsa e le mabitla a libuka tse se nang palo tsa khale, tse sa baloeng le tseo, ha e le hantle e leng tse shoeleng.
Leha ho le joalo, Bibele ea ikhetha esita le har’a libuka tse nkoang e le tsa bohlokoa. Le hoja e qalile ho ngoloa lilemong tse fetileng tse 3 500, e sa ntse e phela haholo. Ke buka e ajoang ka ho fetisisa ho feta tsohle lefatšeng.a Selemo le selemo, ho ajoa likopi tse ka bang limilione tse 60 tsa Bibele e feletseng kapa tsa likarolo tsa eona. Khatiso ea pele e ile ea hatisoa mochineng oa mofuta oa litlhaku tse tsamaisoang oa moqapi oa Mojeremane Johannes Gutenberg ka bo-1455. Haesale ho tloha ka nako eo ho hakanngoa hore ho hatisitsoe Libibele tse likete tse limilione tse ’nè (li feletse kapa li sa fella). Ha ho buka e ’ngoe, ea bolumeli kapa eo e seng ea bolumeli, e atametsang palong eo.
Bibele e boetse ke buka e fetoleloang ka ho fetisisa historing. Bibele e feletseng kapa likarolo tsa eona e fetoletsoe lipuong le malemeng a fetang 2 100.b Karolo e fetang 90 lekholong ea lelapa la motho e khona ho fumana bonyane karolo ea Bibele ka puo ea eona.2 Kahoo buka ena ea fumaneha lichabeng tse ngata ’me e hlōtse mekoallo ea morabe le mefuta ea morabe.
Lipalo-palo e le tsona feela li ka ’na tsa se ke tsa u fa lebaka le u susumetsang hore u hlahlobe Bibele. Leha ho le joalo, kabo le lipalo tsa ho fetolela ke tse hlollang, ho pakang hore Bibele e ipiletsa ho batho bohle. Ka sebele buka e rekisoang haholo le e ajoang ka ho fetisisa historing eohle ea batho e hloka hore u e hlahlobe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka e latelang e ajoang ka ho fetisisa ho nahanoa hore ke bukana e sekoahelo se sefubelu e reng Quotations From the Works of Mao Tse-tung, eo ho hakanngoang hore ho rekisitsoe kapa ho abiloe likopi tsa eona tse ka bang limilione tse 800.
b Lipalo-palo tse mabapi le lenane la lipuo li thehiloe lipalong tse phatlalalitsoeng ke United Bible Societies.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bibele ea Gutenberg, ka Selatine, buka ea pele e feletseng e ileng ea hatisoa ka mochine oa mofuta oa litlhaku tse tsamaisoang