Ntho e Molemo ho Feta “Maqhubu a Phethahetseng”
Joalokaha ho boletse Karl Heinz Schwoerer
Ke hlahetse Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. ka 1952, empa ke hōletse New Smyrna Beach, Florida. Ha ke sa ntse ke le mocha, ke ne ke rata papali ea ho palama maqhubu haholo. Ha e le hantle, e ile ea fetoha ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka.
KA 1970, ke ile ka ea Embry-Riddle Aeronautical University e Daytona Beach, Florida, ho ea ithutela ho ba mokhanni oa lifofane tse khōlō tsa baeti. Leha ho le joalo, ke ile ka soabisoa haholo ke ’muso, oo ka nako eo o neng o loantša Vietnam, e leng ntoa eo ke neng ke nka hore ha ea lokela. Ka lebaka la ho khopisoa ke tsamaiso eohle ea lintho, joaloka bacha ba bang ba nakong eo, ke ile ka tlohela sekolo eaba ke phela bophelo ba mahipi. Ke ne ke e-na le moriri o molelele ke bile ke sebelisa lithethefatsi.
Ka mor’a nakoana ke ile ka kopana le Susan, ngoanana ea sebete ea neng a e-na le talenta e ikhethang ea ho taka litšoantšo le ho nka lifoto. Ke ile ka nahana hore ha re ne re ka bebofatsa tsela eo re phelang ka eona, ke ne ke tla sebetsa kahong ka likhoeli tse tšeletseng ho isa ho tse robeli Florida ’me re qete likhoeli tse setseng tsa selemo re lula litenteng Mexico le Amerika Bohareng, haufi le Lebōpo la Leoatle la Pacific.
Ho Ela Hloko Litlhoko Tsa Moea
Ka sebele ho ne ho le monate ho iphelela re sa tšoenyehe ka letho mabōpong a matle a tropike—Sue a taka litšoantšo a bile a nka lifoto ’me ’na ke palama maqhubu. Empa ka mor’a lilemo tse seng kae, re ile ra utloa hore ha rea khotsofala bophelong. E ne eka ho na le ntho e haellang. Kahoo, bohareng ba selemo sa 1975, ha re ntse re le Costa Rica, karolong e Lebōpong la Leoatle la Pacific, ke ile ka qala ho batla leseli litabeng tsa bolumeli. Ke ile ka bala libuka tsa bolumeli le tsa filosofi tsa Bochabela, tse neng li ratoa haholo nakong eo.
Kaha libuka tseo ke neng ke li bala li ne li atisa ho qotsa Bibele hore li pake bonnete ba lithuto tsa tsona, ke ile ka nahana hore e tlameha ebe Bibele ke eona motheo oa ’nete. Kahoo ke ile ka fa motho e mong khoaeane e nang le lithethefatsi hore a mphe Bibele ea khale ea King James Version. Motšehare o mong le o mong oa mantsiboea ha ke qeta ho palama maqhubu lihoreng tsa hoseng, ke ne ke lula fatše ebe ke bala Bibele. Le hoja ke ne ke chesehela ho bala Bibele haholo, ke ne ke sa e utloisise hakaalo.
“Na U na le Lipotso Leha e le Life ka Bibele?”
Ha re le tseleng re tloha Costa Rica re leba United States ka August 1975, ’na le Sue re ile ra ema k’hemisting e ’ngoe hore re reke moriana. Ha re ntse re sa utloane hantle ka puo le rak’hemiste eo, moreki e mong ea bitsoang Jenny o ile a ithaopela ho re thusa. E ne e le ngoanana ea lilemo li 16 oa Leamerika ea neng a bua Sepanishe bolacha feela. O ile a re eena le batsoali ba hae ke Lipaki Tsa Jehova ebile ba ne ba falletse El Salvador ho tla ruta batho Bibele.
Jenny o ile a mpotsa a re: “Na u na le lipotso leha e le life ka Bibele?”
Ke ile ka re: “E, li teng!” Le hoja re ne re shebahala re le mahipi, kapele-pele Jenny o ile a re memela hore re ee habo re il’o kopana le batsoali ba hae, e leng Joe le Nancy Trembley. Re ile ra lumela ho tsamaea le eena. Re ile ra qeta motšehare oohle oa mantsiboea re botsa lipotso ka se ka Bibeleng ’me re ile ra khahloa haholo ke tsela eo Joe le Nancy ba neng ba araba lipotso tsa rōna ka eona. Khafetsa ba ne ba re: “Phetlang lengolo lena Bibeleng ’me le le bale.”
Shoalane e ile ea re tšoarela moo, eaba ba kōpa hore re robaletse. Leha ho le joalo, ha baa ka ba re lumella hore re robale ka kamoreng e le ’ngoe kaha ’na le Sue re ne re sa nyalana. Bosiu, Sue le Jenny ba ile ba qeta lihora tse ngata ba sa robala ba ntse ba bua ka litaba tsa Bibele—ho qala ka Adama ho akarelletsa le Armagedone.
Bibele e ’Mala o Motala
Letsatsing le hlahlamang, pele re tloha motseng oo, Joe le Nancy ba ile ba re fa limakasine tse ngata tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, libuka le Bibele. E ne e le Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, eo nakong eo e neng e hatisoa e e-na le sekoahelo se thata se setala. Joe o ile a boela a re isa Holong ea ’Muso ho ea e bona. E ne e le mohaho feela tjee oo Lipaki Tsa Jehova li kopanelang ho oona hore li ithute Bibele. Ke ile ka nahana: ‘O fapane hakaakang le oa likereke tsa Bokreste-’mōtoana tsa mponeng, tseo ho tsona batho ba ithutang lintho tse fokolang haholo ka Bibele!’
Hamorao hona letsatsing leo, ha re eme moo ho hlahlojoang thepa lelibohong le kenang Guatemala, basebetsi ba moo lelibohong ba ile ba ferekana ha ba bona Bibele e tala. Ba ile ba makala hobane ba ne ba tseba hore ka tloaelo Bibele eo e sebelisoa ke Lipaki Tsa Jehova. Empa ho hang rōna re ne re sa shebahale joaloka Lipaki. Ho sa tsotellehe tsela eo re neng re shebahala ka eona, basebetsi bao ba ile ba re re tsamaee ka mor’a metsotso e ’maloa. Sena se ile sa re makatsa hobane ba ne ba tloaetse ho secha koloi le thepa ea rōna ba batla lithethefatsi kapa thepa e mokotsoeng. Kahoo re ile ra qala ho talima Bibele eo e tala e le ntho e re tlisetsang lehlohonolo kapa thatho.
Ha re ntse re tsoela pele ho bala Bibele le lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele, re ile ra kholiseha hore re ne re fumane ’nete mabapi le Molimo. Ha re feta Mexico, ke ne ke labalabela ho ea palama maqhubu Puerto Escondido ka libeke tse peli—e leng sebaka seo ke neng ke se rata haholo sa ho palama maqhubu. Ka mor’a ho thabela ho palama ‘maqhubu ao a phethahetseng’ ka libeke tseo tse peli, ke ne ke ikemiselitse ho khutlela Florida le ho ba e mong oa bahlanka ba Jehova.
Ke ile ka qeta libeke tse peli tse latelang ke ntse ke palama maqhubu hoseng. Thapama ha ke le lebōpong, ke ne ke bala Bibele hammoho le lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele. Ngoananyana e mong ea lilemo li robeli o ile a hoheloa ke Bibele eo e tala, eaba o re phehella hore re ee le eena sebakeng se itseng mantsiboea. Re ne re sa utloisise hore na o batla hore re ee hokae, empa re ile ra utloisisa hore lebaka leo le amana le Bibele ena e tala. Re ile ra hana, empa a ’na a re mema. Qetellong, ka mor’a matsatsi a itseng re ile ra lumela ho ea le eena. O ile a re isa Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova, eo e neng e le mohaho o monyenyane o entsoeng ka maqala o ruletsoeng ka joang. Bohle ba neng ba le moo ba ile ba re lumelisa ka matsoho le ho re kopa joalokaha eka e ne e le khale re le metsoalle.
Re ile ra khahloa ke kamoo bohle ba neng ba le teng ba neng ba itšoere ka tlhompho kateng. Bana ba bang ba ne ba re tonetse mahlo nakong ea liboka, mohlomong e le hobane ba ne ba e-s’o ka ba bona batho ba moriri o molelele joalo. Khafetsa batsoali ba bona ba ile ba lokela ho ba hopotsa hore ba mamele se buuoang ka libokeng. Empa Jehova o ne a sebelisitse ngoana e mong ea tšoanang le bona ho etsa hore re tle sebokeng ka lekhetlo la pele.
Re Ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova
Ka mor’a hore ke palame maqhubu a phethahetseng ka libeke tse peli, ke ile ka rekisa thepa ea ka ea ho palama maqhubu, eaba re kena tseleng e eang Florida. Ha re se re le moo, re ile ra qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me ra ea libokeng tsohle tsa phutheho. Kaha re ne re ikemiselitse ho sebeletsa Jehova, re ile ra arohana ’me ra khaotsa ho ba le setsoalle se haufi le metsoalle ea rōna ea pele. Ke ile ka beola litelu ka ba ka kuta moriri, ’me Sue a reka mese e seng mekae. Likhoeli tse ’nè hamorao re ile ra nyalana, ’me ka April 1976, re ile ra kolobetsoa e le pontšo ea hore re inehetse ho sebeletsa Molimo.
Joale re ne re e-na le morero bophelong. Ka lebaka la ho ananela litlhohonolofatso tsohle tseo Jehova a re fileng tsona, re ne re labalabela ho khutlela naheng eo ho buuoang Sepanishe ho ea bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Empa baholo ba Bakreste phuthehong ea habo rōna ba ile ba re eletsa ba re: “Le se ke la ea hona joale. Qalang ka ho imatlafatsa moeeng e le hore le tle le khone ho thusa ba bang.” Re ile ra amohela keletso ea bona ’me ka mor’a moo ra ipehela pakane ea ho ba bo-pula-maliboho, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li bitsang basebeletsi ba nako e tletseng kateng.
Sue o ile a qala ho bula maliboho ka January 1978. Le ’na ke ne ke batla ho bula maliboho, empa ke ne ke ntse ke kolota chelete ea univesithi. Ke ile ka loha leqheka le bonolo. Ke ne ke tla phatlalatsa ka molao hore ha ke na leha e le sente e le hore ke lokolohe ho ea bula maliboho.
Leha ho le joalo, ka bohlale baholo ba ile ba nkeletsa hore ke se ke ka etsa joalo, ba hlalosa hore seo ha se lumellane le melao-motheo ea Bibele, e bolelang hore re lokela ho ‘tšepahala linthong tsohle.’ (Baheberu 13:18) Kahoo ke ile ka tsoela pele ke sebetsa hore ke lefe sekoloto seo. Qetellong, ka September 1979, ke ile ka finyella pakane ea ka ea ho ba pula-maliboho hammoho le Sue. Ka mor’a moo, ke ile ka lokela ho sebetsa matsatsi a seng makae feela ka beke e le hore re khone ho phela ka tsela e itekanetseng.
Re Sebeletsa Bethele ea Brooklyn
Ka April 1980, ka mor’a ho bula maliboho hammoho ka nako e ka tlaase ho selemo, ho ile ha etsahala ntho eo re neng re sa e lebella. Pejana ho moo, ka mor’a hore ho etsoe boipiletso ba hore ho hlokahala basebetsi mosebetsing oa kaho, re ile ra kenya likōpo tsa ho ea sebeletsa Bethele, e leng ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. Joale re ile ra memeloa hore re be re le ntlo-khōlō pele ho feta matsatsi a 30! Re ile ra ferekana, kaha re ne re natefetsoe haholo ke tšebeletso ea rōna ea bopula-maliboho. Kaha re ne re sa tsebe hantle hore na re etse eng, re ile ra buisana le baholo ba babeli ka taba ena, ba ileng ba re thusa hore re elelloe tokelo e khōlō eo re neng re e fuoa. Ba ile ba re eletsa ba re, “E-eang Bethele le qete selemo le bone hore na ho joang.” Kahoo re ile ra rekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e-na le eona ’me ra leba Brooklyn.
Ka mor’a ho sebetsa kahong ka lilemo tse peli, ke ile ka kōptjoa hore ke sebetse Ofising ea Boenjiniere ba Kaho, moo ke ileng ka koetlisetsoa ho etsa lipolane. Sue o ile a sebetsa selemo se le seng moo ho kopanngoang libuka, ka mor’a moo a kōptjoa hore a sebetse Lefapheng la ho Etsa Litšoantšo. Hang ka selemo ha re ne re ikhopotsa lilemo tseo re seng re nyalane ka tsona, re ne re nahana ka selemo se fetileng ’me re hlahlobisisa maemo le litabatabelo tsa rōna ebe re etsa qeto ea ho tsoela pele re sebeletsa Bethele.
Ha lilemo li ntse li feta, re ile ra ba le metsoalle e babatsehang ea hlooho ea khomo. Ho feta moo, kaha Bethele e ne e re fa monyetla oa ho sebeletsa Jehova le barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ka tsela e khotsofatsang haholo, re ile ra lula re ikemiselitse ho tsoela pele re le Bethele. Ka 1989 re ile ra qala ho ithuta Sepanishe, ’me ra abeloa ho ea phuthehong ea Sepanishe Brooklyn. Ka lebaka leo, re ne re utloa hore re na le menyetla e ’meli e babatsehang ka pel’a rōna—ho sebeletsa Bethele le ho sebeletsa phuthehong eo buuoang puo e ’ngoe.
Ka nako e ’ngoe Jenny, ea boletsoeng pejana, o ile a re etela Bethele e Brooklyn, ’me re ile ra thabela ho utloa ha a re hlalosetsa hore na boemo ba litaba e ne e le bofe mohlang re neng re kopana le eena El Salvador. Letsatsing leo o ne a ile thutong ea Bibele eaba o qala ho kula. Ha a le tseleng a leba hae, o ile a fapohela k’hemisteng hore a reke moriana. Ka lebaka le itseng, ha aa ka a ea k’hemisteng eo a neng a tloaetse ho ea ho eona empa o ile a ea ho eo re neng re le ho eona.
Re Sebeletsa Linaheng Tse Ling
Ka letsatsi le leng ka 1999, ke ile ka makala ha mookameli oa lefapha leo ke neng ke sebetsa ho lona Bethele a mpotsa a re: “Na u ka rata ho ea lekaleng la Australia ho ea sebetsa Ofising ea Boenjiniere ea Lebatooa ka likhoeli tse tharo?”
Ke sa qeaqee, ke ile ka re nka thabela ho ea. Kapele re ile ra kena leetong la ho ea Australia, moo re ileng ra sebeletsa teng ka lilemo tse tharo. Ke ile ka thabela ho thusa ho etseng lipolane tsa makala a ’maloa bakeng sa linaha tsa Bochabela le tsa Pacific Boroa. Ha re khutlela Brooklyn ka 2003, re ne re emetsoe ke taba e ’ngoe e ileng ea re makatsa. Re ile ra abeloa ho ea naheng e ’ngoe hape—ho ea sebeletsa Ofising ea Lebatooa ea Kaho ea Liholo Tsa ’Muso e ofising ea lekala, Brazil, e thōkoana le motse o moholo oa São Paulo.
Ke hona moo re ntseng re le hona teng. Ofisi ena e hlokometse mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso linaheng tse ngata tsa Amerika Boroa. Kabelo ea ka e akarelletsa ho etela libakeng tseo ho ea thusa ka kaho le ho khothatsa ba hahang Liholo Tsa ’Muso tse ngata—’me Sue o tsamaea le ’na.
Re Ntse re Hopola Lintho Tsa Bohlokoa
Ke ’nete hore ke ntse ke thabela ho palama maqhubu, empa ke fumane ntho e molemo ho feta “maqhubu a phethahetseng.” Kahoo, ha ke sa eteletsa pele taba ea ho palama maqhubu, empa ke ho nka e le mokhoa oa ho ikhatholla. Ka lebaka la tšehetso e lerato ea Sue, ke ’nile ka tsepamisa maikutlo nthong ea bohlokoa haholo, e leng ho sebeletsa Molimo oa rōna ea lerato, Jehova.
Ntho e ka sehloohong eo re amehileng ka eona hona joale ke ho sebelisa bophelo le bokhoni ba rōna hore re ntšetse pele mesebetsi e amanang le ’Muso le ho phahamisa borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo. Re ithutile hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa hase hore na re sebeletsa Jehova re le hokae, empa ke hore re mo sebeletse ka moea oohle kae kapa kae moo re leng hona teng.—Bakolose 3:23.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 25]
“Ke ntse ke thabela ho palama maqhubu, empa ke fumane ntho e molemo ho feta ‘maqhubu a phethahetseng’”
[Setšoantšo se leqepheng la 22, 23]
Foto ea ha ke ne ke palame maqhubu, e ileng ea bontšoa Moketeng oa Lehlabula oa ho Palama Maqhubu
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ha ke le lilemo li 13
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ke ne ke sa khotsofatsoe ke ho phela ke le lehipi
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ka holimo: Ke thusa kahong ea Holo ea ’Muso
Ka ho le letona: Ke ’na le Sue kajeno