Leoatle le Ikhethang Empa le Shoele!
KA MONGOLI OA TSOHA! ISERAELE
METSI a lona ke a letsoai ka ho fetisisa, a tlaase ka ho fetisisa ao ho bileng ho se nang letho le phelang ho ’ona, empa batho ba bang ba nka hore ke metsi a fanang ka bophelo bo botle. Ho theosa le lilemo tse makholo le ’nile la bitsoa Leoatle le Nkhang, Leoatle la Diabolose le Leoatle la Sekontiri. Bibele e le bitsa Leoatle la Letsoai kapa leoatle la Araba. (Genese 14:3; Joshua 3:16) Litsebi tse ngata li lumela hore lithako tsa Sodoma le Gomora li ka leoatleng leo. Kahoo le boetse le tsejoa ka hore ke Leoatle la Sodoma kapa Leoatle la Lota, eo Bibele e buang ka eena ha e bua ka lintho tsa khale tse etsahetseng metseng eo.—2 Petrose 2:6, 7.
Mabitso a mang a lona ha a fane ka maikutlo a hore ke sebaka se khathollang seo motho a ka se etelang. Empa selemo le selemo batho ba likete ba etela leoatleng lena le sa tloaelehang, leo kajeno le tloaelehileng ka hore ke Leoatle le Shoeleng kapa Leoatle la Letsoai. Ke hobane’ng ha metsi a lona a le letsoai hakaale? Na le hlile le shoele, hona na metsi a lona a bile aa phelisa?
Leoatle le Tlaase ka ho Fetisisa le le Letsoai ka ho Fetisisa
Leoatle le Shoeleng le karolong e ka leboea ea khohlo ea Great Rift Valley, e theosetsang nģ’a boroa ho ea fihla Afrika Bochabela. Nōka ea Jordane e qala ka leboea ebe e tsoelipana joalo ho ea karolong e tlaase ka ho fetisisa lefatšeng—e leng sebaka se phahametsoeng ke leoatle ka limithara tse ka bang 418. Leoatle leo le ka khohlong—ka bophirimela ke maralla a Judea ha ka bochabela e le lithaba tsa Moabe tse Jordane.
Empa ke’ng se etsang hore metsi a Leoatle le Shoeleng a be letsoai hakaale? Ke matsoai—ao boholo ba ’ona e leng chloride e kopaneng le magnesium, sodium le calcium—a hoholeloang Leoatleng le Shoeleng ke metsi a Nōka ea Jordane le a linōkana tse ling hammoho le melapo. Ho hakanyetsoa hore metsi a Nōka ea Jordane feela a isa lithane tse 850 000 tsa letsoai leoatleng leo selemo le selemo. Kaha leoatle leo le tlaase haholo, ha ho moo metsi a lona a tsoelang teng; tsela feela eo a tsoang ka eona ke ha a fetoha mouoane. Ha ho chesa haholo hlabula, metsi a etsang lithane tse limilione tse supileng a fetoha mouoane, e leng lebaka leo ka lona metsi a letša lena a sa eketseheng. Le hoja metsi a fetoha mouoane, matsoai ’ona aa sala. Sena se etsa hore metsi a leoatle leo e be ’ona a letsoai ka ho fetisisa lefatšeng, ’me karolo ea 30 lekholong ea ’ona ke letsoai, e leng ho bolelang hore letsoai la ’ona le feta la metsi a maoatle a mang ka makhetlo a ’maloa.
Ho tloha khale, batho ba ’nile ba hlolloa ke litšobotsi tse ikhethang tsa Leoatle le Shoeleng. Rafilosofi oa Mogerike Aristotle o ile a utloela hore metsi a Leoatle leo a ne a “baba a bile a le letsoai hoo ho neng ho se na litlhapi [tse phelang] moo.” Kaha metsi ao a letsoai haholo, seo se etsa hore a phaphamatse lintho, e leng se etsang hore le batho ba sa tsebeng ho sesa ba phaphamale. Rahistori oa Mojuda Flavius Josephus o bolela hore Molaoli oa Mabotho a Roma ea bitsoang Vespasian o ile a batla ho bona hore na sena ke ’nete ka hore a lahlele batšoaruoa ba ntoa ka leoatleng leo.
E ka ’na eaba mothating ona ua ipotsa hore na leoatle lena e ka ba le shoeleng joang empa le boetse le phelisa.
Na ke Leoatle le Nang le Metsi a Phelisang ka ho Fetisisa?
Batsamai ba mehleng e bohareng ba ile ba khutla ba bua ka metsi a se nang bophelo, ao ho se nang linonyana, litlhapi le limela tse phelang ho ’ona. Ho ne ho bile ho lumeloa hore mouoane o nkhang hampe o tsoang leoatleng leo oa bolaea. Ha e le hantle, sena se ile sa jala maikutlo a hore leoatle leo le nkhang hampe le ne le shoele. Ke ’nete hore kaha metsi ana a letsoai haholo, ho phela lintho tse nyenyane feela ho ’ona, tse kang libaktheria tse itseng tse manganga, ’me litlhapi leha e le life tseo ka bomalimabe metsi a li hoholelang leoatleng leo li shoa ka ho panya ha leihlo.
Ha ho na lintho tse ngata tse ka phelang leoatleng leo, empa haufi le lona ho na le lintho tse ngata tse phelang. Esita le hoja boholo ba sebaka seo e le sebataolo, ho na le litsiketsi tse tlokomang, tse nang le liphororo le limela tse talana. Sebaka seo se boetse se tsebahala ka ho ba le liphoofolo tse ngata tsa naha. Ho na le mefuta e 24 ea liphoofolo tse anyesang tse phelang haufi le leoatle leo, e kang mofuta o mong oa katse, phiri ea Arabia le pōli ea naha e bonoang seoelo. Lihohoana, lihahabi le litlhapi li phela mehloling ea metsi a hloekileng e sebakeng seo. Kaha linonyana tse fallang li feta Leoatleng le Shoeleng, ho hlokometsoe mefuta e fetang 90 ea linonyana sebakeng sena, e kang mekotatsie e metšo le e mesoeu. Matlaka le manong a Egepeta le ’ona a ka bonoa sebakeng sena.
Empa ke ka tsela efe metsi a Leoatle le Shoeleng e ka bang a phelisang ka ho fetisisa? Mehleng ea boholo-holo batho ba ne ba e-noa metsi ao, ba lumela hore a na le matla a ho phekola—e leng seo kajeno batho ba sa khothaletsoeng ho se etsa! Empa ka ho utloahalang, ba bang ba lumela hore metsi ao a letsoai a thusa ho hloekisa ’mele. Ho boetse ho buuoa hantle ka melemo ea phekolo e fumanehang sebakeng seo. Kaha sebaka seo se tlaase, se etsa hore moea o be le oksijene e ngata. Ba bang ba bolela hore moea oa teng o nang le bromide e ngata oa khatholla, ’me seretse se setšo se nang le matsoai a mangata hammoho le liliba tse tsikhunyang metsi a chesang a nang le sebabole tse haufi le mabōpo li sebelisetsoa ho phekola mathata a mangata a letlalo le a mang a tsamaisanang le ramatiki. Ho feta moo, sefate sa balsame, se neng se mela sebakeng seo, kamehla se ’nile sa nkoa e le sa bohlokoa ’me sa sebelisoa e le setlolo ebile e le moriana.
Sekontiri se Tsoang Leoatleng
Ntho e ’ngoe e makatsang haholo ka Leoatle lena le Shoeleng ke hore le ntša sekontiri (asphalt), seo ka linako tse ling se bonoang se phaphametse ka holimo se ipōpile.a Ka 1905, makasine e bitsoang The Biblical World e ile ea tlaleha hore sekontiri se boima ba lik’hilograma tse ka bang 2 700 se ne se ile sa fumanoa lebōpong ka 1834. Sekontiri se ’nile sa hlalosoa e le “sehlahisoa sa pele sa oli seo batho ba kileng ba se sebelisa.” (Saudi Aramco World, November/December 1984) Batho ba bang ba ne ba nahana hore litšisinyeho tsa lefatše ke tsona tse ntšang sekontiri seo tlaase Leoatleng le Shoeleng ’me se ntan’o phaphamala. Empa ho ka etsahala hore ebe sekontiri seo le matsoai a ipōpileng a phunyelletsa le matlereng kapa mapetsong a tlaase leoatleng. Joale, ha matsoai ana a qhibiliha, sekontiri sea phaphamala.
Ho theosa le lilemo tse makholo, sekontiri se ’nile sa sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng—tse akarelletsang ho thibela metsi ho kena likepeng, ho haha esita le ho balehisa likokoanyana. Ho nahanoa hore hoo e ka bang bohareng ba lekholo la bone la lilemo B.C.E., Baegepeta ba ile ba qala ho sebelisa sekontiri haholo ho tlotsa litopo e le hore li se ke tsa bola, le hoja litsebi tse ling li e-na le pelaelo ka sena. Ka nako eo Banabataea, bao e neng e le bo-hloma-u-hlomole ba mehleng ea boholo-holo ba ile ba fihla ba lula haufi le Leoatle le Shoeleng, ’me ea e-ba bona feela ba etsang khoebo ea sekontiri. Ba ne ba ntšetsa sekontiri seo lebōpong, ba se sehe ba ntan’o se isa Egepeta.
Ka sebele Leoatle le Shoeleng ke leoatle le ikhethang. Hase ho feteletsa taba ho bolela hore metsi a leoatle lena a letsoai ka ho fetisisa, a tlaase ka ho fetisisa ebile ha ho letho le phelang ho ’ona le hore mohlomong aa phelisa. Ruri ke le leng la maoatle a khahlehang haholo lefatšeng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sekontiri se tsoang oling se boetse se bitsoa asphalt. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata asphalt e tsejoa e le sekontiri se atisang ho sebelisoa ha ho etsoa litsela, se kopantsoeng le lintho tse kang lehlabathe kapa lehlohlojane. Sehloohong sena, sekontiri le asphalt li bolela ntho e le ’ngoe.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 27]
LI SIRELELITSOE KE LETSOAI LE LENGATA
Bo-rahistori ba tlaleha hore Leoatle le Shoeleng e kile ea e-ba sebaka se phetheselang sa khoebo—e leng taba e pakoang ke liankora tse peli tsa lehong tse sa tsoa sibolloa moo.
Liankora tsena li ile tsa fumanoa mabōpong a Leoatle le Shoeleng moo metsi a neng a khutla teng pele, haufi le moo e neng e kile ea e-ba kou ea boholo-holo ea En-gedi. Ho nahanoa hore e ’ngoe e ka ba lilemo li 2 500, e leng ho etsang hore e be ankora ea khale ka ho fetisisa e kileng ea sibolloa Leoatleng le Shoeleng. Ea bobeli eona ho nahanoa hore e ka ba lilemo li 2 000 ’me ho lumeloa hore e ne e entsoe ka boqhetseke ke Baroma ba mehleng eo.
Hangata liankora tsa lehong lia bola ha li le ka metsing a tloaelehileng a leoatle, ’me tsa tšepe tsona lia tšoarella. Empa kaha oksijene ea haella Leoatleng le Shoeleng ’me metsi a teng a letsoai haholo, seo se sirelelitse lehong le mehala e le tšoereng hoo li ntseng li le boemong bo botle ka tsela e makatsang.
[Setšoantšo]
Ankora ea lehong ea pakeng tsa lekholo la bo7 le la bo5 la lilemo B.C.E.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph © Israel Museum, Courtesy of Israel Antiquities Authority
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Liphororo tsa metsi a chesang
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Pōli e tona ea naha
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ba bala koranta ba phaphametse ka metsing