Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/06 maq. 16-18
  • Ke Hobane’ng ha Metsi a Leoatle a le Letsoai?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Metsi a Leoatle a le Letsoai?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng e Etsang Hore Tekanyo ea Letsoai Leoatleng e Lule e sa Fetohe?
  • Ho Tsitsa ho Hlollang
  • “Le Tsoa Batsoaling ba Hloekileng Tlhoeko”
    Tsoha!—2006
  • Leoatle le Ikhethang Empa le Shoele!
    Tsoha!—2008
  • Metsi Sesebelisoa sa Bohlokoa Polaneteng
    Tsoha!—1997
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 7/06 maq. 16-18

Ke Hobane’ng ha Metsi a Leoatle a le Letsoai?

HAEBA letsoai lohle le leoatleng le ne le ka aloa ka ho lekana moo ho ommeng, le ne le ka ba bophahamo ba limithara tse 150—e leng bophahamo ba mohaho o nang le mekato e 45! Letsoai le lengata hakaalo le tsoa hokae, haholo-holo ha re nahana hore metsi a mangata a tsoang melapong le linōkeng a fella leoatleng? Bo-rasaense ba sibolotse mehloli e mengata.

Mohloli o mong ke mobu oo re o hatang. Ha metsi a pula a monyela mobung le mafikeng, a tsoakana le liminerale tse nyenyane, tse akarelletsang matsoai le metsoako e meng ea lik’hemik’hale, ’me a ea le tsona melapong le linōkeng tse a fetisetsang leoatleng (1). Ke ’nete hore letsoai ha le lengata metsing a mang ao e seng a leoatle, ka hona ha le utloahale ha a nooa.

Mohloli o mong ke liminerale tse hlahisang letsoai tse fumanehang fatše botlaaseng ba leoatle. Ha metsi a monyela fatše le mapetsong, seo se etsa hore a chese haholo ’me a khutla a e-na le liminerale. Matlere a ntšang metsi a chesang a nang le lik’hemik’hale—ao a mang a ’ona a iphetolang liliba tsa metsi a chesang tlaase botebong ba leoatle—a hlatsetsa motsoako oa metsi le liminerale leoatleng (2).

Ketsahalo e ’ngoe e hlahisang liphello tse tšoanang le hoja e etsahala ka tsela e fapaneng ke ea ha libaka tse foqohang seretse se chesang tse ka tlas’a leoatle, li tšoella majoe a mangata a chesang ka leoatleng, ebe joale majoe ana a ntšetsa lik’hemik’hale metsing (3). Mohloli o mong hape oa liminerale ke moea, kaha o fefolela metsoako ea tsona ka leoatleng (4). Liketsahalo tsena kaofela li etsa hore metsi a leoatle a qetelle a e-na le metsoako ea liminerale tsena kaofela tse tsejoang. Leha ho le joalo, motsoako o ka sehloohong oa letsoai ke sodium chloride—letsoai le tloaelehileng le sebelisoang malapeng. Ke oona o etsang liphesente tse 85 tsa letsoai le metsing ’me ke oona o ka sehloohong ho etseng hore metsi a leoatle a be letsoai.

Ke’ng e Etsang Hore Tekanyo ea Letsoai Leoatleng e Lule e sa Fetohe?

Letsoai le lula le sa hlapolohe leoatleng hobane metsi a nyolohang leoatleng e le mouoane a batla a hloekile. Liminerale li sala leoatleng. Ka nako e tšoanang, liminerale tse eketsehileng tsona li lula li kena maoatleng; empa letsoai le lula le le boemong bo tšoanang ba likarolo tse 35 ho tse sekete tsa metsi a leoatle. Ka hona, ho hlakile hore letsoai le liminerale tse ling li kena le ho tsoa leoatleng ka ho lekana. Sena se siea potso ea hore na, Letsoai le ea hokae?

Metsoako e mengata ea letsoai e monyela ’meleng ea lintho tse phelang. Ka mohlala, li-polyp tse phelang koraleng, mefuta itseng ea likhofu le liphoofotsoana tse ling tse nang le likhetla li monya calcium, e leng motsoako oa letsoai o sebetsang ho haha likhetla le ’mele ea tsona. Bolele bo bonyenyane haholo hore bo ka bonoa ka mahlo, bo bitsoang diatom, bo monya silica metsing a leoatle. Baktheria le lintho tse ling tse phelang li ja lintho tse tsoang linthong tse ling tse phelang. Ha lintho tsena tse phelang li e-shoa kapa li jeoa ke tse ling, letsoai le liminerale tse ’meleng ea tsona li qetella li qitetse tlaase leoatleng e se e le qubu ea lintho tse shoeleng kapa e le mantle (5).

Matsoai a mangata a sa monngoang ke lintho tse phelang a lahloa ka litsela tse ling. Ka mohlala, letsopa le lintho tse ling tseo e seng tsa leoatleng tse tlang li hohotsoe ke linōka, metsi a phallang hammoho le seretse se foqohang se chesa, li ka ’na tsa e-ba le letsoai le itseng ’me tsa teba le lona ho ea tlaase leoatleng. Letsoai le leng le khomarela majoeng. Ka hona, ka lebaka la liketsahalo tse ngata, letsoai le lengata le qetella le qitetse tlaase leoatleng (6).

Bafuputsi ba bangata ba lumela hore liphetoho tsa tlhaho tse etsahalang mpeng ea lefatše li qetela potoloho ena ea letsoai leoatleng, le hoja ho nka nako e telele. Karolo e ka holimo ea lefatše e entsoe ka lipoleiti tse khōlō. Tse ling tsa tsona li kopana libakeng tseo li fihlang li fapana ho tsona, e ’ngoe e be ka tlas’a e ’ngoe ’me e theohele khubung ea lefatše moo ho chesang. Ka tloaelo, poleiti e boima ea leoatle e theohela ka tlas’a e bobebe ea sebakeng se ommeng e ntse e jere letsoai, joalokaha eka ke lebanta le leholo le tsamaisang thepa. Ka tsela ena, butle-butle letsoai le khutlela karolong e ka holimo ea lefatše (7). Litšisinyeho tsa lefatše, ho foqoha ha seretse se chesang hammoho le likhohlo ke mehlala e meraro e tlisoang ke liphetoho tsena.a

Ho Tsitsa ho Hlollang

Letsoai le metsing a leoatle le fapana ho ea ka libaka ’me ka linako tse ling le fapana ho ea ka linako tsa selemo. Metsi a letsoai ka ho fetisisa ke a Koung ea Persia le a Leoatle le Lefubelu, moo metsi a mangata a fetohang mouoane. Maoatle a libakeng tse fumanang metsi a tsoang linōkeng tse khōlōhali kapa pula e ngata ha a letsoai haholo. Ho joalo le ka metsi a leoatle a haufi le libaka tseo leqhoa le qhibilihang ho tsona, e leng metsi hloekileng a neng a hoamme. Ka lehlakoreng le leng, ha metsi a fetoha leqhoa, metsi a leoatle a haufi a ba letsoai le ho feta. Leha ho le joalo, ka kakaretso letsoai la metsi a leoatle le lula le tsitsitse ka mokhoa o hlollang.

Metsi a leoatle a boetse a na le pH e batlang e tsitsitse, e leng tekanyo ea asiti kapa ea alkaline, eo ha e le ho 7 e nkoang e le e leka-lekaneng. Metsi a leoatle a na le pH e pakeng tsa 7,4 le 8,3, ho bolelang hore alkaline e batla e le holimonyana. (Mali a motho a na le pH e ka bang 7,4.) Haeba tekanyo ea pH leoatleng e ka fetoha, maoatle a ka ba kotsing e khōlō. Ha e le hantle, ke sona seo bo-rasaense ba bang ba se tšohileng. Carbon dioxide e ngata eo batho ba e bakang moeeng e qetella e fihlile maoatleng, moo e reng ha e kopana le metsi e iphetolang asiti e nang le k’habone. Ka hona, liketso tsa batho li ka ’na tsa tlatsetsa butle-butle ho etseng hore maoatle a be le asiti e ngata.

Lintho tse ling tse ngata tsa tlhaho tse bolokang lik’hemik’hale tse metsing a leoatle li tsitsitse ha li utloisisoe ka ho feletseng. Leha ho le joalo, seo re ithutileng sona se hatisa bohlale bo ke keng ba lekanngoa ba ’Mōpi, ea tsotellang lintho tseo a li entseng.—Tšenolo 11:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Liphiri Tsa Botebong ba Leoatle li Senotsoe,” tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 22, 2000.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Pula

↓↓

↓↓

4 Moea

1 Liminerale ↓

tse mafikeng ↓ 6 Seretse foqohileng

․․․↓․․․․․․․․․․․․․․․↓․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․se chesa․․

3 Ho foqoha 5 Li-diatom ↓

LEOATLE ha seretse se chesang ↓ ↓

tlaase botebong ba leoatle ↑ ↓ ↓

2 Matlere a ntšang ↑ ↓ ↓

metsi a chesang ↑ ↓ ↓

․․․․․․․․․․․․↑․․․․․․․․․․․․․↑․TLAASE BOTEBONG BA LEOATLE․․․․↓․․ ․․․․․↓․․․․

↑ ↑ 7 ←← LIBAKA TSEO

↑ BOKAHOLIMO ←← LIPOLEITI

↑ BA LEFATŠE ←← LI FIHLANG

↑ LI FAPANA

↑ HO TSONA

←←

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Vent: © Science VU/Visuals Unlimited; eruption: REUTERS/Japan Coast Guard/Handout

Diatoms: Dr. Neil Sullivan, USC/NOAA Corps; volcano photo: Dept. of Interior, National Park Service

[Lebokose/Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 18]

Matsoai a Fumanoang Leoatleng

Le hoja bo-rasaense ba entse lipatlisiso metsing a leoatle ka lilemo tse fetang lekholo, ba ntse ba sa tsebe lik’hemik’hale tsohle tse fumanehang metsing. Leha ho le joalo, ba khonne ho qolla metsoako e itseng ea letsoai le qhibilihileng esita le ho bala likarolo tsa eona. Metsoako eo e akarelletsa:

[Setšoantšo]

55% Chloride

30,6 Sodium

7,7 Sulfate

3,7 Magnesium

1,2 Calcium

1,1 Potassium

0,4 Bicarbonate

0,2 Bromide

le e meng e mengata, e kang borate, strontium, le fluoride.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

A Letsoai ho Feta a Leoatle

Metsi a libakeng tse ling a letsoai ho feta a leoatleng. Mohlala o ka sehloohong ke Leoatle le Shoeleng, le nang le metsi a letsoai ka ho fetisisa lefatšeng. Metsi a kena Leoatleng le Shoeleng, leo mehleng ea Bibele le neng le bitsoa Leoatle la Letsoai, a e-na le letsoai le qhibilihileng le liminerale tse ling. (Numere 34:3, 12) Kaha lebōpo la Leoatle le Shoeleng le sebakeng se tlaase se ommeng ka ho fetisisa lefatšeng, metsi a tloha moo ka mokhoa o le mong feela—ka ho ba mouoane ha ho chesa, e leng ho ka fokotsang bophahamo ba metsi a leoatle ka limilimithara tse 25 ka letsatsi lehlabula.

Ka hona, metsi a ka holimo a na le letsoai le ka etsang liphesente tse 30—e leng letsoai le menang ka makhetlo a leshome le fumanoang metsing a Leoatle la Mediterranean. Kaha metsi a ba boima ha a le letsoai, batho ba sesang ba phaphamala ka holim’a metsi. Ha e le hantle, ba ka qethoha ’me ba ipalla koranta ho se letho le ba thusang hore ba lule ba phaphametse.

[Lebokose le leqepheng la 18]

Letsoai le Thusa ho Hloekisa Moea

Lipatlisiso li bontša hore tšilafalo e moeeng e sitisa maru ho fehla pula. Empa maru a nang le tšilafalo a okametseng leoatle ’ona ha a na bothata ba ho fehla pula. Phapang e etsoa ke moholi o nang le letsoai o nyolohang leoatleng.

Marotholi a pula a bang teng marung a nang le tšilafalo a ba manyenyane haholo hore a ka oela fatše e le pula; ka hona, a lula a le moeeng. Moholi o nyolohang le letsoai leoatleng o fihla o fetola marotholi ana a manyenyane a marung marotholi a maholoanyane. Ka lebaka leo, pula e ea na, e leng ho thusang hape ho hloekisa moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela