Maikutlo a Babali
Areka ea Noe le Tsela eo Likepe li Raloang ka Eona (January 2007) Esale ke tseba hore areka e ne e hahiloe ka mokhoa o hlollang, empa ke ne ke sa utloisise hore na e ne e hahiloe joang. Sehlooho sena se hlalositse ka tsela e bonolo hore na bolelele ba eona, bophara le bophahamo ba eona li ile tsa tlatsetsa joang hore e tsitse ka metsing. Ke ile ka etsa areka le bacha ba bang phuthehong ea rōna, re sebelisa paterone e fanoeng. Re ile ra iketsetsa liphoofolo tsa lipampiri ’me ra li kenya ka arekeng ra ba ra toroea Noe le ba lelapa la hae. Re ile ra ithuta ho eketsehileng ka tlaleho ena ea Bibele ka ho iketsetsa areka ea rōna. Ke le leboha haholo.
T. A., Japane
Mora oa ka ea lilemo li tšeletseng o rata ho etsa lipaterone tsa lintho. ’Na le eena re ile ra thaba haholo ha qetellong ea sehlooho seo sa Tsoha! re fumana litaelo tsa hore na re ka haha areka ea Noe joang re sebelisa paterone e fanoeng. Re ile ra thaba hakaakang thapameng eo ka lebaka la sehlooho se babatsehang seo le se ngotseng! Ke tlhohonolofatso ea sebele ho batsoali ho fumana ntho e kang Tsoha!, eo ba ka e sebelisang ho ba thusa hore ba hōlise bana ba bona ka tsela ea Jehova lefatšeng lena leo re phelang re phathahane ho lona ’me le bana ba rōna ba le tlas’a likhatello beke e ’ngoe le e ’ngoe sekolong.
M. F., United States
Bacha Baa Botsa . . . Nka Hlōla Mokhoa oo Joang? (November 2006) Ke ile ka ameha haholo ha ke bala sehlooho sena ’me ke lemoha kamoo Jehova a re tsotellang kateng le kamoo a re thusang kateng hore re rarolle mathata a rōna. Le hoja ka linako tse ling re boetse re oela phosong e tšoanang, Jehova o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Ho tseba sena hoa re thusa rōna bacha hore re “balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.”—2 Timothea 2:22.
V.F.F., Brazil
Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale? (December 2006) E se e le lilemo tse tšeletseng joale ke ithuta Bibele. Le hoja batsoali ba ka ba tiisitse letsoho ho rōna bana, kea tseba hore ba ntsotella haholo. Ha ke bala sehlooho sena, ke ile ka utloisisa hore na batsoali ba ka ba amehile ka eng, sa ba sa nthusa hore ke ananele tsela eo Jehova a ntlhokomelang ka eona.
K. T., Thailand
Ke Bile Mora ea Lehlasoa (December 2006) Ke tsebile Jehova ho tloha ka 1992. Empa ho na le nako eo ke ileng ka batla ho phela ka tsela e fapaneng le eo Jehova a batlang hore ke phele ka eona. Joaloka Meros Sunday, ho bile le lintho tse ngata tse ileng tsa ntsamaela hantle le tse sa kang tsa ntsamaela hantle, ’me ka mor’a lilemo tse tharo ke furalletse Jehova, ke ile ka mo kōpa hore a nthuse. Hona joale ke khutletse ho Jehova! Ke le leboha haholo ka mosebetsi oo le o etsang.
D. K., Ukraine
Bacha Baa Botsa . . . Nka Qala ho Laetsana Neng? (January 2007) Ke na le lilemo tse 15. Ha ke ne ke chaketse rakhali le monna oa hae, ke ile ka kopana le moshanyana ea lilemo li 17 oa Paki. Re ile ra qala ho buisana Inthaneteng, ’me qalong re ne re buisana seoelo. Leha ho le joalo, ha re re phapha! re ile ra iphumana re se re buisana letsatsi le leng le le leng, ’me maikutlo a lerato a hōla. Joale ha ke bala sehlooho sena ke ile ka lemoha hore ha e le hantle rea ratana. Ka thuso ea batsoali ba ka le sehlooho sena sa Tsoha!, ke ile ka etsa qeto e ntle—ke ile ka khaohana le moshanyana eo. Re ntse re le metsoalle, empa kamano ea ka le Jehova ke eona e tlang pele. Ke leboha haholo hore ebe sehlooho sena se nthusitse hore ke boele ke be le pono e nepahetseng.
D. D., Canada