Ho Bolela Litaba Tse Molemo Libakeng Tse Hōle
Joalokaha ho boletse Helen Jones
Ke ne ke tsamaea ’marakeng o phetheselang oa Bangalore, India, lilemong tse qalang tsa bo-1970. Ka tšohanyetso, nare e ile ea nkunyula ka manaka ’me ea ntahlela fatše. Eitse moo e reng ea nkhatakela mosali e mong oa Moindia a mpholosa. Ke ne ke batla’ng India?
KE HLAHILE ka 1931 ’me ka hōlela motseng o motle oa Vancouver, Canada. Batsoali ba ka e ne e le batho ba mekhoa e metle le hoja ba ne ba sa kene kereke. Leha ho le joalo, ke ne ke rata litaba tsa bolumeli haholo ’me ha ke sa le monyenyane, ke ile ka ea sekolong sa Sontaha le litlelaseng tsa lehlabula tsa Bibele.
Ka 1950 ha ke le lilemo li 19, ke ile ka nyaloa ke Frank Schiller, ea neng a e-na le bana ba bane le mosali oa hae oa pele. Re ile ra ba le mora lilemo tse peli hamorao. Re ne re batla ho kena kereke; empa kaha Frank o ne a hlalane le mosali, likereke tseo re neng re leka ho ea ho tsona ha lia ka tsa re amohela. Sena se ile sa khopisa Frank haholo ’me a se ke a hlola a batla ho bua ka bolumeli.
Ho Tseba ’Nete ea Bibele
Ka 1954, abuti oa ka o ile a mpolella a thabile ka seo a neng a se bontšitsoe Bibeleng ke mosebetsi-’moho le eena, eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ke ne ke e-na le lipotso tse ngata ’me ke tseba hore Lipaki li kopanela hokae, ha kea ka ka ea ka lebaka la tsela eo Frank a neng a ikutloa ka eona ka bolumeli. Ka mor’a nako, re ile ra eteloa ke Lipaki tse peli. Ke ne ke batla ho tseba hore na bolumeli ba tsona bo re’ng ka tlhalo, ’me li ile tsa mpontša Bibeleng hore na lebaka leo motho a ka hlalang ka lona ke lefe ho latela Mangolo. (Matheu 19:3-9) Li ile tsa mpolella hore ha ke khanneloa thuto ea kamehla ea Bibele lipotso tseo ke nang le tsona ka Bibele li tla arajoa.
Frank o ne a halefile, a sa batle ho utloa letho ka Lipaki. Ka 1955, ke ile ka ea Sehopotsong sa lefu la Kreste, ’me ha ke fihla hae, ka thabo ke ile ka qala ho mo bolella seo ke neng ke ithutile sona Bibeleng. O ile a kharuma, a re, “Ha ho na ntho e joalo! Haeba u ka mpontša seo ka Bibeleng, nka ba ka ea le uena libokeng tseo tsa hao tse fofotsang!”
Ke ile ka mo fa Bibele, eo a ileng a e nanabela ka tlhompho. Re ile ra sheba mangolo ao ke neng ke a ngotse ’me ka se ke ka bua haholo, ka tlohella Bibele hore e ipuelle. Frank ha aa ka a pheha khang ’me mantsiboeeng ao, o ile a bonahala a ja masapo a hlooho.
Ka mor’a nako ke ile ka mo hopotsa hore o ntšepisitse ho ea le ’na libokeng. O ile a nkaraba ka monyebe a re, “Ke tla ea le uena hanngoe feela ho ea bona hore na ho etsoa’ng moo.” Puo ea Bibele e ne e bua ka hore basali ba ikokobeletse banna ba bona. (Baefese 5:22, 23, 33) O ile a khahloa haholo ke taba eo. Nakoana ka mor’a moo, Frank o ile a ea Thutong ea Molula-Qhooa e neng e tšohla sehlooho se reng, “U Khotsofatsoe ke Mosebetsi oa Hao.” Kaha Frank o ne a sebetsa ka thata, o ile a rata boitsebiso boo. Ka mor’a moo, ha ho mohla a ileng a fosoa ke liboka. Nakoana ka mor’a moo, Frank o ile a qala ho cheseha tšebeletsong, ’me ke ne ke ithuta Bibele le batho ba ileng ba hatela pele ho fihlela ba kolobetsoa. Ka la 1 July, 1955, ’na le Frank, hammoho le ’Mè le abuti, re ile ra kolobetsoa e le ho bontša boinehelo ba rōna ho Molimo.
Ho Labalabela ho Etsa ho Eketsehileng
Ha re le kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Seattle, Washington, U.S.A., ka 1957, ho ile ha e-ba le puo e neng e bua ka ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng ba ’Muso. Ke ile ka rapela, ‘Ooe Jehova, le ’na ke lakatsa ho ea moo. Ke kōpa u re thuse hore re ee moo re hlokoang.’ Empa Frank o ne a amehile ka boikarabelo ba hae ba ho fepa le ho hlokomela lelapa.—1 Timothea 5:8.
Selemong se latelang, lelapa la rōna le ile la ea kopanong New York City, e neng e tšoaretsoe hong le e Yankee Stadium le Polo Grounds. Puo ea phatlalatsa e ile ea mameloa ke batho ba fetang 253 000! Frank o ile a angoa ka ho teba ke seo a se boneng le seo a se utloileng. Ka hona, ha re khutlela hae, re ile ra khetha ho ea lula Kenya, Afrika, kaha ho ne ho buuoa Senyesemane ebile re ne re tla fumanela bana ba rōna likolo tse ntle tseo ba ka eang ho tsona.
Ka 1959 re ile ra rekisa ntlo, ra laela thepa ea rōna koloing ’me ra ea Montreal, Canada. Ho tloha moo, re ile ra ea London, Engelane, ka sekepe, ’me ra palama sekepe se seng se neng se tloha Engelane se feta Leoatleng la Mediterranean le Leoatleng le Lefubelu ho ea fihla Leoatleng la Indian. Qetellong, re ile ra fihla Mombasa, Kenya, e lebōpong le ka bochabela la leoatle Afrika. Letsatsing le hlahlamang, re ile ra palama terene ho ea Nairobi, motse-moholo oa naha eo.
Litlhohonolofatso Afrika
Ka nako eo, mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe Kenya, ka hona, re ile ra ba hlokolosi haholo ha re bolela. Ho ne ho e-na le banyalani ba bang ba ’maloa ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba lula Kenya, ’me rōna balichaba re ne re lumeletsoe ho lula naheng eo. Palo ea ba bang teng libokeng e ne e lokela ho ba ka tlaase ho batho ba leshome. Sena se ne se bolela hore malapa a rōna, ho kopanyelletsa le bana, a ne a lokela ho nka karolo ka botlalo libokeng.
Nakoana ka mor’a hore re fihle Kenya, re ile ra fumana sebaka sa bolulo ’me Frank a fumana mosebetsi. Mosali oa pele eo ke ileng ka kopana le eena ha ke le tšebeletsong ea ntlo le ntlo o ile a lumela ho ithuta Bibele ’me qetellong e ile ea e-ba pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang kateng. Motho e mong eo ke ileng ka ithuta le eena ke ngoanana oa Mosikhe eo re neng re mo bitsa Goody. O ile a ema a tiile ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa le ea Masikhe a mang. Ka mor’a hore Goody Lull a lelekoe habo, o ile a lula le lelapa le leng la Lipaki, a inehela ho Jehova ’me ea e-ba pula-maliboho, hamorao a fumana lengolo sekolong sa baromuoa sa Gileade.
Lelapa la rōna le ile la thulana le mathata a itseng. Mora oa rōna e moholo o ile a tšoaroa ke ramatiki ea bana (rheumatic fever), ’me ka le leng ha Frank a ntse a lokisa koloi, o ile a cha habohloko ’me a lahleheloa ke mosebetsi. Ka mor’a nako, o ile a fumana mosebetsi o mong Dar es Salaam, motse-moholo oa Tanganyika (Tanzania hona joale), lik’hilomithara tse ka bang 1 000. Ka hona, re ile ra paka thepa ea rōna koloing ’me ra nka leeto leo le lelelele. Ka nako eo, ho ne ho e-na le phutheho e nyenyane Dar es Salaam, e ileng ea re amohela ka mofuthu.
Le hoja ka nako eo mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe Tanzania, thibelo eo e ne e se matla hakaalo. Ka 1963, Milton Henschel, eo e neng e le moemeli ea tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e United States, o ile a re etela. Ha re ne re mametse e ’ngoe ea lipuo tsa hae Holong ea Karimjee, e leng holo e ntle ka ho fetisisa naheng eo, monna-moholo e mong ea neng a apere joaloka mofutsana o ile a fihla a lula pel’a ka. Ke ile ka mo lumelisa ’me ka shebisana le eena mangolo Bibeleng ea ka, ka ba ka bina le eena ka buka ea ka ea lipina. Ha lenaneo le fela, ke ile ka mo mema hore a tle hape. Eitse ha a tsamaea, Lipaki tsa moo li ile tsa tla ho ’na ka potlako.
Li ile tsa mpotsa: “Na ua tseba hore na motho eo ke mang? Ke ramotse oa Dar es Salaam!” Pejana, o ne a ile a sokela ka hore o tla qhala kopano ea rōna. Ho bonahala a ne a nahanne hore ke tla mo tšoara hampe ebe o se a sebelisa seo e le lebaka la ho qhala kopano. Empa o ile a khahloa ke mosa le thahasello eo a e bontšitsoeng hoo a ileng a lumella kopano hore e tsoele pele ntle ho tšitiso. Ho ne ho e-na le batho ba 274 lenaneong ’me ha kolobetsoa ba 16!
Ha re ntse re le Tanzania, naha eo e ile ea fumana boipuso. Ka mor’a moo, ha mosebetsi o hlaha o ne o fuoa batho ba moo ho e-na le ho fuoa balichaba. Batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba tloha naheng eo, empa mamello ea Frank ha a batla mosebetsi e ile ea putsoa ha qetellong a bolelloa hore ho hlokahala mak’henike ea hloahloa bakeng sa ho hlokomela literene tse tsamaeang ka disele. Seo se ile sa etsa hore re lule naheng eo lilemo tse ling tse ’nè. Ha konteraka ea Frank e fela, re ile ra khutlela Canada ’me ra lula teng ho fihlela ha ngoana oa rōna oa ho fela a hōlile ’me a nyetse. Re ne re ntse re ikutloa re le bacha ’me re labalabela ho etsa ho eketsehileng.
Re ea India
Ka puello ea ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Bombay (Mumbai hona joale), ka 1970 re ile ra fallela Bangalore, motse o neng o e-na le baahi ba ka bang limilione tse 1,6 ka nako eo. Ke hona mona moo ke ileng ka pholoha ka lesoba la nale linakeng tsa nare. Ka nako eo ho ne ho e-na le liphutheho tse 40 tsa Senyesemane le sehlopha se ka thōko sa puo ea Setamile. Frank o ile a ithuta Bibele le banna ba ’maloa bao tsebo ea bona e ileng ea eketseha ’me hamorao ea e-ba baholo ba Bakreste. Le ’na ke ile ka ithuta le malapa a ileng a qetella a sebeletsa Jehova.
Mofumahatsana e mong ea bitsoang Gloria o ne a lula karolong ea batho ba futsanehileng haholo motseng. Ha ke etetse ha hae ka lekhetlo la pele, o ile a re ke kene ka tlung. Kaha ho ne ho se na thepa, re ile ra lula fatše. Ke ile ka mo siela Molula-Qhooa, ’me a seha karolo e qotsitseng lengolo la Tšenolo 4:11 eaba o e manamisa leboteng moo a tla e bona letsatsi le leng le le leng. E ne e e-na le mantsoe ana a neng a mo khahla haholo a reng, ‘Jehova ua tšoaneleha’. O ile a kolobetsoa ka mor’a selemo.
Frank o ile a kōptjoa ho ea sebetsa selemo lekaleng la Bombay le hore a okamele mosebetsi oa kaho ea Holo ea pele ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova, India. Holo eo ea Kopano e ile ea hahelloa holim’a mohaho oa lekala o neng o se o ntse o le teng. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka holimonyana ho 3 000 feela India, ’me basebetsi ba lekala ba ne ba le ka tlaase ho 10. Ka 1975 ha re ne re felloa ke chelete, ka lipelo tse bohloko re ile ra siea metsoalle ea rōna eo re neng re e rata haholo.
Re Khutlela Afrika
Ka mor’a lilemo tse leshome, Frank o ile a ba lilemong tsa ho amohela penshene. Ka hona, re ile ra ithaopela ho ba lenaneong la machaba la kaho ea liofisi tsa makala. Re ile ra fumana lengolo le re kōpang hore re ee Igieduma, Nigeria, kaha ho ne ho ntse ho hahoa hona teng. Ha re le Igieduma, Frank o ile a ithuta Bibele le monna e mong oa motseng o haufi, ea ileng a hatela pele ’me hamorao ea e-ba setho sa lekala la Nigeria la Lipaki Tsa Jehova.
Ka mor’a moo, re ile ra ea Zaire ho ea thusa mosebetsing oa ho haha lekala. Nakoana ka mor’a hore re fihle moo, mosebetsi oa ho bolela o ile oa thibeloa ’me ra amohuoa liphasepoto tsa rōna. Frank o ile a hlaseloa ke lefu la pelo a le mosebetsing, empa bophelo ba hae bo ile ba ntlafala ha mosebetsi o ntse o thibetsoe. Hamorao basebetsi bohle ba kaho ba ile ba tlameha ho tsamaea, ’me re ile ra romeloa naheng e haufi ea Liberia. Ha re le moo ofising ea lekala ea Monrovia, Frank o ile a kōptjoa hore a lokise jenereithara. Ha li-visa tsa rōna li fela ka 1986, re ile ra tlameha ho khutlela Canada.
Qetellong re Leba Ecuador
Nakoana ka mor’a moo, re ile ra utloa hore motsoalle e mong oa rōna, e leng Andy Kidd, o ne a falletse Ecuador ’me o ne a thabela mosebetsi oa ho bolela moo. Andy e ne e le eena feela moholo phuthehong ea habo, ka hona o ne a atisa ho fana ka lipuo tse ngata libokeng. O ile a re mema ’me ra etela lekala la Ecuador ka 1988, ’me re ile ra amoheloa ka mofuthu.
Re ile ra fumana ntlo e ntle eo re ka lulang ho eona; empa re ne re lokela ho ithuta Sepanishe ’me Frank o ne a le lilemo li 71. Lilemong tse peli tse latelang, re ile ra thusa batho ba 12 hore ba kolobetsoe, le hoja re ne re sa tsebe Sepanishe hakaalo. Frank o ile a kōptjoa hore a sebetse kahong ea lekala la Ecuador. O ile a ithuta Bibele le monna eo mosali oa hae e leng e mong oa Lipaki tsa pele Guayaquil. Monna enoa ea neng a ile a hanyetsa ka lilemo tse 46 e ile ea e-ba motsoalle oa rōna le mor’abo rōna oa moea.
Tahlehelo e Khōlō
Re ile ra lula haufi le motsana oa Ancón o pel’a Leoatle la Pacific, moo re ileng ra thusa ho haha Holo e ncha ea ’Muso. Ka masoabi, ka la 4 November, 1998, ka mor’a hore Frank a fane ka puo ea ho qetela Sebokeng sa Tšebeletso, o ile a hlaseloa ke pelo ’me a hlokahala bosiung boo. Bara le barali babo rōna ba moea ba ile ba ntšehetsa haholo! Letsatsing le hlahlamang Frank o ile a patoa setšeng sa bafu se haufi le Holo ea ’Muso. Ha ke na mantsoe a ho hlalosa bohloko boo ke ileng ka bo utloa ka ho shoeloa ke motho eo ke mo ratang.
Ke ile ka lokela ho khutlela Canada hape, empa lekhetlong lena ke se ke le mong, ho ea hlokomela litaba tsa lelapa le tse ling tsa molao. Le hoja ke ne ke saretsoe haholo, Jehova ha aa ka a ntebala. Ke ile ka fumana lengolo le tsoang lekaleng la Ecuador le mpolellang hore ba ntse ba ka nkamohela ka liatla tse peli moo. Ka hona, ke ile ka khutlela teng ’me ka fumana folete e nyenyane haufi le ofisi ea lekala. Ho phathahana ke mosebetsi oa lekaleng le tšebeletso ea boboleli ho ile ha nthusa hore ke sebetsane le bohloko ba ho shoeloa ke Frank, empa ke ne ke ntse ke jeoa ke bolutu haholo.
Ke Tsoela Pele Mosebetsing
Ka mor’a nako, ke ile ka tloaelana le Junior Jones. Ka 1997, o ne a ile a tla Ecuador ho tla bula maliboho, a tsoa United States. Re ne re e-na le lipakane tse tšoanang ’me re rata lintho tse tšoanang. Re ile ra nyalana ka October 2000. Junior o ne a tseba mosebetsi oa kaho, ka hona re ile ra bitsoa hore re eo qetela mosebetsi oa ho haha Holo ea Kopano e Cuenca, motseng o holimo Lithabeng Tsa Andes. Joale, ka la 30 April, 2006, Geoffrey Jackson eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova o ile a tla a tsoa New York ho tla fana ka puo ea ho nehela mohaho oo, ’me ho ne ho e-na le batho ba 6 554.
Ke mang ea neng a ka nahana hore libakeng tse hōle—tse kang Afrika, India, le Amerika Boroa—mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ne o tla atoloha ka tsela e hlollang hakaale? Hona joale ’na le Junior ha re nahane ka ho phomola. Lilemo tse 50 tseo ke li qetileng tšebeletsong ea Jehova li fetile kapele hoo e kang ke qalile maobane. Kea tseba hore ha lefatše le lecha le fihla, nako ena eo re phelang ho eona hona joale le eona e tla bonahala e fetile kapele.—Tšenolo 21:3-5; 22:20.
[’Mapa /Setšoantšo se leqepheng la 15]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Moo re Sebelelitseng Teng
CANADA → ENGELANE → KENYA → TANZANIA
CANADA → INDIA
CANADA → NIGERIA → CONGO, DEM. REP. (ZAIRE) → LIBERIA
CANADA → ECUADOR
[Libaka tse ling]
UNITED STATES OF AMERICA
[Setšoantšo]
’Na le Frank ha re ne re le India, re ea kopanong
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]
’Na le monna oa ka Junior Jones