Qeto ea ka ra ho Tsoela Pele ho Hōla Tsebong
JOALOKAHA HO BOLETSE CARL DOCHOW
“Ho Tsoela Pele ho Hōla Tsebong Kapa ho Khutlela Sebeng, Hofe?” e ne e le sehlooho tokollong ea June 15, 1948, ea The Watchtower. Sehlooho seo se ile sa nkinola kotsing ea moea mapolasing a United States ho nkisa mosebetsing oa boromuoa Amerika Boroa o ileng oa atoloha ho feta lilemo tse 43.
KE HLAHILE ka la 31 March, 1914, ke le oa boraro ho bashemane ba bane, ke hlahela lelapeng la ntlo e hahiloeng ka likutu tsa lifate Vergas, Minnesota. Lilemo tsa ka tsa bocha e ne e le tse thabisang. Ke hopola ke tšoasa litlhapi le Ntate. Leha ho le joalo, hangata ’Mè o ne a kula, ’me ke ile ka tlameha ho tlohela sekolo ha ke le sehlopheng sa bohlano hore ke mo thuse ka mesebetsi ea ntlo. Ha ke le lilemo li 13, bokuli ba hae ho ile ha fumanoa hore ke kankere ea matšoafo.
’Mè o ne a tseba hore ha a sa na nako e telele a phela, kahoo o ile a qala ho ntokisetsa ho nka sebaka sa hae. O ne a ee a lule ka kicheneng ’me a mpontše mokhoa oa ho pheha le ho baka. Ho phaella moo, o ile a nthuta ho hlatsoa liphahlo, ho hlokomela jarete, le ho hlokomela litsuonyana tse lekholo. Hape o ile a nkhothalletsa ho bala khaolo ea Bibele letsatsi le leng le le leng, e leng seo ke ileng ka se etsa ho sa tsotellehe tsebo ea ka e lekanyelitsoeng ea ho bala. Ka mor’a ho nkoetlisa ka likhoeli tse leshome, ’Mè o ile a shoa ka la 27 January, 1928.
Ntoa e Fetola Bophelo ba Rōna
Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qale ka September 1939, ho ne ho rapelloa masole Sontaha se seng le se seng kerekeng ea rōna ea Lutere. Moholoane oa ka Frank o ne a ikemiselitse hore a ke ke a bolaea, kahoo ha a hana ho ea loana e le karolo ea sesole, o ile a tšoaroa. Nyeoeng ea hae o ile a bolela: “Pele ke bolaea batho ba se nang molato, u ka nthunya!” O ile a ahloleloa ho qeta selemo teronkong Sehleke-hlekeng sa McNeil thōko le lebōpo la Washington State.
Mono Frank o ile a fumana Lipaki tsa Jehova tse fetang 300 tse neng li kentsoe teronkong ka lebaka la hobane li ne li sa nke lehlakore ka ho feletseng nakong ea ntoa. (Esaia 2:4; Johanne 17:16) Kapele-pele o ile a qala ho kopanela le tsona a ba a kolobelletsoa hona moo teronkong. Ka lebaka la boitšoaro bo botle, kahlolo ea hae e ile ea fokotsoa ho ba likhoeli tse robong. Ka November 1942 re ile ra fumana molaetsa o reng Frank o lokolotsoe, ’me kapele ka mor’a moo o ile a re bolella ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka mor’a hore ka hloko re hlahlobe molaetsa oo ka Libibele tsa rōna, kaofela ha rōna re ne re bona hore seo Frank a re rutang sona e ne e le ’nete.
Litšitiso Tsoelo-peleng ea Moea
Ka 1944, ke ile ka fallela sebakeng sa Malta, Montana, ho ea phela le rangoane. Re ne re e-na le ntho eo re tšoanang ka eona—basali ba ileng ba re siea ka mor’a likhoeli tse tšeletseng re nyalane. O ne a thabile hore ebe kea mo thusa ho etseng mosebetsi oa polasi le ho pheha, ’me re ne re arolelana phaello ka ho lekana. Rangoane o ile a re ke ne ke tla ba mojalefa oa polasi ea hae ea lihekthere tse 260 haeba ke ne nka lula le eena. Tseno e ne e le lilemo tsa katleho temong, ’me ke ne ke e thabela hakaakang! Re ne re chaea selemo se seng le se seng, ’me koro e ne e rekisoa ka $3.16 sabu-sabu.
Leha ho le joalo, Rangoane o ne a sa rate taba ea hore ebe ke ne ke e-ea libokeng tsa phutheho e nyenyane ea Lipaki Malta. Ka la 7 June, 1947, ke ile ka kolobetsoa kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova Wolf Point, Rangoane a sa tsebe. Mono moena e mong oa Mokreste o ile a ’mema hore ke be pula-maliboho, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng. Le hoja ho sebelisa bophelo ba ka ka tsela e joalo e ne e le takatso ea pelo ea ka, ke ile ka hlalosa hore Rangoane o ne a ke ke a ntumella hore ke nehelane ka nako e kaalo tšebeletsong.
Kapele ka mor’a moo, Rangoane o ile a bula le ho bala lengolo la ka le tsoang ho motsoalle e mong ea neng a nkhothalletsa ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng. A halefile hampe-mpe, Rangoane o ile a mpha khetho—ho khaotsa ho bolela kapa ho mo tsoela ka ntlo. Khetho eo e ne e le ntho e ntle hobane ke ne ke rata temo hoo ke sa tsebeng hore na ke ne ke tla itsamaela ka bonna kapa che. Kahoo ke ile ka khutlela lapeng heso Minnesota, leo kaofela le neng le se le kolobelitsoe joale ’me le kopanela le Phutheho ea Detroit Lakes.
Qalong lelapa leso le ne le nkhothalletsa ho bula maliboho, empa ka 1948 la qala ho ba foofo moeeng. Ke nakong eo sehlooho “Ho Tsoela Pele ho Hōla Tsebong Kapa ho Khutlela Sebeng, Hofe?” se ileng sa mpha khothatso eo ke neng ke e hloka moeeng. Se ile sa lemosa hore “maemo a mabe haholo a tla hle a latele haeba ka boomo re hana ho iphaphatha le tsebo e tsoelang pele.” Sehlooho seo se ile sa re: “Re ke ke ra ema nģa e le ’ngoe ebe re fatela morao, empa re tlameha ho tsoela pele ho lokeng. Tsoelo-pele, eseng ho khaotsa, ke sebetsa se seholohali khahlanong le ho khutlela morao.”
Le hoja lelapa leso le ile la fana ka mabaka a mang a ho ikemela, ke lumela hore bothata ba sebele e ne e le ho lakatsa ha bona ho ba barui. Ba ne ba bona melemo ea moruo ka ho qeta nako e eketsehileng temong le e fokolang boboleling. Ho e-na le hore ke tšoasoe ke takatso ea leruo, ke ile ka etsa litokisetso tsa ho bula maliboho. Ke ne ke tseba hore ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo, ke bile ka nahana hore nke ke ka khona. Kahoo ka 1948, ke ile ka ipeha tekong ka hore ka morero ke etse kōpo ea ho qala bopula-maliboho karolong e mpe ka ho fetisisa ea selemo—December.
Ho Kenela Tšebeletso ea Bopula-maliboho
Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba ka. Ka mohlala, ka letsatsi le leng mohatsela e ne e le likhato tse 27 ka tlas’a ntlha ea khoamo, o bakeletsoa ke moea o batang. Ke ne ke etsa bopaki ba ka ba seterateng bo tloaelehileng, ke chencha matsoho a ka khafetsa—ke kenya le hatsetseng ka pokothong ha le leng le tšoere limakasine ho fihlela leo le hatsetse haholo ’me e le nako ea lona ea hore le kene pokothong. Monna e mong o ile a atamela. A hlalosa hore o ne a hlokometse tšebetso ea ka nakoana e itseng, a botsa: “Ke eng se ka limakasineng tseo ea bohlokoa hakaale? Mphe tseo tse peli e le hore nka li bala.”
Ho sa le joalo, ke ne ke bona hore kamano ea ka le lelapa leso e ne e beha bomoea ba ka kotsing, kahoo ka mor’a hore ke kōpe Mokhatlo oa Watch Tower, ke ile ka fuoa kabelo e ncha, Miles City, Montana. Mono ke ile ka sebeletsa ke le mohlanka oa sehlopha, ea tsejoang e le molebeli ea okamelang hona joale. Ke lula k’haraveneng ea limithara tse peli ka tse tharo, ke ne ke iphelisa ka ho sebetsa nakoana khoebong ea dry clean. Ke ne ke tšoha ke hiretsoe oo ke o ratang ka ho fetisisa—ho kotula.
Nakong ena, ke ne ke ntse ke utloa ka boemo bo mpefalang ba moea ba lelapa leso. Qetellong, bona hammoho le ba bang Phuthehong ea Detroit Lakes, ba ile ba fetohela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ho bahoeletsi ba ’Muso ba 17 phuthehong eo, ke ba supileng feela ba ileng ba sala ba tšepahetse. Lelapa leso le ne le ikemiselitse ho ntša le ’na mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng, kahoo ka bona hore tharollo e ’ngoe feela, ho tsoela pele haholoanyane. Empa joang?
Ho Phehella Tšebeletso ea Boromuoa
Nakong ea kopano ea machaba New York City ka 1950, ke ile ka bona ha liithuti tsa boromuoa li amohela mangolo sehlopheng sa bo15 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ke ile ka nahana, ‘Eka nka be ke le har’a bao ba ilong ho sebeletsa Jehova kabelong e naheng esele.’
Ke ile ka romela kōpo ’me ke ile ka amoheloa ke le setho sa sehlopha sa bo17 sa Gileade, se ileng sa qala ka February 1951. Sebaka seo sekolo se neng se le ho sona polasing e ka leboea ho New York se ne se le setle. Ke ne ke rata hakaakang ho sebetsa polasing ka mor’a lihora tsa tlelase, mohlomong e le molikong ke sebetsana le likhomo kapa kantle le limela! Empa John Booth, molebeli oa Kingdom Farm ka nako eo, o ile a hlalosa hore e ne e le ’na feela ea neng a e-na le phihlelo ea dry clean. Kahoo ke ile ka abeloa ho etsa mosebetsi oo.
Gileade e ne e se bonolo ho motho ea neng a e-na le thuto ea sehlopha sa bohlano feela. Le hoja mabone a ne a tlameha ho tinngoa ka 10:30 bosiu, hangata ke ne ke ithuta ho fihlela har’a mp’a bosiu. Ka letsatsi le leng e mong oa barupeli o ile a mpitsetsa ofising ea hae. A re, “Carl, kea hlokomela hore limaraka tsa hao ha li ntle haholo.”
Ka inahana, ‘Ka le bona, ba tla mpolella hore ke tsamaee.’
Leha ho le joalo, ka lerato morupeli eo o ile a mpha keletso mabapi le kamoo nka sebelisang nako ea ka hamolemo kateng ka ntle le ho ithuta ho fihlela bosiu bo bokaalo. Ke ile ka botsa ke tšohile: “Na kea tšoaneleha hore nka tsoela pele moo Gileade?”
A arabela: “E, ho joalo. Empa ha ke tsebe hore na u tla tšoaneleha ho fumana diploma.”
Ke ile ka tšelisoa ke mantsoe a mookameli oa sekolo, Nathan H. Knorr. Pejana o ne a ile a bolella liithuti hore limaraka ha li mo khahle joaloka baromuoa ba lulang e le “khomareli-ea-kokotane” likabelong tsa bona.
Thuto e neng e nthatafalla haholo e ne e le Sepanishe, empa ke ne ke tšepile hore ke tla abeloa Alaska, moo ke neng ke se ke tloaetse boemo ba leholimo bo batang koana hae. Ntle ho moo, ke ne ke tla khona ho bolela ka Senyesemane. Kahoo u ka inahanela hore na ke ile ka makala hakaakang ha bohareng ba thupelo eo ke fumana kabelo ea ka e le Ecuador, Amerika Boroa. E, ke ne ke tla tlameha ho bua Sepanishe, le teng e le hona pitseng ea mocheso, equator!
Ka letsatsi le leng moemeli oa FBI o ile a nketela Sekolong sa Gileade. O ile a botsa ka mora oa mohlanka oa sehlopha ea ileng a tloha mokhatlong oa rōna o hlophisitsoeng Detroit Lakes. Ntoa ea Korea e ne e ntse e tsoela pele, ’me mohlankana enoa o ne a ile a bolela hore ke mosebeletsi e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me kahoo o lokolohile tšebeletsong ea bosole. Ke ile ka hlalosa hore ha e sa le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha moemeli eo a re ke sale hantle, o ile a re: “E se eka Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa mosebetsing oa hao.”
Hamorao ke ile ka utloa hore mocha eo o ile a bolaoa ho e ’ngoe ea lintoa tsa hae tsa pele Korea. Ke phello e bohloko hakaakang ho ea ka beng a ile a tsoela pele ho hōla tsebong mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo!
Qetellong, letsatsi le thabisang la rōna la ho fumana mangolo la fihla ka la 22 July, 1951. Ho ne ho se le ea mong oa ba lelapa leso ea teng, empa thabo ea ka e ne e feletse ha ke fumana diploma ka lebaka la tsoelo-pele eo ke neng ke ile ka e etsa.
Ho Tloaelana le Tšimo Naheng Esele
Hang ha ke le kabelong ea ka, ke ile ka fumana hore koetliso ea ’Mè ka sebele e ne e le molemo. Ho pheha, ho hlatsoa liphahlo ka matsoho, le ho haella ha metsi a pompo e ne e se lintho tse ncha ho ’na. Empa ho bolela ka Sepanishe hona ho ne ho le ho cha! Ke ile ka sebelisa polelo e ngotsoeng ea Sepanishe ka nako e telele. Ho ile ha nkuka lilemo tse tharo pele nka fana ka puo ka Sepanishe le hona e le ka ho sebelisa lintlha tse ngata tse ngotsoeng.
Ha ke fihla Ecuador ka 1951, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka tlaase ho 200. Ho etsa barutuoa ho ile ha bonahala ho tsamaea butle ka lilemo tse qalang tse ka bang 25. Lithuto tsa rōna tsa Bibele li ne li fapane haholo le lineano tseo eseng tsa Mangolo tsa Bok’hatholike, ’me ho khomarela ha rōna litaeong tsa Bibele ka botšepehi ho molekane a le mong oa lenyalo e ne e le ntho e sa tloaelehang ka ho khethehileng.—Ba-Heberu 13:4.
Leha ho le joalo, re ne re khona ho tsamaisa libuka tse ngata tsa Bibele. Tšebeletso ea rōna Machala, e khubung ea mapolasi a libanana, e sebeletsa ho bontša sena. ’Na le Nicholas Wesley e ne e le rōna feela Lipaki mono ha re fihla ka 1956. Re ne re ee re tlohe hoseng haholo ka literaka tsa matipa-tipane tse neng li sebelisoa mosebetsing litseleng tse khōlō tse neng li ahoa mehleng eo. Ka mor’a hore re tsamaee sebaka se selelele, re ne re ee re theohe ’me re pakele batho re sebetsa re khutlela moo re lulang.
Ka letsatsi le leng le khethehileng, ’na le Nick re ile ra boloka tlaleho ho bona hore na ke mang ea neng a tla tsamaisa limakasine tse ngata. Ke hopola hore ke ne ke le ka pele ho Nick har’a mp’a motšehare, empa mantsiboea re ne re fasa-fasane ka limakasine tse 114. Re ile ra siela batho lingoliloeng tsa rōna tse makholo litselaneng tsa rōna tsa limakasine. Ka makhetlo a tšeletseng ke ile ka tsamaisa limakasine tse fetang sekete ka khoeli. Nahana hore na ke ba bangata hakaakang ba neng ba ka ithuta linnete tsa Bibele limakasineng tseno!
Machala re boetse ra ba le tokelo ea ho haha Holo ea ’Muso ea pele eo e leng ea phutheho Ecuador. E ne e le lilemong tse fetileng tse 35, ka 1960. Mehleng eo ea pele, re ne re e-ba le ba ka bang 15 feela libokeng tsa rōna. Kajeno Machala e na le liphutheho tse hōlang tse 11!
Ho Etela States
Bofelong ba bo-1970, ke ile ka khutlela United States ke le phomolong ’me ka qeta lihora tse seng kae le mor’eso Frank. O ile a nkuka ka koloi ea hae ra hloella lerallaneng le leng leo ha re le ho lona re neng re ka bona hōle holim’a Red River Valley. E ne e le ntle, e na le liqoapi tse butsoitseng tse ntseng li eketheha ke moea, letatahali la koro e imeloang ke lihlooho. Hōjana ho ne ho bonahala lifate tse entseng mokoloko Nōkeng ea Sheyenne. Ho thabela botle boo ba khotso ho ile ha senngoa ke ha mor’eso a qala moqoqo oa hae o tloaelehileng.
“Haeba u ne u se sethoto se sekana se ntseng se mathaka koana Amerika Boroa, sena e ka be e le sa hao le uena!”
Ka mo kena hanong ka potlako, “Frank. Ema hona, hona moo.”
Ha aa ka a hlotse a buile. Lilemo tse seng kae hamorao, o ile a shoa ka tšohanyetso a bolaoa ke stroke, a siea metebo e metle e meraro North Dakota eo ka kakaretso e leng boholo ba lihekthere tse fetang 400, hammoho le polasi eo e neng e bile mojalefa oa eona ea Rangoane ea lihekthere tse 260, Montana.
Hona joale lapeng leso kaofela ba hlokahetse. Empa ke thabile hore ebe Detroit Lakes, moo bohle re qalileng teng re le Lipaki tsa Jehova lilemong tse fetileng, ke na le lelapa la moea la baena le likhaitseli ba Bakreste ba fetang 90.
Ho ’Na ke Tsoela Pele Moeeng
Lilemong tse 15 tse fetileng re ile ra chaea haholo kotulong ea moea mona Ecuador. Ho tloha ho bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 5 000 ka 1980, hona joale re na le ba fetang 26 000. Ke kotutse tlhohonolofatso ea ho thusa ba fetang lekholo ho bana hore ba kolobetsoe.
Hona joale, ke le lilemo li 80, ke sebetsa ka thata ho finyella lihora tse 30 ka khoeli tšebeletsong ho feta seo ke neng ke se etsa ho finyella sepheo sa lihora tse 150 ka 1951. Ho tloha ka 1989, ha ke ne ke fumana hore ke na le kankere tšoeleseng e ka tlas’a senya, nako ea ka ea ho hlaphoheloa ke ile ka e sebelisa hamolemo ke bala. Ho tloha selemong seo, ke balile Bibele kaofela ka makhetlo a 19 le buka Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo ka makhetlo a tšeletseng. Ka tsela ena ke ntse ke tsoela pele moeeng.
E, ke bile le menyetla ea ho kotula melemo e bonahalang mapolasing a United States. Empa meputso ea maruo a lintho tse bonahalang hase letho ha e bapisoa le thabo eo ke bileng le eona kotulong ea moea. Lekala la mona Ecuador le ntsebisa hore ke tsamaisitse limakasine tse fetang 147 000 le libuka tse 18 000 mosebetsing oa ka oa boromuoa. Tsena ke li nka e le lipeō tsa moea, tseo boholo ba tsona bo seng bo metse; tse ling mohlomong ke hona li tla mela lipelong tsa batho ha ba bala ka linnete tsena tsa ’Muso.
Ha ho letho le molemo leo nka nahanang ka lona ho feta ho ’na ke tsoela pele ho ea lefatšeng le lecha la Molimo le bana bohle ba ka ba moea le limilione tse ling tse khethileng ho sebeletsa Molimo oa rōna, Jehova. Chelete e ke ke ea pholosa motho bofelong ba lefatše lena le khopo. (Liproverbia 11:4; Ezekiele 7:19) Leha ho le joalo, litholoana tsa mosebetsi oa rōna oa moea li tla tsoela pele—haeba e mong le e mong oa rōna a ntse a tsoela pele ho hōla tsebong.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ke loketse ho bula maliboho Miles City, Montana, ka 1949
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho rekela lehae la rōna la boromuoa metsi, 1952
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho bolela Machala, 1957
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho tloha ha ke kula ka 1989, ke balile Bibele kaofela ka makhetlo a 19