Lebaka Leo se Bitsoang Sehlekehleke se Seholo
KA MONGOLI OA TSOHA! HAWAII
HA BATHO ba nahana ka Lihlekehleke Tsa Hawaii, ba nahana ka eng? Mohlomong ba nahana ka mabōpo a nang le lehlabathe le lesoeu, metsi a hloekileng, lifate tsa kokonate tse ntseng li tsukutloa ke moea hammoho le ho roba monakeli foranteng e bitsoang lanais bosiu ha ho futhumetse hamonate, ho bonesitsoe ka lirumula tse etsang hore ho be hotle. Joale ho qetela tlhaloso ea Hawaii, motho a ka nahana hape ka mokete oa semetletsa oa batho ba Polynesia oo ho oona ho nang le phaenapole, sejo se bitsoang poi se entsoeng ka likotolana tsa semela sa taro, salate ea tlhapi ea salmon, hammoho le kolobe e feletseng e phuthetsoeng ka makhasi a sefate sa banana ea ntan’o pheheloa fatše. Ekaba joale motho o sa batla’ng?
Ha e le hantle, ho na le lintho tse ling tse ngata tse thahasellisang ho feta tseo Hawaii! Ntho ea pele, sehlekehleke sa Hawaii se bitsoa Sehlekehleke se Seholo hobane lihlekehleke tse ling tse khōlō tsa Hawaii—e leng sa Oahu, Maui, le sa Kauai—kaofela li ka fella ka har’a sona! Sehlekehleke sena se hlollang se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse fetang 10 432 se ntse se atoloha. Empa re tla bua ka sena hamorao.
Moo se Leng Teng le Tlelaemete ea Sona
Kaha ke sona sehlekehleke se ka boroa ka ho fetisisa, ho futhumetse hamonate Sehlekehlekeng sena se Seholo. Likhoeling tsa lehlabula (May ho ea ho October) ho tloaelehile hore mocheso libakeng tse haufi le lebōpo tse ratoang ke bahahlauli e be likhato tse ka bang 29 tsa Celsius motšehare, ’me likhoeling tsa mariha (November ho ea ho April) o theohele ho likhato tse 22, ha bosiu teng o theohela likhatong tse pakeng tsa 15 le 18. Seterekeng sa Kona se siretseng moeeng ka tloaelo letsatsi le lula le chabile, ’me sebakeng sa Hilo se ka moeeng teng ho lula ho na pula.
Ho mela litholoana tse ngata le meroho ka lebaka la sebaka se chesang se mongobo le ka lebaka la mobu o nonneng oa molora oa seretse se chesang se ileng sa foqoha. Li-mango tse lutlisang mathe, li-papaya, li-litchi le litholoana tse ling tse khahlang mahlo li fumaneha ka bongata, hammoho le lipalesa tse ntle tsa ’mametsana le tsa anthurium. Lifate tsa linate tsa macadamia le limela tsa kofi lia atleha sebakeng sena. Kofi ea Kona e tsebahala lefatšeng lohle. Barekisi ba kofi ba hlahang ka likanta tsohle ba phallela Moketeng oa selemo le selemo oa Kofi ea Kona hore ba tl’o e latsoa le ho kenya liodara.
Sehlekehleke se Seholo se na le libaka tse ngata tse nang le tlelaemete e sa tšoaneng, tse akarelletsang moru o lulang o le motalana, lehoatata hammoho le lithota. Meru e ka bochabela e lulang e le metalana e ratoa ke pula. Ho na le linonyana tse ngata tse khahlang mahlo moo, hammoho le limela tsa ’mamauoaneng le mefuta e sa tšoaneng ea semela sa ’mametsana ea naha. Ka selemo, ka karolelano ho na pula ea botebo ba lisenthimithara tse ka bang 25 seterekeng sa Kona-Kohala ’me sebakeng sa Hilo ho na ea botebo ba lisenthimithara tse fetang 250.
Kilauea—Sebaka se Ntšang Seretse se Chesang Butle
Ho na le libaka tse hlano tse foqohang seretse se chesang sehlekehlekeng sena—e leng Mauna Loa, Mauna Kea, Kilauea, Kohala le Hualalai. Ha e le hantle, lebitso Kilauea le bolela “Ho Foqoha ho Hoholo.” Ka 1979, Kilauea e ile ea foqola seretse ka tsela e hlollang. Ho tloha ka 1983, e ’nile ea lula e tšoloha seretse se sefubelu se chesang. Se sentse metse e meraro e haufi le lebōpo empa se hlahisitse sebaka se secha se boholo ba lihekthere tse makholo.
Ha seretse se chesang se fihla leoatleng ’me se shesha ka matla a maholo, ho qoba mouoane le mosi o moholohali hammoho le maru ’me se etsa mabōpo a macha a nang le lehlabathe le letšo. Batho ba ka shebela Kilauea haufi ba le moo ho sireletsehileng.
Thaba ea Mauna Kea, e kileng ea foqoha seretse se chesang, e bophahamo ba limithara tse 4 205, ’me ke eona e telele ka ho fetisisa sehlekehlekeng sena, e teletsana ho thaba ea Mauna Loa, e bophahamo ba limithara tse 4 169. Leha ho le joalo, haeba e lekanngoa ho tloha tlaase leoatleng moo e qalang teng, ke eona thaba e telele ka ho fetisisa lefatšeng, e bophahamo ba limithara tse fetang 9 000. Ka lehlakoreng le leng, Mauna Loa ea ikhetha lefatšeng kaha ke eona e khōlō ka ho fetisisa, e ka ba boholo ba lik’hubiki-k’hilomithara tse 40 000!
Lintho Tse sa Tšoaneng Tse Khahlang Baeti
Mariha ho khetheha lehloa Mauna Kea, ka hona lebitso la eona la theneketso la Thaba-tšoeu lea e tšoanela. Baahi ba bang ba thelelisa lehloeng thabeng ena, le hoja matsoapo a eona a etsa hore ho thelelisa moo ho be kotsi. Hona joale ho na le libonela-hōle tse 13 tse matla ka ho fetisisa lefatšeng tse hlonngoeng tlhōrōng ea thaba ena, sebakeng sa Mauna Kea Science Reserve, tse sebelisoang ke linaha tse ka bang 11.
Ho na le libaka tse ngata tsa boithabiso tse iphaphathileng le mabōpo a Sehlekehleke se Seholo. Batho ba ka bapalla metsing selemo ho pota kaha ho lula ho futhumetse le metsi a leoatle a futhumetse hamonate. Ho na le libaka tse tummeng tsa phomolo mabōpong a nang le lehlabathe le lesoeu, ho boetse ho na le mabōpo a thōko a fihleloang feela ke ba hahlaulang ka maoto kapa ka likoloi tse hulang ka mabili a mane.
Ruri Sehlekehleke sena se Seholo se na le lintho tse ngata tse khahlang ka lebaka la boholo ba sona, sebaka seo se leng ho sona, tlelaemete ea sona le sebōpeho sa sona. U tla fumana hore batho ba moo ba botsoalle, baa tsotella, ebile ba rata ho amohela baeti ka tsela e mofuthu, ea batho ba Hawaii.
[’Mapa leqepheng la 16]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
NIHAU
KAUAI
OAHU
HONOLULU
MOLOKAI
MAUI
LANAI
KAHOOLAWE
HAWAII
Hilo
Kohala
Mauna Kea
Hualalai
Mauna Loa
Kilauea
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Thaba ea Mauna Kea morao mola
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 17]
U.S. Geological Survey/ Photo by T.J. Takahashi