Bacha Baa Botsa
Phoso e Hokae ha Motho a Rohakana?
“Ke ne ke batla ho tšoana le bana ba bang sekolong. Ke nahana hore ke lona lebaka le ileng la etsa hore ke tloaele ho rohakana.”—Melanie.a
“Ke ne ke sa nahane hore ho rohakana ke taba e kaalo. Ke ne ke phela le batho ba rohakanang ha ke le sekolong le lapeng.”—David.
KE HOBANE’NG ha ho nkoa e le ntho e tloaelehileng ha batho ba baholo ba rohakana, kapa ba bitsa mahlapa, empa ha bana ba etsa joalo ho nkoa e le ntho e nyarosang? Na lilemo tsa motho ke tsona tse lokafatsang hore a rohakane? Kaha batho ba bangata ba bua puo e litšila—’me ha e le batho ba baholo ba e buang hoa amoheleha—u ka ’na ua ipotsa, “Phoso e hokae ha motho a rohakana?”
Kamoo Motho a ka Tšoaetsoang Puo e Litšila
Ha ho pelaelo hore ho rohakana ho atile. Ha e le hantle, bacha ba bang ba re haeba ba ne ba ka fuoa ranta bakeng tlhapa e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e utloang sekolong, ho ne ho se na mohla ho tla hlokahala hore ba sebetse, ’me le batsoali ba bona ba ne ba ka lihela mosebetsing. Eve ea lilemo li 15, o re: “Ha bana bao ke kenang sekolo le bona ba iqoqela feela ba bitsa mahlapa a ’maloa polelong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang. Ho thata ho se rohakane ha letšehare lohle u utloa puo e joalo.”
Na le uena joaloka Eve, u pota-potiloe ke batho ba rohakanang? Na u se u bile u tloaetse ho rohakana?b Haeba ho joalo, iphe nako ea ho hlahloba hore na u susumetsoa ke eng hore u rohakane. Ha u fumane lebaka, seo se tla u nolofalletsa ho khaotsa mokhoa ona.
E le hore u fumane se u susumelletsang ho rohakana, leka ho araba lipotso tse latelang.
Maemong a mangata, ke hobane’ng ha u rohakana?
□ Ho bontša hore ke halefile kapa ke tsielehile
□ Hore batho ba nkele hloko
□ Hore lithaka tsa ka li nkamohele
□ Hore ke bonahale ke se motho ea boi
□ Hore ke qholotse ba boholong
□ Lebaka le leng ․․․․․
U rohakana ha u le hokae haholo-holo?
□ Ha ke le sekolong
□ Ha ke le mosebetsing
□ Ha ke romela molaetsa ka k’homphieutha kapa ka selefouno
□ Ha ke le mong
U ipehela lebaka lefe la hore u rohakane?
□ Lithaka tsa ka lia rohakana
□ Batsoali ba ka baa rohakana
□ Matichere aa rohakana
□ Mecha ea boithabiso e tletse ka mahlapa
□ Ha ho re letho, ke mantsoe feela tjee
□ Ke rohakana feela ha ke le ka har’a batho ba se nang bothata ka hona
□ Lebaka le leng ․․․․․
Ke hobane’ng ha u lokela ho khaotsa mokhoa oo? Na ho rohakana ho hlile ho hobe hakaalo? Nahana ka lintlha tse latelang.
Hase mantsoe feela a sa reng letho. Jesu o itse: “Mantsoe ao u a buang a bontša se ka pelong ea hao.” (Luka 6:45, Contemporary English Version) Hlokomela hore seo re se buang ha se bontše hore na re ka rata ho ba batho ba mofuta ofe—empa se bontša seo re leng sona. Esita le haeba u rohakana hobane feela ba bang ba rohakana, ho ba etsisa ho senola hore u motho ea ‘latelang bongata,’ ha u tsebe moo u emeng teng.—Exoda 23:2.
Empa hase seo feela. James V. O’Connor eo e leng setsebi sa puo, o re: “Batho ba rohakanang ba atisa ho ba manganga, ba rata ho tšoaea liphoso, ha ba tšepe batho ba bang, ba lula ba halefile, ba rata likhang ebile ba lula ba tletleba.” Ka mohlala, batho ba tloaetseng ho rohakana neng le neng ha lintho li sa tsamaee hantle, ba bontša hore ba batla hore lintho li lule li tsamaea ka tsela eo ba e lebeletseng. Ba sitoa ho amohela liphoso. Ka lehlakoreng le leng, O’Connor o re ba sa rohakaneng “ka tloaelo ke batho ba khobileng matšoafo, . . . ba hōlileng tsebong, ba [ka khonang] ho sebetsana hantle le lintho tse ba tenang letsatsi le letsatsi.” U batla ho ba motho oa mofuta ofe?
Ho rohakana ho senya botumo ba hao. Joaloka bacha ba bangata, e ka ’na eaba le uena u tsotella kamoo u shebahalang kateng. U batla ho hlaha hantle ho ba bang. Empa na u ne u tseba hore tsela eo u buang ka eona e ka ama haholo tsela eo ba bang ba u nkang ka eona? Taba ke hore lipuo tsa hao li ka ama lintlha tse kang
◼ Hore na ke bo-mang ba tla rata ho ba metsoalle ea hao.
◼ Hore na u tla hiroa mosebetsing o itseng kapa che.
◼ Hore na batho ba tla u hlompha hakae.
Ke ’nete hore hangata maikutlo ao batho ba bang le ’ona ka rōna ha ba qala ho re bona a fetoha ka potlako ha re se re qoqa le bona. O’Connor o re: “U ke ke ua tseba hore na ke menyetla e mengata hakae eo u e sentseng ea ho ba le motsoalle ea mocha, kapa hona hore na ke hangata hakae u entseng hore ba bang ba ikhule ho uena kapa ba se hlole ba u hlompha ka lebaka la ho sebelisa puo e litšila u sa tsotelle.” Re ithuta eng? Haeba u bua mahlapa, ha e le hantle ua itematsa.
Ho rohakana ho bontša ho se hlomphe Moetsi oa puo. A re re ka mohlomong u fa motsoalle oa hao hempe kapa bolause e le mpho. U ne u ka ikutloa joang haeba u ne u ka bona motsoalle eo oa hao a entse phahlo eo sekoropo kapa a e behile monyako hore batho ba iphumole maoto ka eona? Joale nahana hore na ’Mōpi oa rōna o ikutloa joang ha re sebelisa hampe mpho eo a re fileng eona ea puo. Hase feela Lentsoe la Molimo le reng: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.”—Baefese 4:31.
Joalokaha u bona, ho na le mabaka a utloahalang a hore u khaotse ho rohakana. Empa haeba mokhoa ona o se o le maling, u ka etsa’ng hore u o hlōle?
Ntlha ea pele: Lemoha hore u lokela ho fetoha. Mohlomong ho ke ke ha etsahala hore u khaotse ho rohakana ntle le hore u utloisise hore na u tla rua molemo ofe ka ho fetola tsela eo u buang ka eona. Ke mabaka afe ka tlaase moo a tla u thusa hore u khaotse ho rohakana?
□ Hore ke thabise Moetsi oa puo
□ Hore ba bang ba ntlhomphe haholoanyane
□ Hore ke eketse mantsoe ao ke a tsebang
□ Hore ke ntlafatse botho ba ka
Ntlha ea bobeli: Fumana hore na ke eng e etsang hore u rohakane. Melanie o re: “Ho rohakana ho ne ho etsa hore ke ikutloe ke e-na le matla a itseng. Ke ne ke sa batle hore batho ba bapalle holim’a hlooho ena ea ka. Ke ne ke batla hore eta ho lle sa ka, e le hore ke phoke batho joaloka metsoalle e meng ea ka.”
Ho thoe’ng ka uena? Ke habohlokoa ho lemoha hore na ke eng e etsang hore u rohakane kaha seo se tla u thusa hore na u ka sebetsana le bothata bona joang. Ka mohlala, haeba u rohakana hobane feela motho e mong le e mong a rohakana, u lokela ho itšepa haholoanyane litšobotsing tse ntle tseo u nang le tsona. Ho ba motlotlo ka seo u leng sona ke karolo ea bohlokoa ea ho hōla—hape ho tla u thusa haholo hore u khaotse mokhoa oa ho rohakana.
Ntlha ea boraro: Fumana litsela tse ling tseo u ka itlhalosang ka tsona. Hase feela taba ea hore u lokela ho ithiba ha ho re u rohakane. Ho hlōla mokhoa oa ho sebelisa puo e litšila ho akarelletsa hore u apare “botho bo bocha.” (Baefese 4:22-24) Sena se tla u thusa hore u ithibe u be u itlhomphe haholoanyane—hammoho le ho hlompha ba bang.
Litemana tse latelang li tla u thusa hore u apare botho bo bocha, li be li u thuse hore u tsoele pele u bo apere.
Bakolose 3:2: “Bolokang likelello tsa lōna li tsepame linthong tse holimo.”
Seo e se rutang: Koetlisa kelello ea hao hore e nke lintho tse nepahetseng e le tsona tsa bohlokoa. Lintho tseo u li nahanang li susumetsa seo u se buang.
Liproverbia 13:20: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”
Seo e se rutang: U ka tšoaetsoa ke tsela eo metsoalle ea hao e buang ka eona.
Pesaleme ea 19:14: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova.”
Seo e se rutang: Jehova oa lemoha hore na re sebelisa mpho eo rōna ea puo joang.
Na u ntse u hloka thuso? U ka sebelisa chate ena e ka holimo ho itlhahloba, ka hore u ngole makhetlo ao ka ’ona u buileng ntho e litšila. U ka ’na ua makatsoa ke kamoo u ka ntlafatsang kapele kateng tsela eo u buang ka eona!
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.
b Bakreste ba na le lebaka le matla la ho qoba puo e litšila, kaha Bibele e re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.”—Baefese 4:29; Bakolose 4:6.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
Ho rohakana ho ka ama joang
◼ mofuta oa batho ba tla rata ho ba metsoalle ea hao?
◼ taba ea hore na u tla hiroa mosebetsing kapa che?
◼ tsela eo ba bang ba tla u nka ka eona?
[Chate leqepheng la 21]
ITLHAHLOBE
Mantaha Labobeli Laboraro Labone Labohlano Moqebelo Sontaha
Beke 1 ․․․․․․ ․․․․․․․ ․․․․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․
Beke 2 ․․․․․․ ․․․․․․․ ․․․․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․
Beke 3 ․․․․․․ ․․․․․․․ ․․․․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․
Beke 4 ․․․․․․ ․․․․․․․ ․․․․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․ ․․․․․․․․ ․․․․․․
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
U ne u ke ke ua sebelisa hampe mpho ea bohlokoa. Joale ke hobane’ng ha u sebelisa hampe mpho ea ho bua?