Maikutlo a Babali
Bacha Baa Botsa . . . . Phoso e Hokae ha Motho a Rohakana? (March 2008) Ke hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, empa ke ile ka tloaela ho rohakana. Ke ’nile ka leka ho khaotsa mokhoa ona empa ka hlōleha. Leha ho le joalo, sehlooho sena se nthusitse hore ke khone ho ithiba. Ha ke batle ho sebelisa hampe mpho ea ho bua eo ke e fuoeng, joalokaha ho bontšitsoe sehloohong sena. Kahoo, hona joale kea inahana pele ke bua. Ke leboha haholo.
C. P., Brazil
Ke lilemo li 12. Ha ke le sekolong ke pota-potiloe ke batho ba rohakanang ’me ke tšoha hore ka letsatsi le leng ke tla phonyoheloa ebe kea rohakana. Ke ne ke le mothating oa ho ngola lengolo ke kōpa hore ho hatisoe sehlooho sa “Bacha Baa Botsa” se tšohlang ntlha ena, ha ke fumana sehlooho se buang ka eona Tsoheng! Sehlooho sena se ile sa nkhopotsa hore na ke hobane’ng ha ho rohakana ho le hobe, ’me se ile sa nkhothatsa. Ke kōpa le ’ne le ngole lihlooho tse kang sena!
A. P., United States
’Na le monna oa ka re hloekisa malapeng a batho, ’me motho e mong eo re mo hloekisetsang o ile a re bolella hore selemong sena o entse qeto ea ho tlohela ho rohakana. O ile a re o rapela Molimo letsatsi le leng le le leng, o mo kōpa hore a mo thuse hore a khaotse mokhoa ona o mobe. O ile a boela a nkōpa hore ke mo fe sengoliloeng leha e le sefe seo ke nang le sona se tšohlang taba ena. Ke ile ka rapella taba ena, ’me joaloka mehleng, ka kopiletsa ho MP3 ea ka limakasine tsa morao-rao tse mocheng oa boitsebiso oa Inthanete oa www.pr418.com. U ka inahanela hore na ke ile ka thaba hakaakang ka le hlahlamang ha ke utloa lethathamo la lihlooho tse ka hare. Ke ile ka thaba hona hoo! Le hoja sehlooho sena se ne se ngoletsoe bacha, ke ne ke tseba hore o tla fumana likeletso tse ka mo tsoelang molemo. Ke ne ke labalabela ho mo bontša sona.
S. C., United States
Ho Laola Sephethephethe sa Lifofane—Ho U Sireletsa Joang? (April 2008) Ka mor’a hore ke bale sehlooho sena ke ile ka re: “Lula hantle kaha sefofane se mothating oa ho tsamaea!” Ke ile ka ikutloa ke khothetse ke bile ke sireletsehile, kaha Tsoha! e mpontšitse hore batho ba laolang sephethephethe sa lifofane ba amehile ka hore re sireletsehe. Kea leboha.
T. S., Brazil
U Tla Araba Joang? Ke lilemo li 12 ’me ke lula karolong e ka boroa ea Ireland. Ke rata ho le leboha ka lipotso tse reretsoeng bana ka ho khetheha, tse hlahang qetellong ea Tsoha! Li molemo. Li etsa hore bana ba thahaselle ho bala makasine ena. Ke kōpa le ’ne le li kenyelletse litokollong tse latelang. Kea leboha.
A. C., Ireland