Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb14 maq. 14-17
  • JW.ORG—‘Ho Pakela Lichaba Tsohle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • JW.ORG—‘Ho Pakela Lichaba Tsohle’
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Reretsoe ho Tsoela Rōna le Batho ba Bang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Sebelisang Karolo ea “E-ba Motsoalle oa Jehova” e Hlahang ho jw.org Tšimong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Sebelisa Websaete ea Rōna Tšimong—“Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • U ka Fumana Thuso
    Tsoha!—2020
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
yb14 maq. 14-17

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

JW.ORG—‘Ho Pakela Lichaba Tsohle’

Jesu o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:14) Ka sebele ho bonahala Websaete ea jw.org e le thulusi e phethang karolo ea bohlokoa bakeng sa ho finyella “lichaba tsohle” nakong ena e khutšoanyane e setseng pele bofelo bo fihla.

Banyalani ba bang ba baromuoa ba lulang Solomon Islands ba ne ba le tšimong motseng oo ho tšoasoang litlhapi ho oona eaba ba kopana le banna-baholo ba bang ba bane. Ha baromuoa ba bona hore banna-baholo bana ba na le liselefouno, ba ile ba ba botsa hore na ba tseba ho sebelisa Inthanete. Eaba banna-baholo bao ba re baa tseba. Baromuoa bana ba ile ba ba bontša kamoo ba ka kenang Websaeteng ea jw.org le kamoo ba ka fumanang puo ea bona, ba kopitsa limakasine le Bibele le kamoo ba ka sebelisang karolo ea malapa le ea bana. Ha ba le tšimong, ba rata ho bontša bana video ea Pray Anytime. Ka mor’a hore bana ba bang ba shebelle video ena, ba ile ba mathela ka morung ba thabile ba ntse ba bina ba re, “Anytime, anywhere, I can pray . . . ”

Ulaanbaatar, Mongolia

Mangolo a latelang ke a mang har’a a mangata a amohetsoeng ntlo-khōlō e New York ho leboha Websaete ea jw.org:

“’Na le monna oa ka re ile ra fallela Mexico, ’me re ntse re ithuta Sepanishe e le hore re ka pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le eena. Nako le nako ha ke kena Websaeteng ea jw.org, ke leboha Jehova hobane e nthusitse hore ke be motho ea mamelang le ea ithutang. Ho na le limakasine, libuka, ’mino le litšoantšiso tse ngata ka lipuo tse fapa-fapaneng. Kea le leboha ebile kea le rata, le etsa mosebetsi o motle haholo.”—D.H., Mexico.

“Kaha ha ke bone hantle, ke rata Websaete ea lōna haholo hobane e na le likhatiso tse ngata tseo nka li mamelang. E se eka le ka tsoele pele ho hlahisa libuka, libukana le lingoliloeng tse ling ka fomete ea MP3 (e leng lingoliloeng tse mameloang) hobane ke khona ho li mamela letšehare lohle.”—K.G., United States.

“Ke rata Websaete ea jw.org! Ho bonolo ho e sebelisa ’me e ’nolofalletsa ho chesehela thuto ea botho le ho rata tšebeletso. Ke lilemo li 72, ’me ke na le lilemo tse 47 ke kolobelitsoe, ke bile pula-maliboho ka lilemo tse fetang 30. Ke ’mè oa bana ba 9 ba kolobelitsoeng, ’me ke na le litloholo tse 16 le litloholoana tse 3. Meloko e mene ea lelapa la rōna ke bo-pula-maliboho ba kamehla. Ke leboha Jehova ka lijo tsena tsa moea tseo re li fumanang ka nako.”—M.T., United States.

“Ke ngotse lengolo lena ka hora ea bone hoseng. Joaloka bara le barali babo rōna ba bangata lefatšeng lohle, ke atisa ho felloa ke boroko ka lebaka la lefu la ho satalla mesifa le mafu a mang. Ke rata ho le leboha hobane Jehova o tsoela pele ho re hlokomela ka litsela tse ngata moeeng. Ke tloaetse ho iketsetsa litšoantšo tsa seo ke se balang kelellong ea ka, e leng se etsang hore ke rate tsela eo Websaete ea jw.org e hlophisitsoeng ka eona. Ke ananela haholo likrafo, livideo tse khutšoanyane le litšoantšo, tse tsamaisanang le litlhaloso tse tobileng le tse hlakileng.”—B.B., New Zealand.

“Ka lengolo lena ke fetisa liteboho tsa ka. Ke ngaka sebakeng se thōko sa Sri Lanka, moo ke sa fumaneng limakasine ka puo ea ka. Empa ka thuso ea Websaete ea lōna, ke khona ho li kopitsa le ho li bala ka puo ea ka. Websaete ea lōna ke mpho e molemo ka ho fetisisa eo Jehova a e fileng batho ba tšoanang le ’na.”—N.F., Sri Lanka.

“Ka lengolo lena ke leboha mosebetsi oohle oo le o etsang ka boikitlaetso ho thusa batho hore ba ithute ka Jehova. Ke kōpa hore le tsoele pele ho kenya livideo Websaeteng ea jw.org. Livideo tsena li nthusitse li bile li thusitse le lelapa leso ho sebetsana le mathata. Video e nthusitseng haholo ke e nang le sehlooho se reng Hlōla Mpoli U sa Loane. Ke boetse kea le leboha ka boikitlaetso ba lōna.”—Y.S., ea lilemo li 9, United States.

“Ke rata ho le leboha ke be ke lebohe Jehova ka lijo tsa moea tseo re li fumanang. Websaete ea jw.org e nthusitse haholo, ka ho khetheha karolo ea sehlooho se reng ‘Bacha.’ Ke boetse ke rata lihlooho tsa E-ba Motsoalle oa Jehova. Ke na le banab’eso ba bararo ’me ke bona kamoo boitsebiso ba tsona bo ba thusang kateng. Le hoja re le hōle le lōna, re mokhatlo oa bara ba motho ka lebaka la lerato leo re ratang Jehova ka lona. Kea leboha.”—A.B., Peru.

Lintlha le Lipalo Tse Mabapi le JW.ORG

  • Palo ea lipuo tse hlahang Websaeteng ena 316

  • Palo ea li-Web page 220 000+

  • Palo ea lipuo tseo lingoliloeng li fumanehang ka tsona 600

  • Ka letsatsi batho ba kōpang ho khanneloa lithuto tsa Bibele linaheng tse 230 ba 130

  • Palo ea livideo tse shebelloang khoeli le khoeli 5 000 000+

  • Palo ea likhatiso tse kopitsoang ka letsatsi 1 500 000

  • Palo ea batho ba linaha tse fetang 230 ba kenang Websaeteng ena letsatsi le letsatsi 900 000+

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela