Websaete ea Rōna e Molaong—E Reretsoe ho Tsoela Rōna le Batho ba Bang Molemo
Jesu o re laetse ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Websaete ea watchtower.org, jw-media.org le ea jw.org li kopantsoe hammoho hore e be Websaete e ncha e bitsoang jw.org bakeng sa ho re thusa hore re ‘phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo’.—2 Tim. 4:5.
“Lefatšeng Lohle Leo ho Ahiloeng ho Lōna”: Hoo e ka bang karolo ea boraro ea batho ba lulang lefatšeng e sebelisa Inthanete. E se e le mohloli o itlhommeng pele oa boitsebiso bakeng sa batho ba bangata, haholo-holo bacha. Websaete ea rōna e araba lipotso tsa Bibele tsa batho ba sebelisang Inthanete ka tsela e nepahetseng. E etsa hore ba tsebe mokhatlo oa Jehova ba be ba nolofalloe ho kōpa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Kahoo e etsa hore ho khonehe hore litaba tse molemo li finyelle le libakeng tseo ho seng bonolo hore batho ba teng ba utloe molaetsa oa ’Muso.
“Lichaba Tsohle”: E le hore re pakele “lichaba tsohle,” re lokela ho bolela ’nete ea Bibele ka lipuo tse fapa-fapaneng. Batho ba kenang Websaeteng ea jw.org ba ka fumana boitsebiso ka lipuo tse ka bang 400, ho feta Websaeteng leha e le efe.
E Sebelise ka Tsela e Molemo: Morero oa jw.org e nchafalitsoeng hase feela ho pakela batho ba sa lumeleng. Empa e reretsoe le hore e sebelisoe ke Lipaki Tsa Jehova. Haeba u khona ho kena Inthaneteng re u khothalletsa hore u itloaetse ho sebelisa jw.org. U ka sebelisa litlhahiso tse latelang bakeng sa ho e sebelisa.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 3]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leka ho e Sebelisa
1 Thaepa www.jw.org/st moo ho kenngoang aterese lenaneong la ho kena Inthaneteng la k’homphieutha ea hao.
2 Itloaetse Websaete ka ho kena lihloohong tsa likarolo tse itseng, likarolong tse hlahang tlas’a menu haesita le lilinking.
3 Leka ho kena ho jw.org ka lisebelisoa tsa elektronike tse nyeyane tse khonang ho kena Inthaneteng. Le hoja ponahalo ea leqephe e ka bona-hala e le nyenyane, boitsebiso bo ntse bo tšoana.