Sebelisa Websaete ea Rōna Tšimong—“Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa”
Karolo ea “Lithuto Tsa Bibele” e ho jw.org e na le sehlooho se reng “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa.” Haeba re tloaelane le lipotso tsena tseo batho ba atisang ho li botsa, re ka bontša beng ba matlo ba nang le lipotso Websaete ea rōna e le hore ba fumane likarabo tse hlahang Mangolong. Lipotso tsena li ka boela tsa sebelisetsoa ho qala moqoqo tšimong. Re ka khetha potso e ratoang ke batho ba tšimong ea rōna, ra kōpa maikutlo a mong’a ntlo ebe re mo bolella hore na Bibele e re’ng, re sebelisa boitsebiso bo ho jw.org. Ka mor’a moo, re ka mo hlalosetsa kapa ra mo bontša hore na re fumane boitsebiso hokae. Mokhoa o mong ke ho mo balisa karabo ka ho toba Websaeteng. Mosali e mong oa molebeli ea tsamaeang o atlehile haholo ka hore a re: “Batho ba bangata baa ipotsa, ‘Na Molimo ke eena ea re bakelang mahlomola?’ Na u ka rata ho tseba karabo ka metsotsoana e 51 feela?” Ka mor’a moo o bapala khatiso e rekotiloeng ea karabo eo a e kopilelitseng sesebelisoeng sa hae sa elektronike. O qetella ka ho mo bontša khaolo ea 11 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang.