“Ha a sa Fumaneha!”
Na u kile ua bua mantsoe ao ka motho e mong ea bontšitseng thahasello? Le hoja u lekile ho mo etela ka makhetlo a mangata, u sitoa ho nosetsa peō ea ’nete eo u e jetseng. (1 Bakor. 3:6) Ka linako tse ling, bahoeletsi ba nang le boiphihlelo ba ngolla motho eo ba seng ba sa mo fumane, kapa ba mo siela molaetsa monyako. Bahoeletsi ba bang ba nahana esale pele hore na ba tla etsa joang haeba motho a se a sa fumanehe ’me ba kōpa linomoro tsa hae tsa founo, mohlomong ka ho mo botsa, “Na nka u romella molaetsa ka selefouno?” Re ka tlaleha leeto la ho boela ha re etetse motho kapa re mo paketse ka lengolo, e-mail, re mo romeletse molaetsa ka selefouno, re mo founetse kapa re siile molaetsa monyako. Esita le haeba a fumanoa ka seoelo, ho ka etsahala hore thahasello ea hae e ntšetsoe pele.