Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/11 leq. 1
  • Peō e Lokela ho Nosetsoa e le Hore e Hōle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Peō e Lokela ho Nosetsoa e le Hore e Hōle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Ngola Tlaleho ea Batho ba Thahasellang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Leeto la ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Re Lokela ho Khutlela ho Batho ba Thahasellang ka Mor’a Nako e Kae?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 11/11 leq. 1

Peō e Lokela ho Nosetsoa e le Hore e Hōle

1. Ke eng e lokelang ho nosetsoa e le hore e hōle?

1 Peō e jetsoeng serapeng e lokela ho nosetsoa e le hore e hōle. Hoa tšoana le ka peō ea ’nete eo re e jalang lipelong tsa batho ba tšimong ea rōna. (1 Bakor. 3:6) Re lokela ho etsa maeto a ho boela ’me re nosetse peō ena ea tšoantšetso ka Lentsoe la Molimo haeba re batla hore e mele, e hōle e be e atlehe.

2. Re ka thusa motho eo re buisanang le eena joang hore a thahaselle seo re tla se tšohla leetong le latelang?

2 Botsa Potso: Ha u lokisetsa seo u tla se bua le batho, mohlomong u ka ba ua lokisetsa potso e tsosang tjantjello, eo u tla e araba leetong la ho boela. U e botse ha u qeta ho buisana le motho ka lekhetlo la pele ’me u etse litokisetso tse tobileng tsa ho khutla. Bahoeletsi ba bangata ba atleha ha ba khetha sehlooho se itseng bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, se tla ba thusa ho bontša kamoo thuto ea Bibele e khannoang kateng.

3. U ka ngola boitsebiso bofe mabapi le se etsahetseng leetong la pele?

3 Ngola Tlaleho: Ha u qeta ho buisana le motho ka lekhetlo la pele, ngola tlaleho. Ngola lebitso la hae le aterese ea hae. Ho boetse ho molemo hore u ngole letsatsi le nako eo u buileng le eena ka eona, seo le buileng ka sona le hore na u mo sietse sengoliloeng sefe, haeba ho e-na le seo u se siileng. Na o u boleletse hore na o kena kereke efe? Na o na le bana? Na o u boleletse lintho tseo a li ratang le tseo a amehileng ka tsona? Boitsebiso bo joalo bo tla u thusa hore nakong e tlang u buisane le eena ka litaba tseo a li nkang e le tsa bohlokoa. Ho feta moo, ngola hore na le lumellane ka hore u khutle neng u be u ngole le potso eo u tla e araba.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella ho khutlela ho batho ba thahasellang molaetsa oa rōna?

4 Phehella: Satane a ke ke a khaotsa ho leka ho “tlosa lentsoe” le jetsoeng pelong ea motho. (Mar. 4:14, 15) Kahoo, u se ke ua tela ha u se u sa fumane motho eo ea thahasellang lapeng. Mohlomong u ka mo ngolla lengolo kapa ua mo siela molaetsa o ngotsoeng. Pula-maliboho e mong o ile a qala thuto e khanneloang monyako le mosali ea itseng empa ka mor’a moo ha aa ka a mo fumana lapeng, kahoo a mo ngolla lengolo. Mohla morali’abo rōna a mo fumanang, mosali eo o ile a mo bolella kamoo a ileng a hlolloa kateng ka lebaka la thahasello eo a mo bontšitseng eona. Ha re nosetsa peō ea ’nete, re tla thabela ho bona ha e mela, e hōla e ba e butsoa, ’me e “beha litholoana tse mashome a mararo le tse mashome a tšeletseng le tse lekholo.”—Mar. 4:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela