Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Leeto la ho Boela
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Ha re fumana motho ea bontšang thahasello, re batla ho khutla ka nako eo a tla beng a le teng lapeng e le hore re ka nosetsa peō eo re e lemmeng ea ’nete. (1 Bakor. 3:6) Hangata sena se hloka hore pele re tloha, re lokisetse leeto la ho boela ka hore re botse hore na re ka khutla neng. Ho feta moo, ho molemo hore re siee potso eo re tla buisana ka eona leetong le latelang. Sena se tla etsa hore mong’a ntlo a lebelle leeto le latelang ’me haeba sengoliloeng seo re mo sietseng sona se arabela potso eo, a ka ’na a labalabela ho se bala. Ho lokisetsa leeto la ho boela ho re nolofalletsa ho khutla hobane re se re khethile sehlooho seo re tla qoqa ka sona ’me mong’a ntlo o tla tseba hore na a ka lebella eng. Ha re se re khutletse ho eena, re ka mo hlalosetsa hore re tlil’o arabela potso eo re neng re e botsitse nakong e fetileng ebe re tsoela pele ka moqoqo.
Leka Sena Khoeling Ena:
Ha u ntse u lokisetsa seo u tla se bua le batho, u ka boela ua lokisetsa potso eo u tla e araba nakong e tlang. E bolelle bahoeletsi bao u sebetsang le bona tšimong.