PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling ka ho Paka ka Fono
HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA? Ho bua le batho ka Bibele re sebelisa lifono ke mokhoa o mong oa ho ‘paka ka ho phethahetseng litaba tse molemo.’ (Lik 20:24)a Mokhoa ona o re thusa hore re rute batho ba bang molaetsa oa Bibele le haeba re sa khone ho kopana le bona.
KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:
Lokisetsa. Khetha sehlooho se ka khahlang mong’a ntlo. Hlophisa hore na u batla ho bua joang. U ka lokisetsa hanyane hore na u tla re’ng haeba ho se na motho ea arabang joale u tlameha ho siea molaetsa fonong. Ekaba hantle hore u behe lintho tseo u tla li sebelisa haufinyane le moo u lutseng. U ka beha lintho tse kang pampiri e ngotseng lintho tseo u tla li bua le sesebelisoa sa elektronike se nang le JW Library® kapa se khonang ho kena ho jw.org®
Se ke oa tšoha. Bua ka tsela eo u tloaetseng ho bua ka eona. Bososela u be u tsamaise litho tsa ’mele joalokaha u ne u tla etsa ha u bua le motho le shebane mahlong. Qoba ho ’na u thola ho sa hlokahale. Ekaba bohlale hore u sebetse le batho ba bang. Haeba mong’a ntlo a u botsa potso, pheta potso eo hape u buela holimo e le hore batho ba nang le uena ba ka u thusa ho fumana karabo
Lokisetsa hore u khutlele ho motho eo hape. Haeba motho a ratile molaetsa oa hao, u ka mo botsa potso ebe oa mo tšepisa hore u tla mo founela hape hore u tl’o araba potso eo. Mohlomong u ka ba oa kopa ho mo romella sengoliloeng ka email, kapa oa tšepisa ho mo romella e ’ngoe ea livideo kapa lihlooho tsa rona ka ntho leha e le efe e romelang melaetsa kapa ka email. U ka joetsa motho eo u mo letselitseng ka lihlooho tse teng websaeteng ea rona.
a Haeba ho paka ka fono ho lumeletsoe moo u lulang teng, u lokela ho mamela melao ea ho sebelisa boitsebiso ba motho.