Ho Paka ka Thelefono ho ka ba Molemo
1. Ke hobane’ng ha ho paka ka thelefono e ka ba karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna?
1 Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka menyetla ea ho paka ka thelefono tšebeletsong ea rōna? Hobane ho paka ka thelefono ke mokhoa o mong oa ho thusa batho ba bang hore ba be le tsebo e nepahetseng e tla ba pholosa. (2 Pet. 3:9) Le hoja ho paka ka ntlo le ntlo e le eona tsela e ka sehloohong eo re e sebelisang ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, re ikemiselitse ho fetola maoa e le hore re pakele batho bao ho ka ’nang ha e-ba thata ho ba fumana malapeng.—Mat. 24:14; Luka 10:1-7; Tšen. 14:6.
2. Ho paka ka thelefono ho lokisetsoa joang?
2 Kamoo ho ka Hlophisoang Kateng: Joalokaha ho etsoa litokisetso tsa hore bahoeletsi ba fuoe tšimo eo ba e sebetsang ka ntlo le ntlo, ba boetse ba fuoa tšimo eo ba e sebetsang ka thelefono. Motho a ka ’na a paka ka tsela ena a le mong kapa a le sehlopheng se senyenyane sa batho ba babeli kapa ba bararo. Sebaka seo bahoeletsi ba se sebelisang e lokela ho ba se khutsitseng. Ba bangata ba bona ho le molemo ho lula tafoleng moo ba behang libuka tseo ba tloaetseng ho li sebelisa ha ba bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo.
3. Re lokela ho hopola eng ha re paka ka thelefono?
3 Tsela ea ho Paka ka Thelefono: Ha re paka ka thelefono, re lokela ho qoqa. Ho ka etsahala hore bahoeletsi ba sa tsoa qala ho paka ka thelefono ba balle mong’a ntlo molaetsa, empa ba bala joalokaha eka baa qoqa. Likenyelletso tse bukeng ea Ho Bea Mabaka, Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso le pampitšaneng ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? li ka re tsoela molemo. Ha u lokisetsa molaetsa oo u tla fana ka oona, tseba taba eo u tla bua ka eona, lokisetsa potso ’me u be malala-a-laotsoe ho araba potso eo ka mangolo a seng makae. Hangata u ka buella lingoliloeng tse tsamaisoang ka ntlo le ntlo. Hopola lintlha tse latelang: U phutholohe ’me u se ke ua potlaka ha u bua. Nahanela motho eo u buisanang le eena, u se ke ua mo fella pelo, ’me u buisane le eena ka tsela e nang le botsoalle, etsoe a ka lemoha hore na u ikutloa joang esita le fonong. Mamela ha mong’a ntlo a ntša maikutlo a hae, mo lebohe u be u bontše kananelo. Hlokomela hore u se ke ua bua ka monehelo, hobane a ka ’na a nahana hore u kōpa lichelete ka thelefono.
4. Re ka finyella eng tšimong ea rōna ha re paka ka thelefono?
4 E ka ’na eaba motho eo u buang le eena thelefonong o holofetse kapa ke motho eo ho ke keng ha e-ba bonolo hore u mo fumane ha u le mosebetsing oa ntlo le ntlo. Ho na le batho ba lulang metseng e kampetsoeng kapa lifoleteng tseo ho sa kenoeng ho tsona ntle ho tumello. Ka lebaka leo, e le hore re phethahatse bosebeletsi ba rōna ka ho feletseng, re lokela ho nahana ka ho paka ka thelefono tšebeletsong ea rōna, e leng tsela e behang litholoana.