Ho Paka ka Katleho ka Thelefono
1 Sepheo sa rōna re le Lipaki tsa Jehova hase feela ho tšoareha ho boleleng litaba tse molemo empa hape ke ho finyella e mong le e mong ha ho khoneha ka molaetsa oa ’Muso. (Lik. 10:42; 20:24) Le hoja mosebetsi oa ntlo le ntlo e ntse e le eona tsela e ka sehloohong ea ho finyella batho, rea hlokomela hore esita le ka mokhoa ona o hlophisehileng ha re finyelle e mong le e mong. Kahoo e le ho ‘phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo,’ re sebelisa mekhoa e meng—ho akarelletsa le ho paka ka thelefono—ho fumana batho ba kang linku.—2 Tim. 4:5.
2 Libakeng tse ngata, batho ba lula lifoleteng tse sirelelitsoeng ka thata, meaho eo ho lulang malapa a mangata, kapa metse eo ho kenoang ka likeiti feela, moo ho leng thata ho sebelisa mokhoa oo re o tloaetseng oa ho ea ka ntlo le ntlo oa ho finyella batho. Esita le libakeng tseo re ka sebetsang ka ntlo le ntlo, palo e khōlō ea batho ha e eo malapeng. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bangata ba atleha haholo ho finyelleng baahi bana ka thelefono.
3 Na u leqe ho kenyelletsa ho paka ka thelefono tšebeletsong ea hao? Mora e mong oabo rōna oa lumela: “Ha ke rate ha motho e mong a tla ho ’na lapeng a tl’o nthekisetsa ho hong, kahoo maikutlo a ka a hanana le mokhoa ona oa ho paka.” Leha ho le joalo, ka mor’a ho letsa habeli feela, o ile a re: “Kea o rata! Le ka mohla ke ne ke sa nahane hore seo se ka etsahala, empa kea o rata! Batho ba phutholohile thelefonong, ’me u na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe haufinyane eo u e hlokang. Sena se atleha haholo!” Morali e mong oabo rōna o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang: “Ke ne ke hlile ke sa thaba ka ho paka ka thelefono. Ho bua ’nete, ke ne ke sa batle ho ho etsa. Empa ke ile ka ho leka ’me ka fumana ho atleha haholo. Ke na le maeto a ho boela a 37 a ho paka ka thelefono le lithuto tse eketsehileng ho feta tseo nka li khonang!” Haeba u rata ho leka ho paka ka thelefono, le uena u ka atleha.
4 Ho Hlophisetsa ho Paka ka Thelefono: Tšebeletso ea ho paka ea phutheho e tlhokomelong ea molebeli oa tšebeletso. Ho itšetlehile ka se hlokahalang, sehlopha sa baholo se ka ’na sa khetha moholo e mong kapa mohlanka e mong ea sebeletsang ea tšoanelehang hore a sebetse haufi-ufi le eena mabapi le ho hlophisa ho paka ka thelefono. Mor’abo rōna ea hlokomelang masimo le eena o lokela ho ameha, kaha o tla aba masimo le ho boloka tlaleho e nakong. Ka ho tšoanang, molebeli oa potoloho o tla thahasella tsoelo-pele ea lenaneo leo.
5 Haeba tšimong ea lōna ho na le libaka tseo le sitoang ho li finyella ka ho paka ka ntlo le ntlo, ho lokela hore ho lokisetsoe tšimo ea lithelefono. Mor’abo rōna ea abetsoeng o tla etsa lethathamo la liaterese ka hloko tse tlang ho fetoloa masimo a joalo, a lokelang ho bolokoa a le manyenyane e le hore a ka sebetsoa kamehla. ’Mapa eohle ea tšimo e nang le libaka tse joalo e lokela ho tšoauoa ka ho hlaka ho re karolo e tšoailoeng e reretsoe ho pakeloa ka thelefono.
6 U ka fumana linomoro tsa thelefono hokae? Ena e ka ’na ea e-ba phephetso. Liphutheho tse ling li bokella lethathamo la linomoro tsa thelefono li sebelisa buka ea lithelefono. Haeba mehaho e sirelelitsoeng ka thata e e-na le lethathamo la eona la lithelefono, mohlomong u ka fumana linomoro moo. Ho seng joalo, ho ka ’na ha e-ba bonolo ho kopitsa mabitso a baahi bukaneng ea moo ho fihlelang baeti ebe u a sheba bukeng e tloaelehileng ea lithelefono. Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa mekhoa efe ho fumana linomoro tsa lithelefono, etsa bonnete ba hore seo se molaong. Haeba u fumana nomoro ho moahelani kapa motho e mong, mohlomong ho tla hlokahala hore u be masene ho senola mohloli oa seo.
7 Baholo ba ka thahasella mosebetsi ona haholo ka ho lokisetsa hore ba nang le phihlelo ho pakeng ka thelefono ba koetlise ba bang, mohlomong ka lenaneo la Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang. Nako le nako, puo ea litlhoko tsa phutheho Sebokeng sa Tšebeletso e ka ’na ea sebelisetsoa ho eketsa katleho ea tšobotsi ena ea ho paka.
8 Ha baholo ba etsa maeto a bolisa ho ba holofetseng kapa ba kulang, ba ka ba hlokolosi hore ba khothalletse bana hore ba kopanele ho pakeng ka thelefono. Mohlomong moholo a ka letsetsa batho ba seng bakae ha mohoeletsi a ntse a shebeletse. Joale mohoeletsi a ka ’na a thabela monyetla oa ho letsetsa motho e mong. Ba bangata ba qalileng ka tsela ena ba qeta metsotso e seng mekae letsatsi le letsatsi mosebetsing ona, ’me ba hlile baa o rata.
9 Litlhahiso Tsa ho Atleha: Ha Jesu a ne a romela barutuoa ba hae ho ea bolela, o ile “a ba romela ka bobeli.” (Luka 10:1) Hobane’ng? O ne a tseba hore ka ho sebetsa hammoho ba ne ba tla ithuta e mong ho e mong le ho khothatsana. Ho joalo le tabeng ea ho paka ka thelefono. Ka ho sebetsa le le babeli, e mong a ka ithuta ho e mong, buisanang ka seo le se fumaneng, ebe le fana ka litlhahiso bakeng sa puisano e latelang. Esita le nakong ea puisano ea thelefono, le ka thusana ho fumana boitsebiso bo loketseng. Ho buelloa hore bahoeletsi ba sebetse ka bobeli ha ba paka ka thelefono joalokaha ho le joalo ka ho paka ho tloaelehileng ka ntlo le ntlo.
10 Hore u be le monahano o hlakileng le hore u tsebe ho tsepamisa mohopolo, lula moo u ka behang boitsebiso ba hao ba ho paka—Bibele, buka ea Ho Bea Mabaka, bukana ea Seo a se Hlokang, limakasine le tse ling—ka pel’a hao. Ngola linehelano tse ling, ’me u li behe moo u tla li bona. Itokisetse ho boloka litlaleho tse nepahetseng le tse feletseng, ho akarelletsa letsatsi le nako letsatsing leo e le hore u tle u tsebe hore na u tla latella thahasello eo e fumanoeng neng.
11 Hangata batho ba ba seli ha ba utloa lentsoe la motho eo ba sa mo tloaelang thelefonong. Kahoo e-ba mofuthu, u be le botsoalle hape u be bohlale. Ka molumo oa lentsoe la hao feela, mong’a ntlo a ka fumana hore na u motho oa mofuta ofe le hore na u tiile hakae. Phutholoha ’me u bue se tsoang pelong. Bua butle le ka ho hlaka le ka molumo o lekaneng oa lentsoe hore a u utloe. Neha mong’a ntlo monyetla oa ho bua. Bolela lebitso la hao ka botlalo, ’me u bolele hore u lula sebakeng seo. Ha re batle hore batho ba nahane hore re batla ’maraka ka thelefono. Ho e-na le ho bolela hore u letsetsa baahi bohle ba mohahong o itseng kapa mehahong e itseng, bua joalokaha eka u letselitse motho a le mong.
12 Linehelano Tsa Thelefono: Boholo ba likenyelletso tse leqepheng la 9-15 la buka ea Ho Bea Mabaka bo ka etsoa hore bo tšoanele ho paka ka thelefono. U ka ’na ua re: “Ke u letsetsa tjena hobane ke sa khone ho tla ho uena le ho tla u bona ka seqo. Morero oa ho u letsetsa ke ho utloa maikutlo a hao potsong e thahasellisang haholo.” Ebe u bolela potso.
13 Nehelano ea pele tlas’a sehlooho sa “Bokebekoa/Tšireletso” e ka sebelisoa ka tsela ena: “Lumelang. Lebitso la ka ke _____. Ke motho oa hona mona. Ke batla ho u tiisetsa hore ha ke rekise letho kapa ho etsa patlisiso ea ntho e itseng. Ke u letsetsa hobane ke amehile ka taba ea ho sireletseha ha motho ka mong. Re pota-potiloe ke bokebekoa bo bongata, ’me bo ama bophelo ba rōna. Na u nahana hore ho tla tla nako eo ka eona batho bohle ba tla ke ba tsamaee literateng bosiu ’me ba ikutloe ba sireletsehile? [Emela karabelo.] Ntumelle ke bale seo Molimo a se tšepisitseng.”
14 Ho sebelisa mokhoa o tobileng oa ho buella lithuto tsa Bibele ka thelefono ho bile le liphello tse molemo. Thuto e ka bontšoa ka metsotso e seng mekae. Kōpa motho eo hore u batla ho mo etela ha hae ho ea ntšetsa pele thuto, kapa haeba motho eo a le leqe, mo kōpe hore le tsoele pele ka thuto ka thelefono ka letsatsi le leng.
15 Ha le qetella moqoqo, hopola ho hong ho tla etsa hore u etele motho eo ha hae kapa ho mo romella sengoliloeng. Haeba motho a tsilatsila ho u fa aterese ea hae, bolela hore u tla founa hape. Ho ka ’na ha hlokahala hore u mo letsetse ka makhetlo a ’maloa pele a ikutloa a phutholohile ka ho lekaneng hore a ka u memela ha hae.
16 Matla a ho Ikhanna: Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 15 o ile a qala tšebeletso ea hae ea hoseng ka ho founa. O ile a buisana le mosali ea ileng a lumela ho amohela buka ea Tsebo. Ha morali’abo rōna a isa buka lapeng leo, mosali eo o ile a batla ho tseba hore na mocha eo o tsebile nomoro ea hae ea thelefono joang, kaha ha ho moo e ngotsoeng. Morali’abo rōna o ile a e letsetsa ka phoso! Mosali eo o ile a amohela thuto ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
17 Morali e mong oabo rōna o ile a amohela tšimo e pakeloang ka thelefono empa ha aa ka a e sebetsa ka libeke tse tharo ka lebaka la ho tšaba. Ke eng e ileng ea mo fa sebete sa hore a qale? O ile a hopola Tsoha! (ea Senyesemane) ea January 22, 1997, sehloohong se neng se re “Ha ke Fokola, ke Hona ha ke le Matla.” E ne e bua ka Paki e bolelang ka thelefono ho sa tsotellehe mefokolo ea eona ea nama. O itse: “Ke ile ka rapela Jehova ’me ka kōpa matla. Ke ile ka kōpa hore a mphe mantsoe a loketseng hore ke fane ka nehelano ea ka.” Litholoana tsa letsatsi la hae la pele la ho paka ka thelefono e bile life? Oa tlaleha: “Jehova o ile a arabela thapelo ea ka. Batho ba ile ba ’mamela, ’me ka lokisetsa leeto la ho boela.” Hamorao ho paka ha hae ka thelefono ho ile ha mo tsoalla thuto ea Bibele. O phetha ka ho re: “Jehova o boetse o nthutile ho mo tšepa, eseng ho itšepa.”—Liprov. 3:5.
18 Ho fana ka ’nete ho sebelisoa thelefono ho fetohile mokhoa o atlehileng oa ho bolela litaba tse molemo. Lokisetsa hantle, ’me u kopanele ka pelo eohle. U se ke ua nyahama ha batho ba sa arabele hantle makhetlong a seng makae a qalang. Rapella tataiso ea Jehova, ’me u bapise le lintlha tsa ba bang ba bolelang ka tsela ena e hlollang. Kaha ha re batle ho tlōla le ea mong tšimong ea rōna, e se eka re ka phethahatsa tšebeletso ea rōna ka ho potlaka.—Bar. 10:13, 14.